Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ba Fumane Areka ea Noe?

Na ba Fumane Areka ea Noe?

Na ba Fumane Areka ea Noe?

HO BONAHALA khafetsa ho phatlalatsoa lipale tse ngata tsa ho batloa ha areka ea Noe. Hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha batho ba thahasella taba eo hakana. Ka sebele ho fumana sekepe seo sa setonanahali seo Noe le lelapa la hae ba ileng ba pholoha Moroallo ka sona ka 2370-2369 B.C.E., e ne e tla ba ntho e hlollang ho tse kileng tsa sibolloa ke baepolli ba lintho tsa khale. Le hoja ho ’nile ha lekoa ka makhetlo, le kajeno letšolo la ho batla areka ea Noe le ntse le tsoela pele. Ho sa tsotellehe lipale tse inahaneloang le tse etsang hore batho ba nkehe, ha e le hantle ke eng e tsejoang ka areka ea Noe?

Bibele e senola hore areka ea Noe e ile “ea lula lithabeng tsa Ararate.” (Genese 8:4) Tikolohong ea Ararate ho na le molollope o tummeng o bitsoang Thaba ea Ararate ka bochabela ho Turkey, haufi le moeli oa Armenia le Iran.

Batho ba ile ba bua lintho tse thahasellisang ka mor’a ho etela sebaka sena ka makhetlo a mangata ba batla areka ea Noe empa ha ho na bopaki bo totobetseng ba lintho tseo ba li buang. Litšoantšo tse nkiloeng sefofaneng, likotoana tse fumanoeng tsa mapolanka a tlotsitsoeng ka sekontiri le lintho tseo batho ba reng ba li bone, li entse hore batho ba batle bopaki ba sebele. Leha ho le joalo, letšolo la ho batla areka ha lea ba bonolo. Sebaka seo hangata ho nahanoang hore areka e ho sona se ka holim’a matsoapo moo Thaba ea Ararate e leng bophahamo ba limithara tse ka bang 4 600. Ho feta moo, ka lebaka la liqhoebeshano tsa lipolotiki tsa sebakeng sena, hase kamehla bafuputsi ba tsoang linaheng tse ling ba fuoang tumello ea ho ea thabeng eo.

Ho ntse ho le joalo, batho ba bangata ba chesehelang taba ea areka ba lakatsa eka ho ka etsoa liphuputso tse eketsehileng sebakeng seo. Ba lumela hore likarolo tse ling tsa areka li ntse li le teng Thabeng ea Ararate eo boholo ba selemo e pupelitsoeng ke lehloa. Ba nahana hore ke feela lilemong tsa ha ho chesa haholo hlabula moo batho ba ka ’nang ba bona areka kapa ba fihla ho eona.

Ho na le litlaleho tse ngata tse entseng hore batho ba be le tšepo e joalo. Rahistori oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo C.E., ea bitsoang Josephus, o ile a qotsa bo-rahistori ba ’maloa ba mehleng ea pele ba ileng ba re e ntse e bonahala tlhōrōng ea mokoloko oo oa lithaba tsa Ararate. Ho ne ho bile ho thoe batho ba ne ba inkela mapolanka a mang a tlotsitsoeng ka sekontiri molemong oa ho ikhopotsa. Har’a batho bao Josephus a ba qotsitseng e ne e le Berossus, rahistori oa Mobabylona oa lekholong la boraro la lilemo B.C.E.

Lekholong le fetileng la lilemo, e ’ngoe ea litlaleho tse thahasellisang ka ho fetisisa e bile ea monna oa Armenia ea bitsoang George Hagopian. O ile a bolela hore ha e sa le moshanyana, eena le malome oa hae ba ile ba ea arekeng mathoasong a lilemo tsa bo-1900 ’me o ile a hla a hloella ka holim’a eona. Hagopian o shoele ka 1972, empa bopaki boo a faneng ka bona bo sa ntse bo hlolla le ho khahla batho ba bangata kajeno.

Na ke Motheo oa Sebele oa Tumelo?

Na ehlile ho na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore bafuputsi ba fumane areka kapa ba tla ke ba e fumane? Mohlomong a teng, empa ho bonahala ho e-na le mabaka a mangata a utloahalang a ho belaella taba eo. Ntlha ea bohlokoa ke ho hopola hore Bibele ha e re bolelle ka ho toba hore na areka e ile ea lula hokae ha metsi a moroallo a kokobela. E re bolella feela hore e ile ea lula “lithabeng tsa Ararate.”

