Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Malumeli ’Ohle a Nepahetse?

Na Malumeli ’Ohle a Nepahetse?

RE PHELA lefatšeng le nang le malumeli a mefuta-futa. Haufinyane tjena phuputsong e ’ngoe ho fumanoe hore ho na le malumeli a 19 a maholo le a ka bang 10 000 a manyenyane lefatšeng ka bophara. Sena se etsa hore ho be le malumeli a mangata ho feta neng kapa neng ao motho a ka khethang ho ’ona. Ka hona na ke taba ea bohlokoa hore na motho o khetha bolumeli bofe?

Batho ba bang ba re malumeli a fapa-fapaneng a tšoana le litsela tse sa tšoaneng tse lebang thabeng. Ba nka hore hase taba ea bohlokoa hore na motho o khetha tsela ea mofuta ofe, hobane litsela tseo kaofela li isa motho sebakeng se le seng. Ba bolela hore ho na le Molimo a le mong feela ea Matla ’Ohle, kahoo ha e le hantle e tlameha ebe malumeli ’ohle a isa batho ho eena.

Na Malumeli ’Ohle ke Litsela Tse Lebang ho Molimo?

Jesu Kreste, e leng e mong oa mesuoe ea bolumeli e hlomphuoang ka ho fetisisa historing, o ile a re’ng tabeng ee? O ile a re ho barutuoa ba hae: “Kenang ka khoro e patisaneng.” Hobane’ng? “Hobane khoro e isang timelong e hèbèhèbè, le tsela e eang teng e sephara, ’me ba kenang ka eona ba bangata, empa khoro e isang bophelong e patisane, le tsela e eang teng e boima, ’me ba e fumaneng ha ba bakae.”—Matheu 7:13, 14, Bibele—Phetolelo e Ncha.

Na kannete Jesu o ne a bolela hore ho na le malumeli a “isang timelong”? Kapa na o ne a bolela hore batho bao e seng balumeli ke bona ba tseleng e sephara, ha ba lumelang ho Molimo—ho sa tsotellehe hore na bolumeli ba bona ke bofe—ba le tseleng e patisaneng e isang bophelong?

Hang ka mor’a ho bolela hore ho na le litsela tse peli feela, Jesu o ile a re: “Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lōna ba ikhakantse eka ke linku, empa ka hare e le liphiri tse harolakang.” (Matheu 7:15, BPN) Hamorao o ile a re: “Hase bohle ba reng ho ’na: Morena! Morena! ba tlang ho kena ’musong oa maholimo; empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.” (Matheu 7:21, Bibele ea Sesotho) Haeba ho thoe motho ke moprofeta, kapa a bolela hore Jesu ke “Morena” oa hae, hoa utloahala hore motho eo o nkoa e le molumeli. Kahoo, ho hlakile hore Jesu o ne a lemosa hore hase malumeli ’ohle a nepahetseng le hore hase mesuoe eohle ea bolumeli e ka tšeptjoang.

Na ho Bonolo ho Khetholla Tsela e Patisaneng?

Kaha hase litsela tsohle tse lebang ho Molimo, na u ka fumana tsela e patisaneng e isang bophelong har’a tse likete-kete tse teng? E le ho etsa mohlala, nahana u lahlehile toropong e khōlō. Joale u etsa qeto ea ho kōpa thuso. Motho e mong o u bolella a kholisehile hore u lebe bochabela. E mong eena o u khothalletsa hore u lebe bophirimela. Ebe e mong eena o etsa tlhahiso ea hore u khethe tsela leha e le efe eo u nahanang hore ke eona. Qetellong motho e mong o ntša ’mapa oo u ka u tšepang ’me o u bontša tsela e nepahetseng. Ebe ha a qeta o u neha ’mapa oo e le hore u ka ichebela oona ha u ntse u tsamaea. Na u ne u ke ke ua kholiseha hore u tla fihla moo u eang?

Ho joalo le tabeng ea ho khetha bolumeli bo lokileng, re hloka tataiso e tšepahalang e joaloka ’mapa. Na e teng? E, e teng. ’Mapa oo ke Bibele, e reng: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka.”—2 Timothea 3:16, Bibele ea Sesotho.

Mohlomong ka puo ea heno ho na le Bibele eo u ka e sebelisang joaloka ’mapa o u isang bolumeling bo nepahetseng. Bahatisi ba makasine ena, e leng Lipaki Tsa Jehova, ba hatisa phetolelo ea Bibele e ka tšeptjoang e tsejoang e le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. Leha ho le joalo, haeba u se e mong oa Lipaki Tsa Jehova, u ka ’na ua rata ho sebelisa Libibele tse ling ha u hlahloba taba ea bolumeli bo nepahetseng le bo fosahetseng. Kahoo, letotong lena la lihlooho, ho qotsitsoe Libibele tse hlomphuoang haholo ke malumeli a mang. “Sefate ka seng se monate se beha litholoana tse monate; le sefate ka seng se sebe se beha litholoana tse mpe. Sefate se monate se ka sitoa ho beha litholoana tse mpe, ’me sefate se sebe se ka sitoa ho beha litholoana tse monate.” (Matheu 7:17, 18, Bibele ea Sesotho) Ak’u nahane ka litholoana tse tharo feela tse monate tseo Bibele e reng li lokela ho thusa motho ho khetholla “sefate se monate.”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

Bibele e tšoana le ’mapa o ka tšeptjoang o ka thusang motho hore a fumane bolumeli bo nepahetseng