Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Lipaki Tsa Jehova ke Karolo ea Bolumeli ba Boprostanta?

Na Lipaki Tsa Jehova ke Karolo ea Bolumeli ba Boprostanta?

Babali ba Batla ho Tseba

Na Lipaki Tsa Jehova ke Karolo ea Bolumeli ba Boprostanta?

Lipaki Tsa Jehova ha li inke e le karolo ea bolumeli ba Boprostanta. Hobane’ng?

Boprostanta bo qalile lekholong la bo16 la lilemo Europe ha ho ne ho etsoa boiteko ba ho fetola lithuto tse itseng tsa Kereke ea Roma e K’hatholike. Lentsoe la Senyesemane “Protestant [Boprostanta],” le ile la sebelisoa ka lekhetlo la pele ha ho buuoa ka balateli ba Martin Luther Sebokeng se neng se tšoaretsoe Speyer, ka 1529. Haesale ho tloha ka nako eo, ka tloaelo lentsoe lena le ’nile la sebelisoa ha ho hlalosoa bohle ba tšehetsang sepheo le likhopolo tsa Phetohelo eo ea Lithuto Tsa Mak’hatholike. Ka hona, Khatiso ea bo11 ea Merriam-Webster’s Collegiate Dictionary, ha e hlalosa Moprostanta, e re ke “motho ea kenang e ’ngoe ea likereke tse ’maloa tse hanang taba ea hore Mopapa o na le matla a se nang moeli, empa li lumellana le lithuto tse bileng teng ka Phetohelo ea Lithuto Tsa K’hatholike, tsa hore tumelo ea motho ke eona feela e etsang hore Molimo a mo amohele, le hore balumeli bohle ke baprista ebile Bibele ke eona feela mohloli oa ’nete.”

Le hoja Lipaki Tsa Jehova li sa lumellane le taba ea hore mopapa o na le matla a se nang moeli, li bile li lumela ka hohle-hohle hore Bibele ke eona mohloli o ka sehloohong oa ’nete, empa li fapana le malumeli a Boprostanta lintlheng tse ngata. Ha e le hantle, The Encyclopedia of Religion e hlalosa hore Lipaki Tsa Jehova “lia ikhetha.” Hlahloba litsela tse tharo tseo li fapaneng le malumeli ao ka tsona.

Ea pele, le hoja malumeli a Boprostanta a hana mekhoa e itseng ea borapeli ba K’hatholike, baeta-pele ba Phetohelo eo ba ile ba tšoarella lithutong tse itseng tsa K’hatholike, tse kang tumelo ea Boraro-bo-bong, mollo oa lihele le hore moea oa motho ha o shoe. Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova li lumela hore lithuto tsena li hanana le Bibele ebile li ruta se fosahetseng ka Molimo.—Sheba leqephe la 4-7 makasineng ena.

Ea bobeli, sepheo sa Lipaki Tsa Jehova ke ho ruta se nepahetseng, eseng ho hlasela lithuto tse fosahetseng tse rutoang ke malumeli a mang. Ba nka keletso ena ea Bibele ka botebo: “Mohlanka oa Morena ha a tšoanele ho loana, empa eka khona a be mosa ho bohle, a tsebe ho ruta, a be le mamello. A rute bahanyetsi ka bonolo.” (2 Timothea 2:24, 25, Bibele—Phetolelo e Ncha) Lipaki Tsa Jehova li bontša phapang e teng pakeng tsa seo Bibele e se rutang le seo malumeli a mangata a se rutang. Leha ho le joalo, morero oa tsona hase ho fetola malumeli a mang. Empa, morero oa tsona ke ho thusa batho ba ratang ’nete, hore ba be le tsebo e nepahetseng ea Molimo le Lentsoe la hae, Bibele. (Bakolose 1:9, 10) Ha batho ba malumeli a mang ka manganga ba hanyetsana le Lipaki Tsa Jehova, li qoba ho etsa likhang tse se nang thuso.—2 Timothea 2:23.

Ea boraro, ho fapana le malumeli a Boprostanta a arohaneng likoto tse ngata, Lipaki Tsa Jehova tsona li lula e le bara ba motho ba lumellanang lefatšeng ka bophara. Ha e le lithutong tsa Bibele, Lipaki Tsa Jehova tse linaheng tse ka holimo ho 230 li latela keletso ea moapostola Pauluse ea hore li “bue ka tumellano.” Ha ho likarohano har’a tsona. Ho e-na le hoo, kannete li “kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.” (1 Bakorinthe 1:10) Li leka ka hohle ho “boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.”—Baefese 4:3.