Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molimo o Tšepisa ho U fa Maruo?

Na Molimo o Tšepisa ho U fa Maruo?

Na Molimo o Tšepisa ho U fa Maruo?

‘Molimo o batla hore u be morui, u be le likoloi, u be le khoebo e atlehileng. Se hlokahalang feela ke hore u lumele ho eena, u bule sepache sa hao ebe u mo fa sohle seo u ka se khonang.’

ONA ke molaetsa o khothalletsoang ke lihlopha tse ling tsa bolumeli Brazil, ho latela se boletsoeng ke koranta e ’ngoe e hatisoang moo. Ke molaetsa oo batho ba bangata ba o nkang ka botebo. Ho latela phuputso e ’ngoe e entsoeng bathong ba United States ba reng ke Bakreste, makasine ea Time e tlaleha hore: “Batho ba etsang 61% ba lumela hore Molimo o batla hore batho e be barui. Ba etsang 31% . . . bona ba lumela hore haeba u fa Molimo chelete, Molimo o tla u hlohonolofatsa ka e ’ngoe e ngata.”

Mehopolo ea mofuta ona, eo hangata e bitsoang thuto ea hore Molimo o hlohonolofatsa batho ka maruo, e nama ka potlako haholo-holo linaheng tsa Latin-America, tse kang Brazil, ’me batho ba ea ka bongata likerekeng tse tšepisang hore Molimo o tla ba hlohonolofatsa ka maruo. Empa na ehlile Molimo o tšepisa hore o tla ruisa ba mo sebeletsang? Na batho bohle ba neng ba sebeletsa Molimo nakong e fetileng e ne e le barui?

Ke ’nete hore Mangolong a Seheberu (Testamenteng ea Khale), hangata re bala ka batho bao Molimo a ileng a ba hlohonolofatsa ka maruo. Ka mohlala, ho Deuteronoma 8:18, re bala hore: “U hopole Jehova Molimo oa hao, hobane ke eena ea u fang matla a ho etsa leruo.” Sena se ne se tiisetsa Baiseraele hore haeba ba ne ba mamela Molimo, o ne a tla ba etsa sechaba se ruileng.

Batho ka bomong bona ho ne ho tla etsahala’ng ka bona? Jobo ea neng a tšepahala o ne a ruile haholo ’me ka mor’a hore Satane a etse hore e be mofutsana, Jehova o ile a khutlisa maruo a Jobo “ka ho imenneng habeli.” (Jobo 1:3; 42:10) Abrahama le eena e ne e le morui. Genese 13:2 e re o ne a “ruile mehlape e mengata le silevera le khauta.” Ha mabotho a kopaneng a marena a mane a Bochabela a hapa ngoana ngoan’abo Abrahama, e leng Lota, Abrahama o ile a “khobokanya banna ba hae ba koetlisitsoeng, makhoba a makholo a mararo le leshome le metso e robeli a tsoaletsoeng ntlong ea hae.” (Genese 14:14) Haeba Abrahama o ne a e-na le banna ba 318 “ba koetlisitsoeng” hore ba sebelise libetsa, e tlameha ebe ba ne ba le bangata lelapeng la hae. Taba ea hore o ne a khona ho hlokomela lelapa le leholo hakaalo e bontša hore o ne a ruile haholo, a e-na le mehlape e mengata.

Ka sebele, bahlanka ba Molimo ba bangata ba neng ba tšepahala mehleng ea khale, joaloka Abrahama, Isaka, Jakobo, Davida le Solomone, ha re bolela ba seng bakae feela, ba ne ba ruile. Na leha ho le joalo, see se bolela hore Molimo o tla ruisa e mong le e mong ea mo sebeletsang? Ka lehlakoreng le leng, na ha motho a futsanehile seo se bolela hore Molimo ha a mo hlohonolofatse? Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena.