Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Polao e Sehlōhō Sekolong Matšeliso a Bileng Teng ka Mor’a Ketsahalo Eo

Polao e Sehlōhō Sekolong Matšeliso a Bileng Teng ka Mor’a Ketsahalo Eo

Polao e Sehlōhō Sekolong Matšeliso a Bileng Teng ka Mor’a Ketsahalo Eo

LEQEPHE le qalang la koranta le ne le le letšo. Holim’a botšo boo ho ne ho ngotsoe lentsoe le le leng feela: “Hobane’ng?” Potso eo e ile ea botsoa hangata-ngata ka mor’a hore ngoana ea lilemo li 17, Winnenden, ka boroa Jeremane, a qale ho thunyaka feela batho ba bangata hoo a ileng a bolaea ba 15 ’me qetellong le eena a ithunya. Lifolakha tsohle Jeremane li ile tsa fokela tlaase ’me ka ho panya ha leihlo, litaba tsa tlokotsi ena tsa hasana le lefatše lohle.

Winnenden ke toropo e ruileng ebile e ntle haholo, mathōkong a eona ho na le masimo a lifate tsa morara le tsa litholoana. Letsatsi la la 11 March, 2009, le ile la qala joaloka a mang Sekolong se Mahareng sa Albertville. Empa ka tšohanyetso ho ile ha e-ba le ketsahalo e mabifi le moferefere ka 9:30 hoseng.

Mohlankana e mong o ile a fihla sekolong seo a neng a se kena pele, a tuka bohale, a tšoere sethunya seo a se nkileng ka kamoreng ea batsoali ba hae. Ka potlako e tšabehang, o ile a thunya barutoana ba robong le matichere a mararo ka ho latellana ka litlelaseng tse tharo le phasejeng, a ba a ntša ba bang ba bangata likotsi. Ho e-s’o ee kae, mapolesa a ile a fihla. ’Molai eo o ile a balehela mabaleng a tleliniki e haufi ea mafu a kelello. Ha a le moo o ile a bolaea monna ea sebetsang ho lokisa thepa ea sebaka seo. Eaba o koetela koloi e ’ngoe a supile mokhanni ka sethunya. Ka mor’a ho tsamaea lik’hilomithara tse 40, mokhanni o ile a khona ho baleha. Rasethunya o ile a fihla moo ho rekisoang likoloi, a bolaea morekisi le motho ea neng a sebeletsoa, a ba a ntša mapolesa a mabeli a neng a batla ho mo tšoara likotsi tse mpe. Qetellong ha mapolesa a se a mo lika-likile, eaba o ithunya hloohong.

Ba tsebang rasethunya eo, ba re e ne e le mocha ea tšoanang le bacha ba bang, ea neng a batla hore ba bang ba mo amohele le hore a be le metsoalle. Joale ho ile ha senyeha hokae? E ka ’na eaba ka linako tse ling o ne a tepella maikutlong, hape o ne a rata ho bapala ka lithunya tsa maiketsetso a bile a rata lipapali tsa k’homphieutha tse tletseng liketso tse mabifi. Empa ba bang ba re eo ke ntho e ntseng e etsoa ke bacha ba bangata. Joale ho thoe’ng ka batho bao a ba thuntseng? Na o ne a hlile a e-na le bao a ba khethileng kapa o ne a thunya feela ea kopanang le eena? Batho ba ne ba bua lintho tse fapa-fapaneng tabeng ea hore na ke hobane’ng ha a ile a thunya banana ba robeli le moshanyana a le mong feela. Empa ho ne ho se le ea mong ea neng a fana ka tlhaloso e utloahalang.

Ho Nkoa Khato e Potlakileng

Heike o re: “Ha mora oa rōna a founa ’me a mpolella hore ho na le motho ea thunyang sekolong, ha kea ka ka lumela. Empa ha ke utloa likoloi tse ngata tsa mapolesa le liambulense li ntse li feta ka lebelo le leholo, ke ile ka tšoha haholo.” Ho fihla ha mapolesa ka potlako e ka ’na eaba ho ile ha sitisa rasethunya eo hore a bolaee batho ba bang ba bangata sekolong. Ka mor’a hore bohle ba ntšoe sekolong, ho ile ha tla ba thuso ea pele, baeletsi hammoho le baruti ’me ba sebetsa ho fihlela ba khathetse, ba ntse ba thusa barutoana.

Ka potlako e khōlō baqolotsi ba litaba ba ile ba khobokana sekolong, ba leka ho buisana le barutoana, bao boholo ba bona ba neng ba ntse ba harohile matsoalo. Morutoana e mong o ile a khona ho bala likoloi tse 28 tsa liteishene tse 26 tsa thelevishene tse neng li pakile ka pel’a sekolo seo sa bona. Baqolotsi bao ba ne ba qothisana lehlokoa ka thata ’me seo se ile sa etsa hore litaba tse ling tse tlalehoang e be tseo ho sa tsejoeng hantle hore na ke ’nete kapa che. Hona letsatsing leo, moqolotsi e mong oa litaba o ile a ea habo ngoanana e mong ea neng a bolailoe ho ea kōpa lifoto tsa hae, ’me ba bang ba ile ba reka barutoana e le hore ba ba nke lifoto. Ka lebaka la ho nkeha maikutlo ke pherekano e neng e le teng, ho bonahala baqolotsi ba bang ba ne ba sitoa ho leka-lekanya lintho, ba batla monyetla oa ho fumana litaba tsa bohlokoa pele ho ba bang hoo ba neng ba hlokomoloha taba ea ho nahanela le ho hlompha batho ba oetsoeng ke koluoa.