Ha ho makatse hore ebe bafuputsi le batho ba hakanyang ba ikhethetse thaba e phahameng ka ho fetisisa tikolohong ena. Leha ho le joalo, Mangolo ha a re Molimo o ile a etsa hore areka e lule tsullung ea Thaba ea Ararate, eo kajeno e leng sebaka se batang habohloko se bileng se ka bang lik’hilomithara tse hlano ka holim’a bophahamo ba leoatle. * Hopola hore Noe le lelapa la hae ba ile ba qeta likhoeli tse ’maloa ka arekeng ka mor’a hore e tsitse. (Genese 8:4, 5) Ebile ha ho bonahale eka ke ntho e ka etsahalang hore ebe ka mor’a ho tsoa ka arekeng, bona le liphoofolo tse ngata tse neng li le ka arekeng ba ile ba theoha matsatseng a thaba eo joalokaha eka ke litsebi tsa ho hloa lithaba. Ka hona, hore na bafuputsi ba mehleng ena ba nahana eng, e ka ’na eaba areka eona e ile ea lula sebakeng seo batho ba ka fihlang habonolo ho sona, le hoja se ne se phahame ka ho lekaneng hoo se lumellanang le tlhaloso ea Genese 8:4, 5. ’Me ho sa tsotellehe hore na areka e ile ea lula hokae tikolohong ea Ararate, na e ka be e sa senyeha lilemong tsee tse makholo-kholo ka lebaka la ho bola kapa ha batho ba ntse ba fihla ba inkela likarolo tsa eona?

Ho feta moo, ho na le ntho e ’ngoe e bakang lipelaelo ka lintho tseo bafuputsi ba eeng ba li bue ka hore na liphuputso tsa bona li ka tsoela bolumeli molemo hakae. Mohlophisi oa phuputso e ’ngoe o ile a bolela hore ho fumana areka “ho tla tiisa hore seo batho ba limilione ba se lumelang ke ’nete . . . ’me ba bangata ba tla ba le tumelo.” Sebokeng se seng sa bo-ralitaba se neng se tšoeroe ka 2004, o ile a re ho fumana areka e tla ba “ntho e khōlō ka ho fetisisa ka mor’a hore Kreste a tsohe.” Hamorao o ile a tlohela morero oo oa hae oa ho fuputsa ka areka.

Na ho fumana areka ea Noe ho tla hle ho tiise taba ea hore seo batho ba se lumelang ke ’nete esita le ho thusa ba bang hore ba be le tumelo? Bibele e bontša hore tumelo ea sebele ha ea itšetleha ka lintho tseo motho a ka li bonang kapa tseo a ka li tšoarang. (2 Bakorinthe 5:7) Batho ba bang ba na le lipelaelo hoo ba tsitlellang hore ke lintho tseo ba li bonang feela tse ka ba thusang hore ba lumele litlaleho tse itseng tsa Bibele. Leha ho le joalo, ’nete ke hore ho sa tsotellehe hore na ho ka fanoa ka bopaki bo hlakileng hakae, bo ke ke ba thusa batho ba mofuta oo hore ba be le tumelo. Jesu ka boeena o ile a re batho ba bang ba ke ke ba kholoa linnete tsa Bibele—esita le haeba ba ne ba ka bona motho a tsoha bafung!—Luka 16:31.

Ka lehlakoreng le leng, tumelo ea ’nete hase feela ho lumela ntle ho mabaka; empa e thehiloe bopaking bo matla. (Baheberu 11:1) Na ho na le bopaki bo matla bo ka thusang batho ba sa feteletseng lintho kajeno hore ba be le tumelo tlalehong ea Bibele ea Moroallo? Ka sebele, bo teng. Ka ho toba, Jesu Kreste o ile a re: “Noe [o ile] a kena ka arekeng, ’me moroallo [oa] fihla.” (Luka 17:26, 27) Bona ke bopaki bo matla ka ho fetisisa. Hobane’ng?

Jesu o ne a le leholimong pele a tla lefatšeng. (Johanne 8:58) O ile a shebella ha ho hahuoa areka; a ba a bona Moroallo. Joale, ke bopaki bofe bo utloahalang haholo? Na ke bopaki ba Ea boneng ha seo se etsahala, ea ileng a bontša ka hohle-hohle hore oa tšepahala a ba a fana ka bopaki ba hore ke eena Mora oa Molimo? Kapa na ke bopaki ba likotoana tsa lepolanka tsa boholo-holo tseo bafuputsi ba ka ’nang ba se ke ba li fumana tlhōrōng ea thaba e lulang e kupelitsoe ke lehloa? Ha ho nahanoa ka mabaka ana, ho se ho ntse ho e-na le bopaki bo bongata ba hore areka ea Noe e ile ea e-ba teng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 Thaba eo kajeno e tsejoang e le Thaba ea Ararate e ne e foqoha seretse se chesang, le hoja e ’nile ea khaotsa ho tloha ka 1840. E phahame ka limithara tse 5 165 ’me e lula e koahetsoe ke lehloa selemo ho pota.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

Na ho na le bopaki bo matla bo ka tiisang hore tlaleho ea Bibele ka Moroallo ke ’nete?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

Ka ho toba, Jesu Kreste o ile a re: “Noe [o ile] a kena ka arekeng, ’me moroallo [oa] fihla”