Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Maruo ao Molimo a Fanang ka ’Ona

Maruo ao Molimo a Fanang ka ’Ona

Maruo ao Molimo a Fanang ka ’Ona

HAEBA u tšepahala ho Molimo, na o tla u hlohonolofatsa ka maruo? A ka ’na a u hlohonolofatsa, empa eseng ka maruo ao u a lebeletseng. Nahana ka Maria, ’mè oa Jesu. Lengeloi Gabriele le ile la itlhahisa ho eena eaba le re ke ea “hauhetsoeng haholo” ke Molimo ’me o tla tsoala Mora oa Molimo. (Luka 1:28, 30-32) Empa e ne e se morui. Ha Maria a etsa sehlabelo ka mor’a hore Jesu a hlahe, o ile a hlahisa “maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli,” e leng sehlabelo seo ka tloaelo batho ba futsanehileng ba neng ba se fa Jehova.—Luka 2:24; Levitike 12:8.

Na taba ea hore Maria o ne a futsanehile e ne e bolela hore Molimo o ne a sa mo hlohonolofatse? Ha ho joalo, hobane ha a ne a etetse Elizabetha, mong ka eena, “Elizabetha [o ile] a tlala moea o halalelang, ’me a hoeletsa ka lentsoe le phahameng a re: ‘Ho hlohonolofetse uena [Maria] har’a basali, ’me ho hlohonolofetse tholoana ea pōpelo ea hao!’” (Luka 1:41, 42) Maria o ne a fuoe tlotla ea ho ba ’mè oa Mora ea ratoang oa Molimo mona lefatšeng.

Jesu ka boeena e ne e se morui. Jesu o ne a tsoaletsoe lelapeng le futsanehileng ’me o ile a lula e le mofutsana bophelo bohle ba hae ha a le lefatšeng. Ka lekhetlo le leng o ile a bolella monna e mong ea neng a batla ho ba morutuoa oa hae hore: “Liphokojoe li na le maphao le linonyana tsa leholimo li na le lihlaha, empa Mor’a motho ha a na moo a ka behang hlooho ea hae teng.” (Luka 9:57, 58) Ho sa tsotellehe seo, ho tla ha Jesu Kreste lefatšeng ho ile ha etsa hore barutuoa ba hae ba be le maruo ao e leng a bohlokoa haholo. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “E ile ea e-ba mofutsana ka lebaka la lōna, e le hore le ka rua ka bofutsana ba hae.” (2 Bakorinthe 8:9) Jesu o ile a fa barutuoa ba hae maruo a mofuta ofe? Hona mehleng ee re fuoa maruo a mofuta ofe?

Ke Maruo a Mofuta Ofe?

Hangata maruo a sitisa motho hore a be le tumelo, kaha motho ea ruileng a ka tšepa maruo a hae ho e-na le ho tšepa Molimo. Jesu o ile a re: “E tla ba ntho e thata hakaakang bakeng sa ba nang le chelete ho kena ’musong oa Molimo!” (Mareka 10:23) Ka hona, ho hlakile hore maruo ao Jesu a ileng a a fa balateli ba hae e ne e se a lichelete.

Ha e le hantle, Bakreste ba bangata ba lekholong la pele la lilemo e ne e le mafutsana. Ha monna ea neng a tsoetsoe a holofetse a kōpa Petrose chelete, o ile a mo araba: “Ha ke na silevera le khauta, empa ke u fa seo ke nang le sona: Ka lebitso la Jesu Kreste Monazaretha, tsamaea!”—Liketso 3:6.

Mantsoe a morutuoa Jakobo le ’ona a bontša hore ha e le hantle phutheho ea Bokreste e ne e thehiloe ka batho ba futsanehileng. Ha a ngola, o ile a re: “Barab’eso ba ratoang, mamelang. Molimo o khethile mafutsana mabapi le lefatše hore e be a ruileng tumelong le majalefa a ’muso, oo a o tšepisitseng ba mo ratang, na ha ho joalo?” (Jakobo 2:5) Ho feta moo, moapostola Pauluse le eena o ile a bolela hore hase ba bangata “ba bohlale ka tsela ea nama” kapa “ba matla” kapa “ba tsoalo ea borena” ba neng ba bitselitsoe hore e be karolo ea phutheho ea Bokreste.—1 Bakorinthe 1:26.

