Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Lokela ho Ithuta Seheberu le Segerike?

Na U Lokela ho Ithuta Seheberu le Segerike?

Na U Lokela ho Ithuta Seheberu le Segerike?

QALONG, Mangolo a mangata a Bibele a ne a ngotsoe ka lipuo tse peli feela, e leng Seheberu le Segerike. * Bangoli ba ile ba tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo hore ba sebelise lipuo tseo. (2 Samuele 23:2) Ka hona, seo ba se tlalehileng se ka hlalosoa se “bululetsoe ke Molimo.”—2 Timothea 3:16, 17.

Leha ho le joalo, boholo ba batho ba balang Bibele kajeno ha ba utloisise Seheberu kapa Segerike. Ho e-na le hoo, ba iphumana ba tlamehile ho sebelisa Bibele e fetoletsoeng ka puo ea habo bona. Mohlomong ho joalo le ka uena. Kaha Libibele tsena tse fetoletsoeng ho tsejoa li sa bululeloa, u ka ’na ua ipotsa, ‘Na ruri ke tla utloisisa molaetsa oa Bibele empa ke sebelisa e fetoletsoeng, kapa ke lokela ho leka ho ithuta Seheberu le Segerike?’

Lintlha Tseo U Lokelang ho li Hopola

Pele u ka araba potso eo, u lokela ho hopola lintho tse ’maloa. Ntlha ea pele, ho tseba Seheberu kapa Segerike sa boholo-holo ha ho bolele hore ka mohlolo motho o tla khona ho utloisisa molaetsa oa Bibele haholo. Ha Jesu a ne a bua le Bajuda ba mehleng ea hae, o ile a re: “Le phenya Mangolo, hobane le nahana hore ka ’ona le tla ba le bophelo bo sa feleng; ’me ke ’ona a mpakang. Leha ho le joalo ha le batle ho tla ho ’na e le hore le ka ba le bophelo.” (Johanne 5:39, 40) Bothata ba bona e ne e le bofe? Na ba ne ba sa utloisise Seheberu? Che, ba ne ba se tseba hantle. Leha ho le joalo, Jesu o ile a tsoela pele a re: “Ke tseba hantle hore ha le na lerato la Molimo ka ho lōna.”—Johanne 5:42.

Ka tsela e tšoanang, moapostola Pauluse o ile a bolella Bakreste ba neng ba bua Segerike ba motseng oa boholo-holo oa Korinthe, a re: “Bajuda ba kōpa lipontšo ’me Bagerike ba batla bohlale; empa re bolela Kreste ea ileng a khokhotheloa thupeng, ho Bajuda ke sesosa sa ho khoptjoa empa ho lichaba ke booatla.” (1 Bakorinthe 1:22, 23) Ka hona, ho hlakile hore ho bua Seheberu kapa Segerike ho ne ho sa bolele hore motho o tla amohela molaetsa o fumanoang Lentsoeng la Molimo.

Ntlha ea bobeli ke hore le hoja batho ba bang kajeno ba bua Seheberu kapa Segerike sa mehleng ena, lipuo tsena li se li fapane haholo ho Seheberu le Segerike se neng se sebelisoa ha ho ne ho ngoloa Bibele. Ho batho ba bangata ba buang Segerike kajeno, ho thata hore ba utloisise Segerike sa mehleng ea ha ho ngoloa Bibele. Lebaka ke hore ho na le mantsoe a macha a ekelitsoeng puong, a nketseng a pele sebaka, hape mantsoe a mangata a ntseng a sebelisoa a se a fetotse moelelo. Ka mohlala, lentsoe le fetoletsoeng e le “motle” ho Liketso 7:20 le ho Baheberu 11:23, Segerikeng sa kajeno le bolela ntho e “tšehisang.” Ho phaella moo, melao ea puo e ’nile ea fetoha haholo hammoho le tsela eo lipolelo li hokahanngoang ka eona.

Esita le haeba u ne u ka ithuta Seheberu sa kajeno kapa sona Segerike, seo se ne se sa tl’o bolela hore u tla utloisisa Bibele ka tsela e nepahetseng haholoanyane ha u e bala ka lipuo tseo e ngotsoeng ka tsona qalong. U ne u ntse u tla lokela ho sebelisa lidikishinari le libuka tsa sebōpeho sa puo e le hore li u bontše hore na mantsoe a lipuo tsena a ne a sebelisoa joang ha libuka tsa pele tsa Bibele li ne li ngoloa.

