Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Babali ba Batla ho Tseba

Jesu le Ntate oa Hae ba Bang ka Kutloisiso Efe?

Jesu le Ntate oa Hae ba Bang ka Kutloisiso Efe?

Jesu o ile a re: “’Na le Ntate re bang.” (Johanne 10:30) Batho ba bang ba qotsa temana ena e le bopaki ba hore Jesu le Ntate oa hae ke karolo ea Boraro-bo-bong. Na ke sona seo Jesu a neng a se bolela?

A re ke re hlahlobe litemana tse potolohileng ena. Temaneng ea 25, Jesu o ile a re o entse mesebetsi ka lebitso la Ntate oa hae. Ho tloha temaneng ea 27 ho ea ho ea 29, o ile a bua ka linku tsa tšoantšetso, tseo Ntate oa hae a mo fileng tsona. Bamameli ba hae ba ka be ba sa ka ba utloisisa lipolelo tseo ka bobeli haeba eena le Ntate oa hae e ne e le motho a le mong. Ho e-na le hoo, ha e le hantle Jesu o ne a re, ‘’Na le Ntate re momahane hoo ho seng motho ea ka ntsekisang linku, feela joalokaha ho se motho ea ka li tsekisang Ntate.’ Sena se tšoana le ha mora a ka re ho sera sa ntate oa hae, ‘Ha u loantša Ntate ho tšoana le ha u ntoantša.’ Ha ho motho ea neng a ka nahana hore mora enoa le ntate oa hae ke motho a le mong. Empa bohle ba ne ba tla hlokomela hore ho na le maqhama a matla pakeng tsa bona.

Jesu le Ntate oa hae, Jehova Molimo, le bona ba “bang” ka kutloisiso ea hore ba lumellana ka ho feletseng mererong ea bona le melaong ea boitšoaro. Ho fapana le Satane Diabolose hammoho le batho ba pele, e leng Adama le Eva, Jesu eena ha ho mohla a kileng a ikhula ho Molimo ’me a batla ho itaola. Jesu o ile a re: “Mora a ke ke a etsa ntho le e ’ngoe e le ho itsoelang ho eena, haese feela seo a bonang Ntate a se etsa. Etsoe lintho life kapa life tseo A li etsang, Mora le eena o etsa lintho tsena ka mokhoa o tšoanang.”—Johanne 5:19; 14:10; 17:8.

Leha ho le joalo, maqhama ana a matla a teng pakeng tsa Molimo le Mora oa hae ha a bolele hore Jesu le Molimo ke motho a le mong. Ke batho ba babeli ba fapaneng. E mong le e mong o na le botho ba hae bo ikhethang. Jesu o na le tsela eo a ikutloang ka eona, eo a nahanang ka eona, lintho tse mo hlahetseng le bolokolohi ba ho ikhethela. Leha ho le joalo, o ile a khetha ho ikokobelletsa ho etsa thato ea Ntate oa hae. Ho latela Luka 22:42, Jesu o ile a re: “Ho ke ho etsahale thato ea hao, eseng ea ka.” Mantsoe ana a ne a tla be a sa utloahale haeba ho ne ho se moo thato ea hae e ka fapanang teng le ea Ntate oa hae. Haeba Jesu le Ntate oa hae e ne e hlile e le motho a le mong, joale ke hobane’ng ha Jesu a ile a rapela Molimo ’me ka boikokobetso a lumela hore ho na le lintho tse ling tseo a sa li tsebeng tse tsejoang ke Ntate oa hae feela?—Matheu 24:36.

Litho tsa malumeli a mangata li rapela melimo eo ho thoeng ha e utloane le ba malapa a eona ebile e loantšana le bona. Ka mohlala, tšōmong e ’ngoe ea Bagerike, ho boleloa hore molingoana Cronus o ile a ja bana ba hae a ba a ketola ntate oa hae Uranus. See se fapane hakaakang le bonngoe bo thehiloeng leratong la ’nete bo teng pakeng tsa Jehova Molimo le Mora oa hae Jesu! Ka sebele bonngoe bona ba bona bo etsa hore re ba rate haholo! Ha e le hantle, re na le tokelo e babatsehang ho feta tsohle, ea ho ba bonngoeng le Batho bana ba phahameng ka ho fetisisa leholimong le lefatšeng. Ha a rapella balateli ba hae, Jesu o ile a re: “Ke etsa kōpo . . . e le hore kaofela ba ka ba bang, feela joalokaha uena, Ntate, u le bonngoeng le ’na ’me ’na ke le bonngoeng le uena, e le hore le bona ba ka ba bonngoeng le rōna.”—Johanne 17:20, 21.

Kahoo, ha Jesu a ne a re, “’Na le Ntate re bang,” o ne a buoa ka bonngoe bo babatsehang boo a nang le bona le Ntate oa hae—e leng maqhama a matla ka ho fetisisa a ka bang teng pakeng tsa batho ba babeli—o ne a sa bue ka Boraro-bo-bong bo ke keng ba utloisisoa.