Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

O Thabile ’me o na le Tšepo le Hoja e le Mofutsana

O Thabile ’me o na le Tšepo le Hoja e le Mofutsana

Lengolo le Tsoang Bolivia

O Thabile ’me o na le Tšepo le Hoja e le Mofutsana

LE HOJA ke le moromuoa naheng eo moruo oa eona o fokolang, ke sitoa ho tloaela bofutsana le mesarelo eo ke e bonang mona. Ke lakatsa eka batho bohle ba ka be ba imolloa mathateng hang-hang. Empa kea tseba hore ke ’Muso oa Molimo feela o tla rarolla mathata ana. Ho ntse ho le joalo, hangata ke ee ke bone batho ba latelang Lentsoe la Molimo ba thabile, ho sa tsotellehe maemo a nyotobetsang ao ba leng ho ’ona. Sabina ke e mong oa bona.

Ka selemo se seng khale koana, Sabina, a kukile barali ba hae ba babeli, o ile a shebella ha monna oa hae a palama bese ea mokeretla ho ea batla mosebetsi o lefang hantle naheng e ’ngoe. Ho ile ha feta likhoeli, ha feta lilemo, Sabina a ntse a lebeletse hore o tla khutla empa ha aa ka a hlola a khutla. Ho tloha mohlang a neng a tsamaea, Sabina o ’nile a sebetsa ka thata letsatsi le letsatsi e le hore a iphelise a be a phelise le barali ba hae, e leng Milena le Ghelian.

Thapama ea letsatsi le leng ha ke qala ho kopana le Sabina, ka mamello eohle o ne a ntse a thusa bareki ba sa khotsofaleng habonolo lebenkeleng la ausi oa hae. Ha ke sheba Sabina sefahlehong ke ile ka lemoha hore e tlameha ebe o ne a sebelitse ka thata letsatsi lohle. Ke ile ka kōpa ho ithuta Bibele le eena hammoho le barali ba hae. O ile a re: “Nka rata empa joale ke motho ea phathahaneng haholo. Empa, nka rata hore u ithute le barali ba ka.” Ke ile ka lumela. Ha ke ntse ke tsoela pele ho ithuta le banana bana, ke ile ka tloaela Sabina, eaba ke qala ho utloisisa maemo a thata ao a leng ho ’ona.

Sabina o tsoha ka hora ea bone hoseng. Ha barali ba hae ba ntse ba robetse ntlong ea kamore e le ’ngoe eo ba lulang ho eona, Sabina o hotetsa pitsa ea khale e khōlō ea k’hasetrole. Joale o pheha nama eo a e tšelang ka har’a makoenya ao a a rekisang e le hore a fumane chelete ea ho iphelisa le barali ba hae. O robetse a lubile hlama ea makoenya ana ka la maobane.

Ka hloko, Sabina o laela thepa eohle eo a tla e hloka kiribaeng eo a e alimileng—sekhele, setofo se leifo le leng sa khase, moqomo oa khase, tafole, litulo, lipitsa, oli, nama le hlama hammoho le lilithara tse ’maloa tsa seno-mapholi sa litholoana seo a se ritetseng hae.

Sabina le barali ba hae ba babeli ba tsoa ka tlung ka hora ea botšelela hoseng. Ba koala lemati ebe baa notlela. Ha u ba sheba mahlong u ke ke ua tseba hore na ba ikutloa joang, ha ba qoqe kapa hona ho tšeha. Ba nahanne feela ka mosebetsi oo ba shebaneng le ’ona. Hangata hoseng ha ke hloelisa ka fensetere lehaeng la baromuoa, ke ’nile ka bona ha batho ba tloha malapeng a bona ka tsela e tšoanang. Sabina ke e mong oa basali ba bangata ba tlohang malapeng a bona e sa le ka meso ho ea rekisa lijo le lino-mapholi literateng tsa Bolivia.

Ka 6:30 hoseng, ha letsatsi le chabela lithabeng, Sabina le barali ba hae ba fihla moo ba rekisetsang teng. Ba laolla thepa ba ntse ba khutsitse, ebe ba qala ho hlophisa lintho tsa bona e le ho lokisetsa ho pheha. O tšela lekoenya la pele ka har’a oli ’me le qala ho tloatloasela. Joale moea o pholileng oa hoseng o tlala monko o monate ’me ka potlako o hohela bareki ba lapileng.

Sabina o botsa moreki oa pele: “O batla a makae?” Monna ea ntseng a tšoeroe ke boroko o phahamisa menoana e ’meli a ntse a shebile fatše, ebe Sabina o mo fa makoenya a mabeli a masoothoana a kubellang, a ntan’o nka cheletana e fokolang. O tla ’ne a etse joalo letšehare kaofela. Ha makoenya a felile, ba laela thepa ea bona ebe ba khutlela hae. Le hoja maoto a Sabina a futha ka lebaka la mosebetsi oo a o qalileng hoseng, o sa fetela mosebetsing o mong lebenkeleng la ausi oa hae.