Ntlha ea boraro ke hore ho ithuta puo e ncha e ka ba ntho e boima haholo. Le hoja qalong ho ka ba bonolo ho ithuta lipolelo tse itseng ka puo e ’ngoe, ho ka ’na ha nka lilemo u sebetsa ka thata hore u tsebe hantle hore na mantsoe a itseng a batlang a tšoana a fapana joang puong eo. Ho ntse ho le joalo, u ka ’na ua hlokomela hore ho se tsebe ntho hantle ho ka lahla. Joang?

Lentsoe Lee le Bolela’ng?

Na motho e mong ea ithutang puo ea hao o se a kile a u botsa hore na lentsoe le itseng le bolela’ng? Haeba ho joalo, ua tseba hore hase kamehla ho leng bonolo ho arabela. Hobane’ng? Hobane lentsoe leo le ka ’na la bolela lintho tse ngata tse sa tšoaneng. E ka ’na eaba u ile ua kōpa motho eo hore a u fe mohlala oa polelo eo lentsoe leo le hlahileng ho eona. Ntle le hore u tsebe hore na ho buuoa ka eng, ho ka ’na ha e-ba thata ho tseba hore na tlhaloso e nepahetseng ea lona ke efe. Ka mohlala, motho a ka ’na a u botsa hore na lentsoe la Sesotho “lahla” le bolela’ng. Lentsoe lena le ka bolela lintho tse ngata tse sa tšoaneng, ho ea feela ka hore na ho buuoa ka eng. Le ka bolela ho nyahlatsa ntho kapa ho e akhela thōko. Maemong a mang le ka bolela ho se tsebe moo u behileng ntho e itseng teng. Le ka boela la sebelisoa ha ntho e itseng e lahlehile. Hape le ka bolela ho fetohela ntho e itseng kapa mokhoa o itseng. Le ka boela la sebelisoa polelong e reng “ho lahla kherehloa” e le ha ho boleloa ho tlohela ntho ka lehare. Tlhaloso e nepahetseng ke efe?

Dikishinari e ka fana ka litlhaloso tsohle tsa lentsoe. Tse ling li bile li thathamisa litlhaloso ho latela hore na tse sebetsang haholo ke life. Empa taba eo ho buuoang ka eona ke eona e tla u thusa hore u tsebe hore na tlhaloso e nepahetseng ea lentsoe ke efe. Ho tea mohlala: A re re ka mohlomong u na le tsebo e itseng ka bongaka ’me u batla ho tseba hore na matšoao a itseng a ho kula ao u nang le ’ona ke a eng. U ka ’na ua sheba dikishinaring ea bongaka. E ka ’na ea u bolella hore ho na le menyetla e etsang liphesente tse 90 ea hore ebe matšoao ao ke a lefu le itseng empa ho ka ba le menyetla e etsang liphesente tse 10 ea hore ebe a bolela ntho e ’ngoe e fapaneng. U tla lokela ho tseba ho eketsehileng pele u ka etsa qeto ea hore na ke matšoao a eng. Ka tsela e tšoanang, taba ea hore menyetla e etsang 90 lekholong ea lentsoe le itseng e ka bolela ho itseng ha e u thuse haeba u bala molaetsa oa bohlokoa oo ho oona ho sebelisitsoeng tlhaloso e ’ngoe ea lentsoe leo. U lokela ho tseba ho eketsehileng ka seo ho buuoang ka sona pele u ka utloisisa lentsoe leo.

Tabeng ea ho ithuta mantsoe a hlahang ka Bibeleng, u lokela ho tseba taba eo ho neng ho buuoa ka eona ha lentsoe leo le tla sebelisoa. Ka mohlala, mantsoe a pele ao ka tloaelo a fetoleloang e le “moea” a ka bolela lintho tse sa tšoaneng, ho ea ka hore na ha a sebelisoa ho buuoa ka eng. Ka linako tse ling, a ka fetoleloa ka nepo e le ‘moea o fokang.’ (Exoda 10:13; Johanne 3:8) Maemong a mang a ka bolela matla a bophelo a teng ho libōpuoa tse phelang, ebang ke batho kapa liphoofolo. (Genese 7:22; Pesaleme ea 104:29; Jakobo 2:26) Libōpuoa tse sa bonahaleng tse lulang leholimong le tsona li hlalosoa e le meea. (1 Marena 22:21, 22; Matheu 8:16) Matla a sebetsang a Molimo le oona a bitsoa moea o halalelang. (Genese 1:2; Matheu 12:28) Lentsoe lona leo le sebelisoa ha ho hlalosoa se susumetsang motho hore a be le boikutlo bo itseng, tšekamelo e itseng kapa monahano o itseng, haesitana le ho hlalosa maikutlo a tloaelehileng ao sehlopha sa batho se nang le ’ona.—Joshua 2:11; Bagalata 6:18.