Haeba maruo ao Jesu a ileng a a fa balateli ba hae e ne e se a lichelete, joale o ile a ba fa maruo a mofuta ofe? Lengolong leo Jesu a ileng a le romella phutheho ea Smyrna, o ile a re: “Ke tseba matšoenyeho le bofutsana ba hao—empa u ruile.” (Tšenolo 2:8, 9) Le hoja Bakreste ba Smyrna ba ne ba futsanehile, ba ne ba e-na le maruo a bohlokoa ho feta silevera kapa khauta. Ba ne ba ruile ka lebaka la tumelo ea bona le botšepehi ba bona ho Molimo. Tumelo ke ea bohlokoa hobane “hase batho bohle ba nang le tumelo.” (2 Bathesalonika 3:2) Ha e le hantle Molimo o nka batho ba se nang tumelo e le mafutsana.—Tšenolo 3:17, 18.

Maruo a Hlahisoang ke ho ba le Tumelo

Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha tumelo e le ea bohlokoa? Ba nang le tumelo ho Molimo ba rua molemo ka “maruo a mosa le mamello le tiisetso ea hae.” (Baroma 2:4) Ba boetse ba fumana “tšoarelo ea litšito tsa [bona]” ka lebaka la ho ba le tumelo sehlabelong sa thekollo sa Jesu. (Baefese 1:7) Ho feta moo, ba na le bohlale boo “lentsoe la Kreste” le bo fang ba nang le tumelo. (Bakolose 3:16) Ha ba rapela Molimo ba e-na le tumelo, lipelo tsa bona le likelello tsa bona li lebeloa ke “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle” ’me seo se etsa hore ba khotsofale ba be ba thabe.—Bafilipi 4:7.

Ka holim’a tsena tsohle, ba behang tumelo ho Molimo ka Mora oa hae, Jesu Kreste, ba na le tšepo e thabisang ea ho phela ka ho sa feleng. Mantsoe ana a Jesu Kreste a tsebahala haholo: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Tšepo eo e ba matla ha motho a fumana tsebo e nepahetseng ka Ntate le Mora, kaha Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.

Le hoja ha e le hantle Molimo a hlohonolofatsa batho moeeng, o boetse o ba hlokomela maikutlong le ’meleng. Ka mohlala, nahana ka Dalídio oa Brazil. Pele a tseba ka seo Molimo a rerileng ho se etsa, o ne a ipolaisa joala. Sena se ne se baka mathata a maholo lapeng la hae. Ho feta moo, o ne a hula ka thata licheleteng. Joale o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova eaba o etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba hae.

Lintho tse ncha tseo Dalídio a ithutileng tsona li ile tsa etsa hore a tlohele mekhoa ea hae e neng e le kotsi. O ile a hatela pele hantle thutong ea Bibele eo a neng a se a e fumane hoo a ileng a re, “Pele ke ne ke tloaetse ho kena bara le bara, empa hona joale ke se ke kena ntlo le ntlo.” O ne a se a qeta boholo ba nako ea hae e le ’moleli oa Lentsoe la Molimo. Ka lebaka la phetoho ena, bophelo ba hae ba ’mele bo ile ba qala ho ntlafala hammoho le maemo a hae a lichelete. Dalídio o ile a re, “Chelete eo ke neng ke reka joala ka eona, joale ke se ke e sebelisa ho thusa ba hlokang kapa ho ithekela lintho tseo ke li hlokang.” O se a bile a e-na le metsoalle e mengata ea sebele ea batho ba ratang Molimo joaloka eena. Joale Dalídio o ikutloa a imolohile maikutlong a bile a khotsofetse ho feta ka tsela eo a neng a ka ikutloa ka eona pele a tseba Molimo.