Ha ke fihla lebenkeleng e le hore ke tl’o ithuta Bibele le barali ba hae, o ne a se a ntse a behile libenche tse peli k’honeng. Ho tloha ha ke ne ke qala ho ithuta le Milena le Ghelian, bao ka nako eo ba neng ba le lilemo li 9 le 7, kamehla ba ne ba lula ba tatetse ho ithuta ’me ba lokisetsa hantle. Butle-butle, bananyana bana ba lihlong ba ile ba ’na ba ntloaela ho fihlela re e-ba metsoalle. Sena se ile sa thabisa Sabina. Nakoana ka mor’a moo, o ile a etsa qeto ea hore le eena o tla ithuta Bible ho sa tsotellehe hore na o lula a phathahane hakae.

Ha Sabina a ntse a ithuta lintho tse eketsehileng, lerato leo a ratang Jehova Molimo ka lona le ile la eketseha. O ile a qala ho ba le ntho eo a neng a e-s’o be le eona, e leng thabo! Hona joale Sabina ha e sa le morekisi eane ea neng a lula a khathetse a bile a hloname. O se a bontša bophelo ’me mahlo a hae a tletse thabo. Ausi oa hae o ile a re: “Sabina o se a bososela nako ena kaofela, e ne e se ntho eo a e tloaetseng.” Batho ba bang le bona ba ile ba bona phetoho e khōlō bophelong ba Sabina le barali ba hae. Joale o ne a se a fumana ntho eo e leng khale a e lakatsa, e leng ho tseba ’nete ka Molimo.

Sabina o ne a thabela ho ithuta, empa ka lebaka la mosebetsi oa hae o neng o mo phathahanya o ne a sitoa ho ea libokeng tsa Bokreste. Qetellong o ile a lumela ha ke mo memela Holong ea ’Muso. Ho tloha mohlang oo, ha aa ka a hlola a khaotsa ho tla libokeng. Sabina o ile a fumana metsoalle ea sebele ka phuthehong. O ile a boela a ithuta hore ka sebele Jehova o hlokomela ba mo ratang le ba itellang ho mo sebeletsa.—Luka 12:22-24; 1 Timothea 6:8.

Sabina o ne a rata lintho tseo a neng a ithuta tsona ’me o ne a batla ho li bolella ba bang. Empa o ile a re, “Ka linako tsohle ha ke nahana ho ea bolella ba bang ka molaetsa oa Bibele ke sehoa ke letsoalo.” O ne a ee a re ka pelong, ‘Nka ruta motho joang, ke le lihlong tjee le ho ruteha ke sa ruteha?’ Leha ho le joalo, ka lebaka la mosa oo a ileng a o bontšoa le liphetoho tse ntle tseo a ileng a li etsa bophelong ba hae, o ile a ikutloa a tlameha ho etsa joalo. Hape o ne a hlokomela hore o lokela ho behela barali ba hae mohlala o motle. Kahoo o ile a qalella ho bolella batho litaba tse molemo. Barali ba hae le bona ba ile ba chesehela ho etsa seo.

Kajeno Sabina ha e sa le mosali feela tjee oa mofutsana ea sebetsang ka thata letsatsi le letsatsi a sa thaba. Boemo ba hae ba lichelete ha boa fetoha hakaalo. Ho fetohile tsela eo a talimang bophelo ka eona. Joale e se e le Mokreste ea kolobelitsoeng, o ruta batho ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo—e leng oona feela o tla tlosa bofutsana le ho sareloa lefatšeng.—Matheu 6:10.

Joale ke hora ea bohlano hoseng ’me Sabina o se a loketse ho tsoa ka tlung ea hae ea kamore e le ’ngoe. Empa hoseng hona ha a e’o rekisa makoenya. O il’o kopana le Bakreste ba habo ho ea bolella batho litaba tse molemo seterateng. Ho tela nako e itseng ea hae beke le beke e le hore a thuse ba bang, ho mo thabisa le ho feta. O notlela lemati ebe o kena tseleng ka sefahleho se khanyang khotso. Hona joale ha a khanne kiribae, empa o nkile mokotla. Ka har’a oona o tšetse Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tseo a tla li sebelisa ho bolella batho molaetsa o fanang ka tšepo. Sabina o bua a bososela o re, “Le ka mohla ke ne ke sa nahane hore ke tla khona ho bolella batho ba bang ka Bibele.” O phaella ka ho re, “Ke ho rata hona hoo!”