Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thuto e Iqapetsoeng ea 2: Ba Khopo ba Hlokofatsoa Liheleng

Thuto e Iqapetsoeng ea 2: Ba Khopo ba Hlokofatsoa Liheleng

Thuto ee e iqapetsoeng e qalile hokae?

“Ho bo-rafilosofi bohle ba boholo-holo ba Bagerike, ea bileng le tšusumetso e khōlō ka ho fetisisa thutong e tloaelehileng ea Lihele ke Plato.”—Histoire des enfers (Histori ea Lihele), e ngotsoeng ke Georges Minois, leqepheng la 50.

“Ho qala mahareng a lekholo la 2 la lilemo AD, Bakreste ba ileng ba rutoa filosofi ea Bagerike ba ile ba utloa ho hlokahala hore ba hlalose tumelo ea bona ho latela filosofi eo . . . Filosofi eo ba neng ba hlile ba e rata e ne e le ea Plato [lithuto tsa Plato].”—The New Encyclopædia Britannica (1988), Volume 25, leqepheng la 890.

“Se rutoang ke Kereke se tiisa hore lihele li teng le hore ke mollo o sa feleng. Hang ka mor’a lefu, meea ea batho ba shoang ba e-na le libe tse tebileng e ea liheleng, moo e fumanang tlhokofatso ea lihele, e leng ‘mollo o sa feleng.’ Kotlo e ka sehloohong ea lihele ke ho aroloa ho Molimo ka ho sa feleng.”—Catechism of the Catholic Church, khatiso ea 1994, leqepheng la 270.

Bibele e ruta eng?

“Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa, empa bafu ha ba tsebe letho, . . . kaha ha ho na mosebetsi kapa monahano kapa tsebo kapa bohlale Sheole, e leng moo u eang teng.”—Moeklesia 9:5, 10, Revised Standard Version.

Lentsoe la Seheberu, Sheole, le bolelang “nģalo ea bafu,” le fetoletsoe e le “lihele” Libibeleng tse ling. Temana ee e senola eng ka boemo ba bafu? Na ba hlokofatsoa Sheole e le hore ba lefelle libe tsa bona? Che, kaha “ha ba tsebe letho.” Ke kahoo mopatriareka Jobo ha a ne a utloile bohloko bo fetisisang ka lebaka la ho kula haholo, a ileng a kōpa Molimo: “Mpate liheleng [Sheole, ka Seheberu].” (Jobo 14:13; Douay-Rheims Version) Kōpo ea Jobo e ne e tla be e bolela’ng haeba Sheole e ne e le sebaka seo ho sona batho ba hlokofatsoang ka ho sa feleng? Lihele, ho latela Bibele, e mpa feela e le lebitla le tloaelehileng moo motho a seng a ke ke a etsa letho.

Ka sebele tlhaloso ena ea lihele ea utloahala ebile e lumellana le Mangolo. Ke ketso efe e fosahetseng hoo Molimo ea lerato a ka hlokofatsang batho ka ho sa feleng ka lebaka la eona? (1 Johanne 4:8) Empa haeba thuto ea mollo oa lihele e iqapetsoe, joale ea hore moea o ea leholimong eona?

Bapisa litemana tsena tsa Bibele: Pesaleme ea 146:3, 4; Liketso 2:25-27; Baroma 6:7, 23

THUTO EA ’NETE:

Molimo ha a hlokofatse batho liheleng