Mohlala o mong oa motho eo bophelo ba hae bo ileng ba ntlafala ka lebaka la ho ba le tumelo ho Jehova Molimo, ke oa Renato. Kajeno ha u bona sefahleho sa hae se khanyang khotso, u ke ke ua lumela hore o kile a hlaheloa ke ntho e bohloko haholo bophelong. ’Mè oa hae o ile a mo lahla ha a qeta ho hlaha. O ile a siuoa ka tlas’a benche a tšetsoe ka mokotleng, a e-na le mengoapo e mebe le matetetso, a bile a ntse a e-na le lelana la mokhubu. Basali ba babeli ba neng ba feta ka tsela ba ile ba bona mokotla oo o ka tlas’a benche o ntse o sisinyeha. Pele ba ne ba nahana hore ho na le motho ea siileng lelinyane la katse ka moo. Ha ba hlokomela hore ke lesea le sa tsoa hlaha ba ile ba le potlakisetsa sepetleleng se haufi.

E mong oa basali bao e ne e le Paki ea Jehova ’me o ile a bolella Rita, eo le eena e leng Paki, ka ngoana eo. Ka makhetlo Rita o ile a ba le bana ba hlahang ba khathetse, ’me o ne a e-na le morali a le mong feela. O ne a batla mora ka pelo ea hae eohle, kahoo a etsa qeto ea ho inkela Renato.

Rita o ile a bolella Renato a sa le monyenyane hore hase ’mè oa hae hantle. Leha ho le joalo, o ile a mo hōlisa ka lerato lohle a ba a etsa sohle se matleng a hae ho mo ruta melao ea Bibele. Ha a hōla o ile a bontša hore o rata Bibele. O ile a ananela le ho feta ha a nahana tsela eo a pholositsoeng ka eona ka mohlolo. Ka linako tsohle ha a bala mantsoe ana a mopesaleme Davida, o seka meokho: “Haeba Ntate le ’Mè ba ne ba ka ntlohela, Jehova o ne a tla nthola.”—Pesaleme ea 27:10.

Renato o ile a bontša hore o ananela sohle seo Jehova a mo etselitseng sona ha a kolobetsoa ka 2002 ’me selemong se latelang e e-ba ’moleli oa Mokreste ea qetang nako e ngata a bolella batho molaetsa oa Bibele. Le hona joale o ntse a sa tsebe ntate oa hae le ’mè oa hae ’me e ka ’na eaba ha ho mohla a tla ba tseba. Leha ho le joalo, Renato o bontša hore e ’ngoe ea limpho tse khōlō ka ho fetisisa tseo a li fumaneng ke ho tseba Jehova le ho lumela hore ke eena Ntate ea lerato le ea tsotellang.

Mohlomong u lakatsa ho ba le kamano e ntle le e mofuthu le Molimo, eo ka sebele e ka u tsoelang molemo bophelong. Motho e mong le e mong, ebang ke morui kapa ke mofutsana, o na le monyetla oa ho ba le kamano e joalo le Jehova Molimo esita le Mora oa hae Jesu Kreste. E ka ’na ea se ke ea etsa hore e be morui empa e tla etsa hore e be ea nang le khotso le ea khotsofetseng bophelong, e leng lintho tseo ho sa tsotelleheng hore na chelete e ngata hakae, e ke keng ea mo fa tsona. Ka sebele, mantsoe a ho Liproverbia 10:22 ke ’nete ha a re: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.”

Jehova Molimo o khahloa haholo ke batho ba tlang ho eena ’me o re ho bona: “Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.” (Esaia 48:18) Hape o tšepisa batho ba tlang ho eena ka sepheo se setle le boikutlo bo nepahetseng hore o tla ba fa moputso o moholo: “Phello ea boikokobetso le ho tšaba Jehova ke maruo le khanya le bophelo.”—Liproverbia 22:4.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Ho lumela ho Molimo ho etsa hore batho ba be le khotso, ba khotsofale ba be ba thabe

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Le hoja lelapa labo Jesu la lefatšeng le ne le futsanehile, Molimo o ne a le hlohonolofalitse haholo