Le hoja dikishinari ea Seheberu kapa ea Segerike e ka ’na ea thathamisa litlhaloso tsena tse sa tšoaneng, taba eo ho buuoang ka eona ke eona e tla u thusa hore u tsebe hore na tlhaloso e nepahetseng ke efe. * Sena ke ’nete, ho sa tsotellehe hore na u bala Bibele ka lipuo tsa qalong kapa u bala e fetoletsoeng ka puo ea hao.

Na ho Fosahetse ho Sebelisa Bibele e Fetoletsoeng?

Batho ba bang ba ’nile ba etsa boiteko bo matla ba ho ithuta Seheberu kapa Segeriki sa ha ho ne ho ngoloa Bibele, kapa ho ithuta tsona ka bobeli. Le hoja ba hlokomela hore ha ba utloisise lipuo tseo hantle, ba thabela hore ba khona ho bala Bibele ka lipuo tseo e qalileng ho ngoloa ka tsona ’me ba nka hore ha baa senya nako ka ho ithuta tsona. Leha ho le joalo, haeba u sa khone ho ithuta tsona, na u lokela ho nyahama ebe ha u sa etsa boiteko ba ho batla ho fumana ’nete ea Bibele? Che, ha ho joalo! Ho na le mabaka a mangata a sena.

Lebaka la pele, ho nepahetse ho sebelisa Bibele e fetoletsoeng. Ha e le hantle, bangoli ba Mangolo a Segerike a Bakreste, kapa mangolo a bitsoang Testamente e Ncha, hangata ba ne ba sebelisa Segerike se fetoletsoeng ha ba qotsa Mangolong a Seheberu. * (Pesaleme ea 40:6; Baheberu 10:5, 6) Le hoja ba ne ba bua Seheberu ’me ba ne ba ka ’na ba qotsa Mangolo a pele a Seheberu, ho hlakile hore ba ne ba khotsofaletse ho sebelisa mangolo a fetoletsoeng a litemana tseo, e leng mangolo ao batho ba bangata bao ba neng ba ba ngolla ba neng ba e-na le ’ona.—Genese 12:3; Bagalata 3:8.

Lebaka la bobeli ke hore esita le haeba motho a ka utloisisa lipuo tseo Bibele e ileng ea ngoloa ka tsona, mantsoe a Jesu oona a ka a bala feela Bibeleng e fetoletsoeng. Lebaka ke hore mantsoe ao Jesu a ileng a a bua ka Seheberu, bangoli ba Likosepele ba a ngotse ka Segerike. * Motho leha e le ofe ea nahanang hore ho khona ho bala mantsoe a bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba boholo-holo ka puo eo ba neng ba ngola ka eona ho bontša bohlale bo itseng, o lokela ho nahanisisa hore na seo se bolela’ng. Taba ea hore Jehova o ile a susumelletsa hore mantsoe a Mohlanka oa hae ea moholo ka ho fetisisa a bolokoe ka Bibele e fetoletsoeng—e leng puo e neng e utloisisoa ke bohle mehleng eo—e bontša hore hase ntho ea bohlokoa hore na re bala Bibele ka puo efe. Ntho ea bohlokoa ke hore re bale molaetsa o susumelitsoeng ke Molimo ka puo eo re ka e utloisisang le ho nka khato ha re o bala.

Lebaka la boraro ke hore “litaba tse molemo” tse ka Bibeleng li ne li lokela ho bolelloa batho ba ikokobelitseng ba “sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” (Tšenolo 14:6; Luka 10:21; 1 Bakorinthe 1:27-29) Tumellanong le sena, batho ba bangata haholo kajeno ba ka ithuta morero oa Molimo ka ho bala Bibele e ngotsoeng ka puo ea bona, ha ho hlokahale hore ba ithute puo e ’ngoe. Lipuong tse ngata, ho na le Libibele tse ’maloa tse fetoletsoeng, e le hore ’mali a ka ikhethela hore na o batla efe. *

