Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

O Loanne ka Thata Hore a Hlōle Tšabo le Lipelaelo

O Loanne ka Thata Hore a Hlōle Tšabo le Lipelaelo

Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona

O Loanne ka Thata Hore a Hlōle Tšabo le Lipelaelo

PETROSE o ile a soka sekepe ka matla, a shebisisa har’a lefifi. Na ebe khanya e lerootho eo a neng a e bona ka bochabela moo mahlo a hae a fellang teng e ne e le pontšo ea hore mafube a se a tla hlaha? Mahetla a hae le mokokotlo li ne li opa ka lebaka la ho soka sekepe lihora tse ngata. Moea o matla o neng o hlanthollotse moriri oa hae o ne o entse hore Leoatle la Galilea le befe. Nako le nako maqhubu a ne a otla karolo e ka pele ea sekepe seo sa batšoasi ba litlhapi ’me o ne a koloba ha a ntse a hasoa ke metsi ao a batang. O ile a ’na a tsoela pele ho soka.

Petrose le ba nang le eena ba ne ba siile Jesu kae-kae morao koana lebōpong la leoatle. Letsatsing leo, ba ne ba bone ha Jesu a fepa letšoele la batho ba lapileng ba likete ka mahobe a ’maloa le litlhapi tse seng kae. Ha batho ba bona seo, ba ile ba batla ho etsa Jesu morena, empa o ne a sa batle ho kena lipolotiking. O ne a boetse a ikemiselitse ho thusa balateli ba hae hore ba se ke ba lakatsa ho kena lipolotiking. E le hore a tlohe letšoeleng leo, o ile a susumelletsa barutuoa ba hae hore ba palame sekepe ’me ba lebe lebōpong le ka mose oane ha eena a nyolohela thabeng a le mong ho ea rapela.—Mareka 6:35-45; Johanne 6:14, 15.

Khoeli e neng e batla e tolokile e ne e le ka holim’a lihlooho tsa barutuoa nakong eo ba neng ba kena sekepeng; ’me joale e ne e se e likella ka bophirimela butle-butle. Empa ba ne ba khonne ho tsamaea lik’hilomithara tse ’maloa feela. Mokhathala hammoho le molumo o lerata oa moea o fokang le oa maqhubu a leoatle, li ne li etsa hore ho be thata hore ba buisane. Ho ka etsahala hore ebe monahano oa Petrose o ne o se mona le mona.

Ho ne ho e-na le lintho tse ngata hakaakang tseo a neng a ka nahana ka tsona! E ne e se e le lilemo tse peli a tsamaea le Jesu oa Nazaretha ’me ho ne ho etsahetse lintho tse ngata. O ne a ithutile lintho tse ngata empa ho ne ho sa na le tse ngata tseo a lokelang ho ithuta tsona. Boikemisetso ba hae—ba ho loantša lintho tse ka mo sitisang tse kang lipelaelo le tšabo—bo etsa hore e be mohlala o ikhethang oo re ka o etsisang. E-re re bone hore na joang.

“Re Fumane Mesia”!

Ha ho mohla Petrose a ka lebalang letsatsi leo a neng a kopana le Jesu oa Nazaretha ka lona. Mor’abo, Andrease, o ne a ile a mo tlisetsa litaba tsena tse hlollang: “Re fumane Mesia.” Ka mor’a mantsoe ao bophelo ba Petrose bo ile ba qalella ho fetoha. Bo ne bo ke ke ba hlola bo tšoana le pele.—Johanne 1:41.

Petrose o ne a lula Kapernauma, e leng motse o iphaphathileng ka lebōpo la letša la metsi a seng letsoai le bitsoang Leoatle la Galilea. Eena le mor’abo, Andrease, ba ne ba kopanetse khoebo ea ho tšoasa litlhapi le Jakobo le Johanne, e leng bara ba Zebedea. Petrose o ne a sa lule le mofumahali oa hae feela, empa o ne a boetse a lula le mohoehali oa hae hammoho le mor’abo, Andrease. Ho hlakile hore ho phelisa batho ba bakaalo ka ho tšoasa litlhapi ho ne ho hloka hore motho a sebetse ka thata, a be matla ’me a be le tsebo ea ho hlōla litšitiso. Re ka inahanela masiu a mangata a malelele ao ba neng ba sebetsa ka thata ka ’ona, ba lahlela matlooa pakeng tsa likepe tse peli ebe ba hulela litlhapi leha e le life tseo ba li tšoasitseng ka likepeng. Re ka boela ra nahana ka mosebetsi o thata oo ba neng ba o etsa lihoreng tsa motšehare oa ho hlophisa litlhapi ka mefuta ea tsona, ho li rekisa, ho lokisa matlooa le ho a hloekisa.

