Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ho ba Mofutsana ke Pontšo ea Hore Molimo ha a U Rate?

Na ho ba Mofutsana ke Pontšo ea Hore Molimo ha a U Rate?

Na ho ba Mofutsana ke Pontšo ea Hore Molimo ha a U Rate?

MOLIMO o ile a bolella Baiseraele ba boholo-holo hore: “Ho se ke ha e-ba le ea mong ea tla futsaneha har’a lōna.” Lebaka ke hobane Molao oo a neng a ba file oona o ne o e-na le litaelo tsa hore na mafutsana a hlokomeloe joang, haesita le tsa hore na motho a lokolloe joang likolotong. (Deuteronoma 15:1-4, 7-10) Kahoo, ho ne ho sa lokela hore ho be le mofutsana har’a Baiseraele, kaha Jehova o ne a tšepisitse ho ba hlohonolofatsa. Leha ho le joalo, o ne a tla ba hlohonolofatsa hafeela ba mamela Molao, e leng seo ba ileng ba hlōleha ho se etsa.

Leha ho le joalo, sena se ne se sa bolele hore ba futsanehileng e ne e le ba sa ratoeng ke Molimo, ho bile ho sa bolele hore ba atlehileng e ne e le bona ba ratoang ke Molimo. Batho ba bangata ba neng ba sebeletsa Molimo ka botšepehi e ne e le mafutsana. Moprofeta Amose e ne e le mofutsana ea hlokomelang linku a bile a hiroa ka linako tse itseng tsa selemo. (Amose 1:1; 7:14) Mehleng ea moprofeta Elia, ha Baiseraele ba ne ba oetsoe ke tlala ea sekoboto, Elia o ile a tlameha ho itšetleha ka mohlolohali oa mofutsana ea neng a mo amohetse ka mofuthu, eo ka mohlolo phofshoana ea hae le oli e nyenyane li sa kang tsa fela nakong eo ea tlala. Elia le mohlolohali eo ha ea ka ea e-ba barui empa Jehova o ile a ba fa seo ba neng ba se hloka hore ba phele.—1 Marena 17:8-16.

Liketsahalo tse sa lebelloang li ka etsa hore batho ba iphumane e le mafutsana. Ho hlaheloa ke likotsi le ho kula ho ka thibela motho ka nakoana hore a se ke a sebetsa kapa ho ka etsa hore a se ke a hlola a khona ho sebetsa. Lefu le lona le ka siea batho e le likhutsana kapa bahlolohali. Esita le liketsahalo tse bohloko joaloka tsena ha li bolele hore Molimo ha a rate batho bao li ba hlahetseng. Pale ea Naomi le Ruthe ke mohlala o khothatsang haholo o bontšang hore Jehova o hlokomela mafutsana ka lerato. Le hoja ka mor’a lefu la banna ba bona, Naomi le Ruthe e ile ea e-ba mafutsana, Jehova Molimo o ile a ba hlohonolofatsa ’me a lokisetsa hore ba fumane lintho tseo ba li hlokang.—Ruthe 1:1-6; 2:2-12; 4:13-17.

Ho hlakile hore ho ba mofutsana hase pontšo ea hore Molimo ha a u rate. Ba tšepahalang ho Jehova Molimo ba ka tšepa mantsoe a Morena Davida a reng: “Nkile ka ba mohlankana, ke se ke tsofetse, leha ho le joalo ha ke e-s’o bone mang kapa mang ea lokileng a tloheloa ka ho feletseng, kapa bana ba hae ba batla bohobe.”—Pesaleme ea 37:25.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Le hoja Naomi le Ruthe ba ne ba futsanehile, Molimo o ile a ba hlohonolofatsa ’me a ba hlokomela ka lerato