Adama le Eva—Na Ruri ba Kile ba Phela?
Adama le Eva—Na Ruri ba Kile ba Phela?
BATHO ba bangata ba nahana hore tlaleho e ho Genese e mabapi le Adama le Eva, e mpa e le pale feela e monate. Lengolo le leng le eang ho mohlophisi oa makasine ea Time, le re: “Ka nako e telele, batho ba malumeli a tloaelehileng a Bokreste ba ’nile ba nka hore tlaleho e ho Genese e kang ea Adama le Eva ke pale e tšoantšetsang ho itseng.” Mak’hatholike a mangata, Maprostanta hammoho le litsebi tsa Bajuda le bona ba lumellana le seo. Ba re litlaleho tse ngata tse ho Genese ha li lumellane le histori kapa saense.
Uena u nahana joang? Na u lumela hore Adama le Eva ba kile ba phela? Na ho na le bopaki bo bontšang hore kannete ba kile ba phela? Ka lehlakoreng le leng, haeba ho nkoa hore tlaleho e ho Genese ke tšōmo feela, ke maikutlo afe ao ho fanoang ka ’ona?
Na Tlaleho ea Genese e Lumellana le Saense?
A re qaleng ka ho hlahloba lintlha tse ka sehloohong tlalehong ea ha ho ne ho bōptjoa motho oa pele. Mabapi le Adama, Bibele e re: “Jehova Molimo a etsa motho ka lerōle la lefatše ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea e-ba moea o phelang.” (Genese 2:7) Na polelo ee e lumellana le saense?
Buka e bitsoang Nanomedicine e bontša hore ’mele oa motho o entsoe ka metsoako e 41. Metsoako ena e tloaelehileng—e leng k’habone, tšepe, oksijene le metsoako e meng—e fumaneha “lerōleng” la lefatše. Ka hona, joalokaha Genese e bolela, ka sebele batho ba entsoe ka “lerōle la lefatše.”
Ho tlile joang hore metsoako ee e sa pheleng e kopane ’me e etse motho ea phelang? Ho bontša hore na ke ntho e thata hakae, nahana ka setsoibileloa-sepakapakeng sa NASA, e leng o mong oa mechine e rarahaneng ka ho fetisisa e kileng ea etsoa. Mochine ona o tsoetseng pele * Joale ho tlile joang hore sebōpuoa see se rarahaneng ka tsela e hlollang, se bileng se bōpehileng ka tsela e babatsehang hakaale se be teng? Na se bile teng ka mohlolo kapa ho na le ea bohlale ea se entseng?
haholo o entsoe ka likarolo tse limilione tse 2,5. Lihlopha tsa lienjiniere li nkile lilemo tse ngata li rala le ho kopanya mochine ona. Joale nahana ka ’mele oa motho. O bōpiloe ka liathomo tse li-quadrillion tse 7 000, lisele tse libilione tse 100, likarolo tse ngata-ngata hammoho le litho tse phethang mesebetsi e 9 e ka sehloohong.Ho feta moo, ke eng e etsang hore batho ba phele? Mohloli oa bophelo ke ofe? Bo-rasaense baa lumela hore ha ba tsebe. Ha e le hantle, ba sitoa le ho lumellana hore na ba ka hlalosa bophelo joang ka tsela e utloahalang. Ho batho ba lumelang hore ho na le ’Mōpi, taba ena e hlakile. Molimo ke eena Mohloli oa bophelo. *
Ho thoe’ng ka tlhaloso e hlahang ho Genese e reng Eva o entsoe ka khopo ea Adama? (Genese 2:21-23) Pele u ka nka hore taba ena ke tšōmo kapa pale feela e iqapetsoeng, nahana ka taba ena: Ka January 2008, bo-rasaense ba California, U.S.A., ba ile ba khona ho hlahisa lesea la pele lefatšeng, le tšoanang hantle le lesea le ntseng le hōla ka pōpelong ea ’m’a lona, ba sebelisa lisele tsa letlalo la motho e moholo. Ha e le hantle, bo-rasaense ba sebelisitse mekhoa e tšoanang ho hlahisa liphoofolo tse ka bang 20. Phoofolo e tummeng ka ho fetisisa ho tsena ke Dolly, e leng nku e ileng ea etsoa ka 1996 ho sebelisoa litšoelesa tse hlahisang lebese tsa nku e hōlileng. *
Hore na lintho tsee tseo ba ntseng ba li etsa li tla fella hokae, ha re tsebe. Empa ntlha ke ena: Haeba batho ba khona ho sebelisa karolo e itseng ea ntho e phelang hore ba hlahise e ’ngoe e tšoanang le eona, na joale ’Mōpi ea matla ’ohle eena o ne a ka hlōleha ho etsa motho ka karolo e itseng ea motho e mong? Ntho e ’ngoe e thahasellisang ke hore hangata lingaka tse buoang li sebelisa lesapo la likhopo ha li lokisa litho tse senyehileng, kaha likhopo li khona ho hlomela hape.
Bopaki Boo Bibele e Fanang ka Bona
Batho ba bangata baa makala ha ba hlokomela hore ho buuoa ka Adama le Eva ka makhetlo a mangata ka Bibeleng. Makhetlo aa a tiisa joang hore tlaleho ea Genese ka histori ea batho e nepahetse?
Pele ea Likronike, khaolo ea 1 ho ea ho ea 9, le e Kosepeleng ea Luka, khaolo 3 e thathamisang leloko la Bajuda. Litlaleho tsena li thathamisitse ka ho hlaka maloko a 48 le a 75 ka ho latellana ha ’ona. Buka ea Luka e lokolisa leloko labo Jesu Kreste, ha Likronike e tlaleha ka leloko la borena le la baprista la sechaba sa Iseraele. Mathathamo ao ka bobeli a na le mabitso a batho ba tsebahalang joaloka Solomone, Davida, Jakobo, Isaka, Abrahama, Noe, hammoho le Adama. Mabitso a mathathamong ana ka bobeli a hlahisitse batho ba kileng ba phela, ’me ho ’ona ka bobeli Adama ke eena oa pele.
Ka mohlala, nahana ka tlaleho ea Bibele e bukeng eaHo phaella moo, Bibele e bua hangata ka Adama le Eva e le batho ba kileng ba phela, eseng e le batho ba tšōmong. Mehlala e meng ke ena:
• “[Molimo] o entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho.”—LIKETSO 17:26.
• “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo . . . lefu le ile la busa e le morena ho tloha ho Adama ho fihlela ho Moshe.”—BAROMA 5:12, 14.
• “Motho oa pele Adama e ile ea e-ba moea o phelang.”—1 BAKORINTHE 15:45.
• “Adama o ile a bōptjoa pele, ha ntan’o bōptjoa Eva.”—1 TIMOTHEA 2:13.
• “Oa bosupa ka tlhahlamano ho tloha ho Adama, Enoke, o ile a profeta le ka [ba khopo].”—JUDA 14.
Ntlha ea bohlokoa le ho feta ke hore Jesu Kreste, e leng paki e tšeptjoang ka ho fetisisa e hlahang ka Bibeleng, o ile a lumela hore Adama le Eva ba kile ba phela. Ha Jesu a ne a botsoa mabapi le tlhalo ka morero oa ho mo leka, o ile a araba a re: “Tšimolohong ea pōpo ‘[Molimo] o ba entse e le e motona le e motšehali. Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe’ . . . Ka hona seo Molimo a se kopantseng hammoho ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.” (Mareka 10:6-9) Na Jesu o ne a ka sebelisa tšōmo e le hore a tšehetse molao o thehiloeng bakeng sa tlamo ea lenyalo? Che! Jesu o ile a qotsa Genese hobane a tseba hore ke ’nete.
Ha buka ea The New Bible Dictionary e akaretsa bopaki bo ka Mangolong, e re: “Testamente e Ncha e tiisa hore liketsahalo tsa histori tse hlahang likhaolong tse qalang tsa Genese ke ’nete.”
Mathata a ho se Lumele Tlaleho ea Adama le Eva
Batho ba bangata ba khothalletseng ho ea kerekeng ba nahana hore ha ho hlokahale hakaalo hore motho a lumele tlalehong ea Adama le Eva e le hore e be Mokreste ea tšepahalang. Sena se ka utloahala eka ke ’nete ha motho a sa se hlahlobisise hantle. Empa a re ke re hlahlobe taba ena hantle re utloe hore na e re lebisa hokae.
Ka mohlala, nahana ka thuto ea Bibele eo batho ba bangata ba kenang kereke ba e nkang e le ea bohlokoa—e leng sehlabelo sa thekollo. Ho latela thuto ena, Jesu Kreste o ile a fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le thekollo e le hore a pholose batho libeng tsa bona. (Matheu 20:28; Johanne 3:16) Joalokaha re tseba, thekollo ke ho fana ka tefo e lekanang le ea ntho e u lahlehetseng kapa eo u neng u se u e tetse, e le ho e lokolla kapa ho e reka hape. Ke kahoo Bibele e hlalosang Jesu e le “thekollo e lekanang.” (1 Timothea 2:6) Re ka ’na ra ipotsa, ke thekollo e lekanang le eng? Bibele ea araba: “Feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape bohle ba tla phelisoa ka Kreste.” (1 Bakorinthe 15:22) Bophelo bo phethahetseng boo Jesu a ileng a fana ka bona e le ho rekolla moloko oa batho ba tšepahalang bo lekana le bo phethahetseng boo Adama a ileng a bo lahla ka lebaka la sebe seo a ileng a se etsa Edene. (Baroma 5:12) Ho hlakile hore haeba Adama ha aa ka a phela, seo se ne se tla bolela hore ho hang sehlabelo sa Kreste sa thekollo ha se na molemo.