Joale u ka etsa eng ho tiisa hore u utloisisa ’nete eo u e balang Bibeleng? Lipaki tsa Jehova li fumane hore ho ithuta Bibele ka ho e arola ka lihlooho, ebe u hlahloba boitsebiso bo potolohileng taba, ke tsela e molemo ea ho utloisisa molaetsa o ka Lentsoeng la Molimo. Ka mohlala, li qolla sehlooho se itseng, se kang “Lenyalo,” ebe li sheba litemana tsohle tse buang ka sehlooho seo. Ka tsela eo, li etsa hore karolo e itseng ea Bibele e hlalose se boleloang ke karolo e ’ngoe. Ke hobane’ng ha u sa sebelise monyetla oo oo Lipaki Tsa Jehova li o fang bohle oa ho ithuta Bibele ha hao ntle le ho lefisoa? Ho sa tsotellehe hore na u bua puo efe, Molimo o batla hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Timothea 2:4; Tšenolo 7:9.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Likarolo tse ling tsa Bibele li ngotsoe ka Searame, e leng puo e tšoanang haholo le Seheberu sa mehleng ea Bibele. Mehlala ea tsona e fumanoa ho Esdrase 4:8 ho ea ho 6:18 le 7:12-26, Jeremia 10:11, le Daniele 2:4b ho ea ho 7:28.

^ ser. 14 Ntho eo batho ba lokelang ho e ela hloko ke ea hore lidikishinari tse ling le libuka tse hlalosang mantsoe a Bibele li thathamisitse feela hore na lentsoe le itseng le ’nile la fetoleloa joang Bibeleng e ’ngoe, joaloka King James Version, ho e-na le hore li hlalose se boleloang ke mantsoe.

^ ser. 17 Mehleng ea Jesu Kreste le baapostola ba hae, libuka tsohle tsa Mangolo a Seheberu li ne li fumaneha le ka Segerike. Bibele eo e fetoletsoeng e ile ea bitsoa Septuagint ’me e ne e sebelisoa haholo ke Bajuda ba neng ba bua Segerike. Boholo ba mangolo a mangata a qotsitsoeng ka ho toba Mangolong a Seheberu a fumanoang Mangolong a Segerike a Bakreste, a ne a tsoa ho Septuagint.

^ ser. 18 Ho lumeloa hore Kosepele ea Matheu qalong e ne e ngotsoe ke moapostola Matheu ka Seheberu. Leha ho le joalo, esita le haeba seo ke ’nete, mangolo a ’nileng a bolokoa ho fihlela kajeno ke a fetoletsoeng Segerikeng, mohlomong a fetoletsoe ke eena Matheu ka boeena.

^ ser. 19 Haeba u batla moo ho tšohliloeng mekhoa e sa tšoaneng ea ho fetolela le hore na motho a ka khetha joang phetolelo e nepahetseng, u ka sheba sehlooho se reng “Ke Joang U ka Khethang Bibele e Fetoletsoeng Hantle?” Molula-Qhooeng oa May 1, 2008.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]

Septuagint

Bajuda ba neng ba bua Segerike mehleng ea Jesu le baapostola ba hae, ba ne ba sebelisa Septuagint ea Segerike haholo. Septuagint ke Mangolo a Seheberu a fetoletsoeng ho Segerike. Batho ba e thahasella haholo ka lebaka la hore ke eona buka ea pele eo ho ileng ha fetoleloa Mangolo a Halalelang puong e ’ngoe, ebile e nkoa e le e tsotehang ka lebaka la nako eo e e nkileng e ntse e fetoleloa. Sehlopha sa bafetoleli se ile sa qala ho fetolela Septuagint lekholong la boraro la lilemo B.C.E., ’me mosebetsi oo o ile oa phethoa ke ba bang lilemo tse ka holimo ho tse lekholo ka mor’a moo.

Bakreste ba pele ha baa ka ba e-ba leqe ho sebelisa Septuagint hamolemo e le hore ba pakele batho hore Jesu e ne e le Kreste, e leng Mesia ea tšepisitsoeng. Ba ile ba atleha haholo hoo batho ba ileng ba qetella ba nka hore Septuagint ke Bibele e fetoletsoeng ke “Bakreste.” Sena se ile sa etsa hore Bajuda ba bangata ba se ke ba e rata, sa ba sa etsa hore ho fetoleloe Libibele tse ling ka Segerike. Bibele e ’ngoe e ile ea fetoleloa lekholong la bobeli la lilemo C.E. ke Aquila, ea neng a sokolohetse Bojudeng. Ha setsebi se seng sa Bibele se e hlalosa, se re ke “ntho e neng e sa lebelloa.” Litlhaku tsa boholo-holo tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo, e leng Jehova, li hlaha hohle Bibeleng eo e fetoletsoeng Segerikeng ke Aquila.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Israel Antiquities Authority

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Ntho ea bohlokoa ke hore re bale molaetsa oa Bibele o susumelitsoeng ke Molimo, ka puo eo re ka e utloisisang re be re etse ho latela seo re se balang