Bibele e re bolella hore Andrease e ne e le morutuoa oa Johanne Mokolobetsi. Ka sebele Petrose o ne a ile a mamela ka cheseho ha mor’abo a ntse a mo phetela ka molaetsa oa Johanne. Ka letsatsi le leng Andrease o ile a bona Johanne a supa Jesu oa Nazaretha ’me a re: “Bonang, Konyana ea Molimo!” Hang-hang Andrease e ile ea e-ba molateli oa Jesu ’me a bolella Petrose litaba tsena tse thabisang: Mesia o fihlile! (Johanne 1:35-40) Ka mor’a borabele bo ileng ba e-ba teng Edene lilemo tse ka bang 4 000 pele ho moo, Jehova Molimo o ne a ile a tšepisa hore ho ne ho tla tla motho ea ikhethang ho tla fa moloko oa batho tšepo ea sebele. (Genese 3:15) Andrease o ne a kopane le Mopholosi enoa, Mesia ka boeena! Petrose le eena o ile a potlakela ho ea kopana le Jesu.

Nakong eo, Petrose o ne a tsebahala ka lebitso la Simone, kapa Simeone. Empa Jesu o ile a mo sheba ’me a re: “‘U Simone mora oa Johanne; u tla bitsoa Kefase’ (e fetoleloang e le Petrose).” (Johanne 1:42) “Kefase” ke lentsoe le bolelang “lejoe,” kapa “lefika.” Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu o ne a profeta ho itseng ka mantsoe ana. O ile a bona hore Petrose o ne a tla tšoana le lefika—o ne a tla ba le tšusumetso e matla, e sa sisinyeheng le ea ’nete ho balateli ba Kreste. Na Petrose o ne a ipona ka tsela eo? Ha ho bonahale joalo. Esita le babali ba bang ba Likosepele mehleng ena ha ba utloisise hore na Petrose o ne a ka tšoana le lefika joang. Ba bang ba bile ba re o ne a bonahala a sa tsitsa, e le motho ea feto-fetohang le ea sa tsebeng moo a emeng teng.

Ke ’nete hore Petrose o ne a e-na le mefokolo e itseng. Jesu o ne a tseba mefokolo ena. Empa joaloka Ntate oa hae, Jehova, Jesu o ne a lula a sheba litšobotsi tse ntle ho batho. Jesu o ile a bona hore Petrose a ka ba le litšobotsi tse ngata tse ntle, ’me O ile a leka ho mo thusa hore a ntlafatse litšobotsi tseo. Le kajeno, Jehova le Mora oa hae ba sheba litšobotsi tse ntle ho rōna. Ho ka ’na ha e-ba thata ho lumela hore ho na le litšobotsi tse ntle tseo ba ka li fumanang ho rōna. Leha ho le joalo, re lokela ho tšepa maikutlo a bona ’me re bontše hore re ikemiselitse ho koetlisoa le ho bōptjoa joaloka Petrose.—1 Johanne 3:19, 20.

“Khaotsa ho ba le Tšabo”

Ho ka etsahala hore ka mor’a moo Petrose o ile a tsamaea le Jesu ho se hokae ha a ntse a bolella batho litaba tse molemo. Ka hona, e ka ’na eaba o ne a ile a bona ha Jesu a etsa mohlolo oa hae oa pele, a fetola metsi veine moketeng oa lenyalo motseng oa Kana. Ntho ea bohlokoa haholo ke hore o ne a utloile molaetsa oa Jesu o babatsehang le o fanang ka tšepo o buang ka ’Muso oa Molimo. Ho sa tsotellehe lintho tseo tsohle, o ile a tlohela Jesu ’me a ikhutlella khoebong ea hae ea ho tšoasa litlhapi. Leha ho le joalo, likhoeli tse ’maloa hamorao Jesu o ile a boela a bua le Petrose—lekhetlong lena a mo kōpa hore e be molateli oa hae oa nako eohle bophelong bohle ba hae.