Ho qhelela ka thōko kapa ho iphapanyetsa tlaleho e ho Genese ka Adama le Eva ho hlahisa mathata a mang kaha hoo ho hanyetsa hoo e ka bang thuto e ’ngoe le e ’ngoe ea bohlokoa ea Bibele! * Ho nahana ka tsela ena ho hlahisa lipotso tse ngata tse ke keng tsa arajoa ’me ho etsa hore re be le tumelo e se nang moo e thehiloeng teng.—Baheberu 11:1.
Na Bophelo bo na le Morero?
Qetellong, re ka ipotsa potso ena ea bohlokoa: Na ho se lumele tlaleho ea Genese ho khotsofatsa takatso ea motho ea ho tseba hore na morero oa bophelo ke ofe? Ho ea ka Richard Dawkins, ea hlaheletseng haholo ho ba lumelang thuto ea ho iphetola ha lintho le hore Molimo ha a eo, lintho tsohle tse leholimong le lefatšeng “ha li na moetsi, ha lia etsoa ka morero o itseng, ha ho se nepahetseng le se fosahetseng, tsohle li bile teng feela tjee ka tšohanyetso.” Ka sebele ke maikutlo a nyahamisang hakaakang, a fapaneng hōle le tsela eo ka tlhaho batho ba nahanang ka eona!
Ho fapana le hoo, Bibele eona e fana ka likarabo tse khotsofatsang lipotsong tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong, tse kang: Re qalile hokae? Morero oa bophelo ke ofe? Ke hobane’ng ha ho e-na le bokhopo le mahlomola a makaale lefatšeng? Na bokhopo bo tla ke bo fele?, le tse ling tse ngata. Ho phaella moo, tumelo sehlabelong sa thekollo sa Kreste e etsa hore re be le tšepo ea bophelo bo sa feleng Paradeiseng, joalokaha ho ne ho le joalo Edene, e leng moo Molimo a ileng a beha batho ba pele, Adama le Eva. (Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:3-5) Ka sebele ena ke tšepo e thabisang! *
Le hoja tlaleho ea Adama le Eva e sa lumellane le khopolo ea ho iphetola ha lintho, e lumellana le saense. Ho feta moo, e lumellana ka ho feletseng le Bibele eohle, e leng Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, le hlalosang ka tsela e khotsofatsang hore na morero oa bophelo ke ofe.
Kahoo, ke hobane’ng ha u sa tsoele pele ho hlahloba Bibele ka bouena? Lipaki Tsa Jehova li ikemiselitse ebile li rata ho u thusa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 7 Mokhoeng oa ho bala oa Afrika Boroa, lipalo tsena ke 7 e lateloang ke linoto tse 27 le 100 e lateloang ke linoto tse 12.
^ ser. 8 E le ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba buka ea Is There a Creator Who Cares About You? le ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? tseo ka bobeli li hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
^ ser. 9 Ho hlakile hore bo-rasaense bana ha ba qale bophelo fatše. Ho e-na le hoo, ba sebelisa lisele tsa lintho tse seng li ntse li phela.
^ ser. 25 Lithuto tsena li akarelletsa bobusi ba Molimo, botšepehi ba batho, se nepahetseng le se fosahetseng, taba ea boikhethelo, boemo ba bafu, lenyalo, Mesia ea tšepisitsoeng, lefatše la paradeise, ’Muso oa Molimo, le tse ling tse ngata.
^ ser. 28 E le ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba buka e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova ea, Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, khaolong ea 3, sehloohong se reng, “Morero oa Molimo ke Ofe ka Lefatše?,” le khaolo ea 5, sehloohong se reng, “Thekollo ke Mpho ea Molimo e Khōlō ka ho Fetisisa.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]
Ho hlakile hore haeba Adama ha aa ka a phela, seo se ne se tla bolela hore ho hang sehlabelo sa Kreste sa thekollo ha se na molemo
[Litšoantšo tse leqepheng la 12, 13]
Joalokaha setsoibileloa-sepakapakeng se entsoe ka hloko, ho joalo le ka ’mele oa motho
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Jesu o ile a lumela hore Adama le Eva ke batho ba kileng ba phela