Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Batho ba ka Utloisisa Bibele?

Na Batho ba ka Utloisisa Bibele?

Na Batho ba ka Utloisisa Bibele?

“Sontaha se seng le se seng ho ne ho baloa Bibele lapeng. E ne e le buka eo ke sa thabeleng ho e bala hakaalo. Ke ne ke lumela hore Bibele ke Lentsoe la Molimo, empa ke ne ke sa utloisise boholo ba lintho tseo ke li balang.”—Steven oa Brithani.

“Ha ke le lilemo li 17, ke ile ka leka ho bala Bibele. Ke ne ke sa e utloisise, kahoo ke ile ka tlohela ho e bala.”—Valvanera oa Spain.

“Ho na le nako eo ka eona ke ileng ka bala Bibele hobane ke ne ke nka hore joaloka Mok’hatholike, ke lokela ho e bala. Ke ile ka e qeta ka mor’a lilemo tse tharo! Empa ke ne ke utloisisa lintho tse ’maloa haholo.”—Jo-Anne oa Australia.

BIBELE e sa ntse e le buka e baloang ke batho ba bangata ka ho fetisisa lefatšeng. E ntse e le eona buka e rekoang ka bongata ho feta buka leha e le efe e ’ngoe, ’me batho ba bangata ba na le eona, e ngotsoe ka lipuo tse fapa-fapaneng, ebile e fumaneha ka lintho tse kang li-CD le li-DVD. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba nang le Bibele ba nka hore ho thata ho e utloisisa. Na le uena u nahana joalo?

Na Molimo o Batla Hore re Utloisise Lentsoe la Hae?

Bibele e re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) Ka sebele Jehova Molimo ke eena Mongoli oa Bibele. Na o batla hore re utloisise Lentsoe la hae? Kapa na ebe o entse ka boomo hore ho be boima ho batho ba itseng ho utloisisa Bibele empa batho ba ’maloa ba kang baruti le litsebi tsa Bibele bona e ba nolofalle?

Ak’u nahane ka litemana tse latelang tsa Bibele:

“Taelo ena eo ke u laelang eona kajeno ha e thata haholo ho uena, leha e le hore e hōle haholo.”—Deuteronoma 30:11.

“Ho senoloa ha mantsoe a hao ho fana ka leseli, ho etsa hore ba se nang phihlelo ba utloisise.”—Pesaleme ea 119:130.

“Ka eona hora eo [Jesu] a nyakalla ka moea o halalelang ’me a re: ‘Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena oa leholimo le lefatše, hobane ka hloko u patetse ba bohlale le ba nang le kelello lintho tsena, ’me u li senoletse bana.’”—Luka 10:21.

Ka sebele, Mongoli oa Bibele o batla hore u utloisise Lentsoe la hae! Leha ho le joalo, ’nete ke hore batho ba bangata ba lipelo li ntle ba thatafalloa ho utloisisa buka ena. Ke eng e ka re thusang? Lihlooho tse latelang li fana ka litlhahiso tse tharo tse ka u thusang hore u utloisise Bibele.