Petrose o ne a sa tsoa nyahamisoa ke mosebetsi bosiung bo fetileng. Batšoasi ba litlhapi ba ne ba ile ba lahlela matlooa ka makhetlo a mangata ka leoatleng, empa ba se ke ba tšoasa letho. E tlameha ebe Petrose o ile a sebelisa bokhoni bohle boo a neng a e-na le bona hammoho le ho leka makhobonthithi ’ohle, a ea libakeng tse sa tšoaneng letšeng e le hore a ka fumana moo litlhapi li jang teng. Ha ho pelaelo hore joaloka batšoasi ba bang ba bangata, ka linako tse ling o ne a ee a ikutloe eka a ka khona ho bona ho phunyelletsa metsing ao a lukehileng e le hore a fumane moo ho nang le litlhapi tse ngata teng, kapa a lakatse eka matlooa a hae a ka tšoasa litlhapi ka mohlolo. Ho hlakile hore menahano e joalo e ne e tla mo nyotobetsa le ho feta. Petrose o ne a sa tšoase litlhapi ho itlosa bolutu; o ne a phelisa batho ka ho li tšoasa. Qetellong, o ile a fihla lebōpong a sa tšoasa letho. Ho ntse ho le joalo, matlooa ’ona a ne a lokela ho hloekisoa. Ka hona, o ne a tšoarehile nakong eo ka eona Jesu a tlang ho eena.

Letšoele le ne le pota-potile Jesu le labalabela ho utloa eng kapa eng eo a neng a tla e bua. Kaha le ne le mo hometse, Jesu o ile a kena ka sekepeng sa Petrose ’me a mo kōpa hore a se ise harenyana metsing. Jesu o ile a ruta letšoele leo ’me metsi a ne a etsa hore lentsoe la hae le utloahale ka ho hlaka. Petrose o ile a mamela ka hloko joaloka letšoele leo le neng le le lebōpong. Ho ne ho se mohla a tenoang ke ho mamela ha Jesu a bua ka ntho e ka sehloohong eo a neng a ruta ka eona—e leng ’Muso oa Molimo. E ne e ka ba tlotla e khōlō hakaakang hore a thuse Kreste ho bolela molaetsa ona o fang batho tšepo naheng eohle! Empa na ebe e ne e le ntho e ka etsahalang? Ba ne ba tla iphelisa ka eng? Mohlomong Petrose o ile a nahana hape ka bosiu boo bo bolelele boo a neng a qeta ho bo sesa a sa tšoasa letho.—Luka 5:1-3.

Ha Jesu a qeta ho bua, o ile a re ho Petrose: “Se hulele moo ho tebileng, ’me le theolele matlooa a lōna tlaase hore le tšoase.” Petrose o ne a hlile a belaela. O ile a re: “Morupeli, re sehlile bosiu bohle ’me ra se ke ra tšoasa letho, empa ka taelo ea hao ke tla theola matlooa.” Ka sebele, Petrose o ne a sa batle ho akhela matlooa hape—haholo-holo nakong ena eo litlhapi li sa jeng ka eona! Leha ho le joalo, o ile a mamela, mohlomong a ba a hoehla bo-mphato oa hae ba ka sekepeng se seng hore ba mo sale morao.—Luka 5:4, 5.

Petrose o ile a utloa boima boo a sa bo lebellang ha a qala ho hula matlooa. A sa lumele, o ile a hula ka matla le ho feta, ’me ho e-s’o ee kae a bona boieane ba litlhapi tse ntseng li nyeunya ka letlooeng! Ka lehlaphahlapha, a hoehla banna ba sekepe sa bobeli hore ba tl’o mo thusa. Ha ba ntse ba mo thusa, ka potlako ho ile ha hlaka hore litlhapi tseo li ke ke tsa fella ka sekepeng se le seng. Ba ile ba tlatsa likepe tseo ka bobeli, empa le teng litlhapi li ne li le ngata hoo likepe li ileng tsa qala ho teba ka lebaka la boima. Petrose o ile a tsota ka ho makala ho hoholo. O ne a ile a bona ha Kreste a sebelisa matla a hae pele ho moo, empa lekhetlong lena mohlolo ona o ne o mo ama ka ho toba! Monna enoa o ne a ka etsa hore le litlhapi li kene ka matlooeng! Petrose o ile a qala ho tšoha haholo. A oa ka mangole ’me a re: “Morena, tloha ho ’na, hobane ke monna ea nang le sebe.” Ho hang o ne a ikutloa a sa tšoaneloe ke ho tloaelana le Motho ea nang le bokhoni ba ho sebelisa matla a Molimo ka litsela tse joalo!—Luka 5:6-9

