Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Molimo o Fela a re Tsotella—Re Tseba Joang?

Molimo o Fela a re Tsotella—Re Tseba Joang?

Molimo o Fela a re Tsotella​—Re Tseba Joang?

HAEBA Molimo oa re rata, ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a mangata hakaale? Ena ke potso ea bohlokoa eo batho ba ’nileng ba ipotsa eona ka lilemo tse likete. Mohlomong ua lumela hore haeba u rata motho, u ke ke ua rata ho mo bona a utloa bohloko ebile u tla leka ho mo thusa ha a le mathateng. Ka hona, ba bangata ba nahana hore Molimo ha a re tsotelle kaha lefatše le tletse mahlomola a mangata. Ke kahoo e leng habohlokoa hore re qale ka ho hlahloba bopaki bo teng ba hore Molimo o fela a re rata, ebile oa re tsotella.

Pōpo e Paka Hore Molimo oa re Rata

Jehova Molimo ke eena “Ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.” (Liketso 4:24) Ha re nahana ka lintho tseo Jehova a li bōpileng, ruri re lokela ho lumela hore oa re tsotella. Ka mohlala, nahana ka lintho tse u thabisang le tse u khotsofatsang. Na u rata lijo tse monate? Ha Jehova a rata a ka be a fane ka mofuta o le mong feela oa lijo hore re tsoele pele re phela. Empa o ile a etsa mefuta-futa ea lijo tse lutlisang mathe hore re thabele ho li ja. Hape Jehova o khabisitse lefatše ka lifate tsa mefuta-futa, lipalesa le libōpeho tse sa tšoaneng tsa naha e le hore re thabele bophelo le ho natefeloa ke bona.

Hape nahana ka tsela eo re entsoeng ka eona. Le hoja re khona ho qaboha, ho thabela ho mamela ’mino le ho bona lintho tse ntle, tsena hase tsona lintho tsa bohlokoa hakaalo hore re tsoele pele re phela, empa ke limpho tseo Molimo a re fileng tsona e le hore feela re thabele bophelo. Ntle ho moo, nahana ka kamano eo re nang le eona le ba bang. Ke mang ea sa thabeleng botsoalle bo mofuthu le metsoalle ea hae e molemo, kapa ea sa thabeleng ho hakoa ka lerato ke motho eo a mo ratang? Ha e le hantle, taba ea hore re khona ho rata ba bang le eona ke mpho e tsoang ho Molimo ea lerato! Kaha lerato ke ntho eo Molimo a e bōpeletseng le batho, e tlameha ebe lerato ke e ’ngoe ea litšobotsi tsa Molimo.

Bibele e re Tiisetsa Hore Molimo oa re Rata

Bibele e re bolella hore Molimo ke lerato. (1 Johanne 4:8) Hase pōpo feela e bonahatsang lerato la hae, empa le boetse le bonahatsoa ka Lentsoeng la hae, Bibele. Ka mohlala, Bibele e fana ka tataiso ea hore na batho ba ka etsa eng e le hore ba phele hantle ’meleng, e khothalletsa ho etsa lintho ka tsela e leka-lekaneng, ebile e lemosa batho hore ba se ke ba tahoa kapa ba e-ba meharo.—1 Bakorinthe 6:9, 10.

Bibele e boetse e fana ka keletso e molemo mabapi le hore na batho ba ka sebelisana joang, e re khothalletsa hore re ratane re be re tšoare batho ba bang ka tlhompho, re ba siele seriti re be re ba bontše mosa. (Matheu 7:12) E khalemela mekhoa le lintho tseo batho ba li etsang tse ka ba bakelang mahlomola—tse kang meharo, ho bua hampe ka batho ba bang, mohono, bofebe le ho bolaea. Hoja motho e mong le e mong o ne a leka ho latela keletso e ntle ea Mangolo, ka sebele ho ka be ho se na mahlomola a mangata hakana lefatšeng.

Leha ho le joalo, ntho e khōlō ka ho fetisisa e bontšang hore Molimo oa re rata, ke hore o fane ka Mora oa hae, e leng Jesu, hore a rekolle batho. Johanne 3:16 e re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” Ka hona, Jehova o se a hlophisitse hore a tl’o felisa lefu le mahlomola ’ohle ka ho feletseng.—1 Johanne 3:8.

Ha e le hantle, ho na le mabaka a mangata a bontšang hore Jehova oa re rata. Ka hona, ho hlakile hore ha a thabele ho bona ha re ntse re utloa bohloko. O tla felisa mahlomola. Ha ho hlokahale hore re ingoaee lihlooho hore na seo se tla etsahala joang—Bibele ea re bolella hore na ha e le hantle Molimo o tla felisa mahlomola joang.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Hore ebe re khona ho rata ba bang ke mpho e tsoang ho Molimo ea lerato