Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Moahloli ea sa Fetoheng Tabeng ea se Nepahetseng

Moahloli ea sa Fetoheng Tabeng ea se Nepahetseng

Atamela ho Molimo

Moahloli ea sa Fetoheng Tabeng ea se Nepahetseng

Numere 20:2-13

BAAHLOLI ba batho ba ka ’na ba ahlola ka leeme kapa ba fa motho kotlo e boima ho tlōla, empa Jehova Molimo eena ha a joalo—“o rata toka.” (Pesaleme ea 37:28) Le hoja a e-na le mamello, ha a lumelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ha a fetohe tabeng ea se nepahetseng. Nahana kamoo a ileng a sebetsa taba kateng ha Baiseraele ba qabana le Moshe le Arone ’me seo se fella ka borabele, joalokaha ho tlalehiloe khaolong ea 20 ea Numere.

Ha Baiseraele ba le haufi le ho qeta leeto la bona lefeelleng, ba ile ba thulana le bothata ba ho haelloa ke metsi. * Sechaba se ile sa qala ho qabana le Moshe le Arone, sa re: “Ke hobane’ng ha le tlisitse phutheho ea Jehova lefeelleng lee bakeng sa hore rōna le lipelesa tsa rōna re shoelle teng?” (Temana ea 4) Sechaba se ile sa tletleba ka hore lefeella e ne e le ‘sebaka se sebe’ se se nang “lifeiga le lifate tsa morara le likharenate,”—e leng litholoana tseo lihloela tsa Baiseraele li tlileng le tsona ha li tsoa Naheng e Tšepisitsoeng lilemong tse fetileng—le hore “ha ho na metsi a nooang.” (Temana ea 5; Numere 13:23) Ha e le hantle, se ne se beha Moshe le Arone molato hore ebe lefeella le ne le sa tšoane le naha e tletseng litholoana eo moloko oa pejana oa bakorotli o neng o hanne ho kena ho eona!

Jehova ha aa ka a furalla bakorotli bao. Empa o ile a laela Moshe hore a etse lintho tse tharo: hore a nke molamu oa hae, a bokelle sechaba a be a “bue le lefika ka pel’a mahlo a bona e le hore ruri le fane ka metsi a lona.” (Temana ea 8) Moshe o ile a mamela litaelo tsa pele tse peli, empa ea boraro o ile a hlōleha ho e mamela. Ho e-na le hore a bue le lefika a e-na le tumelo, o ile a halefela sechaba ’me a re: “Utloang joale, lōna marabele! Na re tla le ntšetsa metsi lefikeng lee?” (Temana ea 10; Pesaleme ea 106:32, 33) Eaba Moshe o otla lefika habeli, “’me metsi a mangata a qala ho tsoa.”—Temana ea 11.

Kahoo, Moshe le Arone ba ile ba etsa sebe se tebileng. Molimo o ile a re ho bona: “Le fetohetse taelo ea ka.” (Numere 20:24) Kaha lekhetlong lena Moshe le Arone ha baa ka ba mamela taelo ea Molimo, e ile ea e-ba bona marabele, le hoja ba ne ba re sechaba ke sona seo e leng marabele. Kahlolo ea Molimo e ile ea e-ba e hlakileng: Moshe le Arone ba ne ba ke ke ba etella pele Baiseraele hore ba kene Naheng e Tšepisitsoeng. Na kahlolo eo e ne e le boima haholo? Ruri e ne e se boima, ka lebaka la mabaka a ’maloa a latelang.

La pele, Molimo o ne a sa laela Moshe hore a bue le batho, ebile o ne a sa mo laela hore a ba ahlole ka borabele ba bona. La bobeli, Moshe le Arone ha baa ka ba tlotlisa Molimo. Molimo o ile a re: ‘Ha lea ka la . . . nkhalaletsa.’ (Temana ea 12) Ha Moshe a ne a re “re tla le ntšetsa metsi,” o ne a bua joalokaha eka ke eena le Arone ba tla ntša metsi ka mohlolo—eseng Molimo. La boraro, kahlolo eo ba neng ba e fuoe e ne e tšoana le eo ba bang ba neng ba ile ba e fuoa nakong e fetileng. Molimo o ne a ile a hanela marabele a moloko oa pele hore a kene Kanana, kahoo o ile a etsa se tšoanang le ka Moshe le Arone. (Numere 14:22, 23) La bone, Moshe le Arone e ne e le baeta-pele ba Baiseraele. Ba fuoeng boikarabelo bo bongata ba tla ikarabella le ho feta ka pel’a Molimo.—Luka 12:48.

Jehova ha a fetohe tabeng ea se nepahetseng. Kaha o rata toka, a ke ke a fana ka kahlolo e leeme kapa e hlokang toka. Ka sebele, re lokela ho tšepa le ho hlompha Moahloli ea joalo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Ka mor’a hore Baiseraele ba falle Egepeta, ba ne ba se ba itokiselitse ho kena naheng ea Kanana eo Molimo a neng a e tšepisitse Abrahama. Empa ha lihloela tse leshome li tlisa tlaleho e mpe, batho ba ile ba korotlela Moshe. Ka hona, Jehova o ile a etsa qeto ea hore ba qete lilemo tse 40 lefeelleng—e leng nako e neng e lekane hore moloko oo oa marabele o shoe.