Ka mosa Jesu o ile a re: “Khaotsa ho ba le tšabo. Ho tloha joale ho ea pele u tla tšoasa batho ba phela.” (Luka 5:10, 11) Ena e ne e se nako ea ho belaela kapa ho tšoha. Petrose o ne a se na lebaka le utloahalang la ho ba le lipelaelo ka liketsahalo tsa letsatsi le letsatsi tse kang ho tšoasa litlhapi; ebile ho ne ho se na lebaka la hore a tšohe mefokolo ea hae kapa moo a haelloang teng. Jesu o ne a e-na le mosebetsi o moholo oo a lokelang ho o etsa, o neng o tla tlisa liphetoho tse khōlō molokong oa batho. O ne a sebeletsa Molimo ea neng a “tla tšoarela ka tsela e khōlō.” (Esaia 55:7) Jehova o ne a tla ba fa lintho tseo ba li hlokang, ebang ke tsa nama kapa tsa moea.—Matheu 6:33.

Petrose o ile a amohela kōpo ea Jesu ka potlako, hammoho le Jakobo le Johanne. Ba ile “ba khutlisetsa likepe tseo moo ho omileng, ’me ba tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eaba baa mo latela.” (Luka 5:11) Petrose o ile a ba le tumelo ho Jesu hammoho le ho eo A mo romileng. E ne e le qeto e ntle ka ho fetisisa eo a neng a ka e etsa. Kajeno Bakreste ba loantšang lipelaelo le tšabo eo ba nang le eona ebe ba kenela tšebeletso ea Molimo ba bontša tumelo e tšoanang. Ha ho mohla ho tšepa Jehova ka tsela e joalo e leng tšenyo ea nako.—Pesaleme ea 22:4, 5.

“Ke Hobane’ng ha U Ile Ua Itesella ho Belaela?”

Hoo e ka bang lilemo tse peli ka mor’a hore Petrose a kopane le Jesu, o ile a soka sekepe bosiu moeeng o matla o neng o foka Leoatleng la Galilea, joalokaha ho boletsoe selelekeleng. Ke ’nete hore re ke ke ra tseba hore na o ne a ntse a nahana’ng ka nako eo. Ho ne ho e-na le lintho tse ngata haholo tseo a neng a ka nahana ka tsona! Jesu o ne a ile a folisa mohoehali oa Petrose. O ne a ile a fana ka Thuto ea Thabeng. Nako le nako o ne a ile a bontša ka seo a se rutang le ka liketso tsa hae tse matla hore ke Ea Khethiloeng ke Jehova, e leng Mesia. Ha likhoeli li ntse li feta, mefokolo ea Petrose, e kang ho tšoha lefeela, hammoho le ho ba le lipelaelo, e ne e se e fokotsehile. Jesu o ne a bile a mo khethile hore e be e mong oa baapostola ba 12! Empa e ne e le hona Petrose a tla bona hore o ne a e-s’o hlōle tšabo eo a neng a e-na le eona le lipelaelo ka ho feletseng.

Bosiung boo, nakong ea tebelo ea bone, kapa hoo e ka bang ho tloha ka hora ea boraro hoseng ho fihlela ha letsatsi le chaba, Petrose o ile a emisa ho soka sekepe ka tšohanyetso eaba o lula a otlolohile. Pejana mane—ka nģ’ane ho maqhubu—ho ne ho e-na le ntho e ntseng e sisinyeha! Na ebe e ne e le ho benya ha metsi a hasanang a maqhubu tlas’a khanya ea khoeli? Che, ntho ena e ne e tsitsitse ebile e otlolohile. E ne e le motho! Ka sebele e ne e le motho, a bile a ntse a tsamaea holim’a metsi leoatleng! Ha motho enoa a ntse a atamela, ho ne ho bonahala a e-tla ka ho toba ho bona. Barutuoa ba ile ba tšoha ’me ba nahana hore ke pono e itseng ea mohlolo. Motho eo o ile a bua, a re: “E-bang sebete, ke ’na; le se ke la tšaba.” E ne e le Jesu!—Matheu 14:25-28.

