Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Hantle-ntle ho etsahetse eng ka areka ea selekane?

Ha areka ea selekane e ne e le har’a Baiseraele, ba ne ba tseba hore Molimo o teng har’a bona. (Exoda 25:22) Areka ena e ne e le lekese le halalelang le betliloeng ka lehong eaba le koaheloa ka khauta leo ho lona Moshe a neng a behile matlapa a mabeli a ngotseng Melao. Ha Baiseraele ba ntse ba le lefeelleng, Areka e ne e lula Sehalalelisisong sa tente ea pokano. (Exoda 26:33) Qetellong Areka e ile ea behoa Sehalalelisisong sa Tempele ea Solomone.—1 Marena 6:19.

Ho buuoa ka lekhetlo la ho qetela ka Areka ho 2 Likronike 35:3 e leng nakong eo Morena Josiase a neng a e khutlisetsa ka tempeleng ka 642 B.C.E. E ka ’na eaba Areka e ile ea tlosoa ke mohlahlami oa Josiase, e leng Manase oa mokoenehi ea ileng a beha setšoantšo se rapeloang ka tempeleng. Kapa e ka ’na eaba e ile ea tlosoa e le hore e bolokoe sebakeng se sireletsehileng ha Josiase a ne a nchafatsa tempele. (2 Likronike 33:1, 2, 7; 34:1, 8-11) Ha ho ea tsebang hore na ka morao ho moo ho ile ha etsahala eng ka Areka kaha ha e ea boleloa har’a lintho tse ileng tsa nkoa tempeleng nakong eo Bababylona ba neng ba hapa Jerusalema ka 607 B.C.E.—2 Marena 25:13-17.

Mangolo ha a re bolelle hore na Areka e ile ea khutlisetsoa Sehalalelisisong sa tempele e ileng ea tsosolosoa ke Zorobabele kapa che; ebile ha ho bonahale eka ho na le mohla ho kileng ha etsoa Areka e ’ngoe.—Esdrase 1:7-11.

Bo-Jakobo ba hlahang ka Bibeleng e ne e le bo-mang?

Ho na le banna ba bane ka Mangolong a Segerike a Bakreste (Testamenteng e Ncha) ba neng ba rehiloe Jakobo, ’me re ka ba ferekanya habonolo. Poleloana e reng “Abrahama, Isaka le Jakobo” e hlaha hangata ka Bibeleng ’me Matheu 1:16, e re Jakobo “a tsoala Josefa monna oa Maria.” E mong e ne e le ntate oa moapostola Judase (eseng Iskariota), ’me ke sohle se tsejoang ka eena.—Luka 6:16; Liketso 1:13.

Joale ho na le e mong eo e leng mora oa Zebedea. Jakobo enoa e ne e le ngoan’abo Johanne ’me ka bobeli e ne e le baapostola ba Jesu. (Matheu 10:2) Ho bonahala eka ’mè oa hae e ne e le Salome, ngoan’abo ’mè oa Jesu. (Bapisa Matheu 27:55, 56 le Mareka 15:40, 41 hammoho le Johanne 19:25.) Haeba ho joalo, sena se bolela hore Jakobo e ne e le motsoal’a Jesu. E ne e le motšoasi oa litlhapi, ebile eena le ngoan’abo ba ne ba sebetsa le Petrose le Andrease.—Mareka 1:16-19; Luka 5:7-10.

Ho boetse ho na le Jakobo eo e neng e le mora oa Alfiase, eo le eena e neng e le moapostola oa Jesu. (Mareka 3:16-18) Ho Mareka 15:40, o bitsoa “Jakobo e Monyenyane.” E ka ’na eaba o ne a bitsoa “e Monyenyane” hobane a ne a le monyenyane ka ’mele kapa a le monyenyane ho Jakobo, mor’a Zebedea.

Oa ho qetela ke mora oa Josefa le Maria, e leng ngoan’abo Juda ebile e le ngoan’abo Jesu ka ’mè oa bona. (Mareka 6:3; Bagalata 1:19) Nakong ea ha Jesu a ntse a le lefatšeng, Jakobo enoa e ne e se morutuoa oa hae. (Matheu 12:46-50; Johanne 7:5) Leha ho le joalo, pejana ho Pentekonta ea 33 C.E., eena le ’mè oa hae, bana babo le baapostola ba bang ba ile ba rapela hammoho kamoreng e ka holimo Jerusalema. (Liketso 1:13, 14) Hamorao e ile ea e-ba setho se tsebahalang sa phutheho ea Jerusalema a ba a ngola buka ea Bibele e reheletsoeng ka eena.—Liketso 12:17; Jakobo 1:1.