Petrose o ile a re: “Morena, haeba ke uena, ntaele hore ke tle ho uena holim’a metsi.” Qalong o ne a le sebete. A hloletsoe ke mohlolo ona o ikhethang, Petrose o ile a batla hore tumelo ea hae e tiee le ho feta. O ne a batla ho ba karolo ea mohlolo ona. Jesu o ile a mo laela ka mosa hore a tle. Petrose o ile a theoha sekepeng ’me a hata holim’a maqhubu a leoatle. U se u ka inahanela hore na Petrose o ile a ikutloa joang ha a hata moo ho tiileng holim’a metsi. E tlameha ebe o ne a hloletsoe ha a ea a lebile ho Jesu. Leha ho le joalo, tsela eo a neng a ikutloa ka eona e ile ea fetoha ka potlako.—Matheu 14:29.

E ne e tlameha ebe Petrose o ile a lula a lebisitse tlhokomelo ea hae ho Jesu. Ka matla a Molimo, Jesu ke eena ea neng a etsa hore Petrose a tsamaee holim’a maqhubu. Hape Jesu o ne a etsa seo ka lebaka la tumelo eo Petrose a neng a e-na le eona ho eena. Empa Petrose o ile a itebala. Rea bala: “Ha a sheba moea oa sefefo, a ba le tšabo.” Petrose o ile a sheba maqhubu ao ha a ntse a khahlellana sekepeng ’me metsi a betseha holimo le makoeba, eaba o otloa ke letsoalo. Mohlomong o ile a ipona a se a qoela letšeng leo, a khangoa ke metsi. Ha tšabo ea hae e ntse e eketseha, tumelo ea hae e ne e fokotseha. Motho ea neng a bitsoa Lefika ka lebaka la hore o ne a ka khona ho ema a tiile, o ile a qala ho teba joaloka lejoe ka lebaka la tumelo e fokolang. Petrose e ne e le sesesi, empa ka nako eo ha aa ka a tšepa bokhoni boo ba hae. O ile a re: “Morena, mpholose!” Jesu o ile a mo tšoara ka letsoho ’me a mo nyolla. Eaba ha a ntse a le holim’a metsi, o hatisa ntlha ea bohlokoa ho Petrose, o re: “Uena ea nang le tumelo e nyenyane, ke hobane’ng ha u ile ua itesella ho belaela?”—Matheu 14:30, 31.

Mantsoe a reng “itesella ho belaela” ke a loketseng hakaakang! Pelaelo e ka ba chefo e timetsang. Haeba re e lumella, e ka bolaea tumelo ea rōna ’me ea etsa hore re tetebele moeeng. Re lokela ho loana ka thata! Joang? Ka hore re lule re tsepamisitse mehopolo linthong tse nepahetseng. Haeba ka nako eohle re nahana ka lintho tse re tšosang, tse re nyahamisang le tse re sitisang hore re sebeletse Jehova le Mora oa hae, re ka iphumana re e-ba le lipelaelo tse sa feleng. Empa haeba re tsepamisa mohopolo ho Jehova le Mora oa hae, ho seo ba se entseng, seo ba ntseng ba se etsa le seo ba tla se etsetsa batho bao ba ba ratang, re ke ke ra ba le lipelaelo tse ka senyang tumelo ea rōna.

Ha Petrose a sala Jesu morao ho khutlela sekepeng, o ile a bona ha sefefo se kokobela. Leoatle la Galilea le ile la khutsa tu! Petrose le barutuoa-’moho le eena ba ile ba re: “Ka sebele u Mor’a Molimo.” (Matheu 14:33) Ha mafube a hlahella letšeng, e tlameha ebe Petrose o ile a tlala kananelo e khōlō. O ne a ithutile hore ke booatla ho lumella lipelaelo le tšabo. Ke ’nete hore thōta e ne e sa namme ka pel’a hae pele e ka ba Mokreste ea kang lefika eo Jesu a ileng a mo bona esale pele. Empa o ne a ikemiselitse hore o tla lula a leka, a ’ne a ntlafatse moo ho hlokahalang. Na le uena u ikemiselitse ho etsa joalo? Ka sebele u tla fumana hore tumelo ea Petrose ke mohlala o motle oo re ka o etsisang.

[Setšoantšo se leqepheng la 22, 23]

Jesu o ile a bona litšobotsi tse ngata tse ntle tseo motšoasi enoa oa litlhapi ea ikokobelitseng a ka bang le tsona

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

“Morena . . . ke monna ea nang le sebe”

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

“Ha a sheba moea oa sefefo, a ba le tšabo”