Kaha ke ntho e tloaelehileng ha ho hlahile maemo a kang ana, batho ba ile ba ea likerekeng ho ea batla matšeliso le ho fumana likarabo tsa lipotso tseo ba ipotsang tsona. Letsatsing leo la polao e sehlōhō, ho ile ha tšoaroa tšebeletso ea malumeli a ikopantseng. Batho ba bangata ba ile ba ananela tšehetso eo haholo. Empa batho ba neng ba batla matšeliso a tsoang Lentsoeng la Molimo kapa ba neng ba batla likarabo tsa lipotso tse ba qakileng ba ile ba soetseha haholo. Lelapa le leng le ile la ea phupung ea ngoana ea neng a kena le mora oa bona tlelaseng e le ’ngoe. ’Mè oa mora eo o ile a re: “Mobishopo o ile a bua ka mahlomola a Jobo. Ke ile ka letela ho utloa ha a hlalosa hore na re ithuta’ng ho ’ona kapa ha a fana ka matšeliso a itseng, empa ha aa ka a hlalosa kapa hona ho fana ka matšeliso. Ha aa ka a hlalosa hore na ke hobane’ng ha Jobo a ile a hlaheloa ke lintho tse bohloko, kapa hona ho bolela hore na qetello ea hae e bile efe.”

Monna e mong o ile a khopisoa haholo ke mantsoe a se nang thuso ao a ileng a a utloa. Monna eo o ne a ile a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova lilemong tse ka bang 30 tse fetileng, eaba oa khaotsa. Hona joale o qalile ho ea libokeng tsa tsona hape.

Ngoanana ea bitsoang Valisa, ea lilemo li 14, ea ithutang Bibele le Lipaki kamehla, o ne a le ka tlelaseng e haufi le eo barutoana ba bolaetsoeng ho eona. Ha a utloa sethunya se ntse se khabola, o ile a qala ho rapela Jehova. Hamorao ha a botsoa hore na o ne a ntse a e-ea joang, o ile a re liketsahalo tseo li mo tiiselitse hore seo a ithutileng sona Bibeleng ka matsatsi a ho qetela a mahlonoko, ke ’nete. (2 Timothea 3:1-5) Ka lekhetlo le leng Lipaki tse peli li ne li ntse li bolella baahisani ba tsona mantsoe a khothatsang. Eaba mosali e mong ea seng a hōlile o tla ho tsona ’me o re, “Batho ba bangata ba lokela ho etsa sena seo le se etsang.” Le hoja polao eo e sehlōhō e ne e le bohloko ebile e harotse batho matsoalo, e ile ea etsa hore batho ba bang ba mamele molaetsa o fanang ka tšepo le o tšelisang o tsoang Lentsoeng la Molimo.

Ho Sithabela Maikutlong ho Liehang ho Fela ka Mor’a Koluoa

’Nete ke hore esita le mantsoe a tšelisang ka ho fetisisa a tsoang botebong ba pelo a ke ke a felisa letsoalo la ba ileng ba ameha le ho sithabela hoo ba bang le hona. Ha ho na mantsoe a ka felisang ka ho feletseng bohloko bo utluoeng ke motsoali eo ngoana oa hae a ileng a shoa moo, kapa a ka felisang ho sithabela ha lepolesa le ileng la potlakela sekolong, athe le tla fumana mosali oa lona a le har’a ba bolailoeng.

Barutoana ba ileng ba pholoha tlokotsi eo hammoho le malapa a bona ba ile ba ameha haholo maikutlong, ka litsela tse sa tšoaneng. Vassilios o ile a ipetsa ka fensetere ea maemo a tšohanyetso hang ha rasethunya a qala ho thunya. O re: “Ha ke ipetsetsa ka ntle joalo, ke ne ke ntse ke rapela Jehova. Ke ne ke nahana hore ke tl’o shoa. Ke ne ke kholisehile hore ena ke thapelo ea ka ea ho qetela.” Libekeng tse hlahlamang, o ne a tšoenngoa ke ho phofa a bile a sa batle ho bua le motho leha e le ofe. O ile a halefisoa haholo ke ho bona kamoo baqolotsi ba litaba ba ileng ba fetola polao eo e sehlōhō khoebo kateng hammoho le tsela eo batho ba neng ba batla ho utloa litaba ba neng ba hloka kutloelo-bohloko ka eona. Ka mor’a nako, o ile a boela a amohela bophelo kamoo bo leng kateng.

Jonas o ne a le ka tlelaseng e le ’ngoe le Vassilios ’me o ile a bona ha bana ba bahlano ka tlelaseng ea hae ba bolaoa. O re: “Hang ka mor’a moo, ke ne ke se na bothata ba ho hlalosa se etsahetseng; e ne eka ke tsoa shebella filimi e tšosang. Empa hona joale ho thata hore ke bolele hore na ke ikutloa joang. Maikutlo a ka a lula a feto-fetoha. Ka linako tse ling ha ke batle ho bua ka hona; ka linako tse ling ke bua ka hona haholo.” Le eena o lula a phofa ebile o na le mathata a mang a boroko.

Ka mor’a matsatsi a itseng, barutoana ba ile ba fuoa lintho tsa bona tse neng li le ka litlelaseng. Litsebi tse thusang batho ba utloileng bohloko ’meleng le maikutlong li ile tsa lemosa hore ha bana ba bona lintho tseo, li tla ba hopotsa ketsahalo eo e bohloko. Qalong, Jonas o ne a sa batle ho tšoara baki ea hae, mokotla oa hae oa libuka hammoho le helmete ea hae ea sethuthuthu. O ne a bile a tšoha nako le nako ha a bona motho ea tšoanang le rasethunya kapa ha a bona motho ea jereng mokotla o tšoanang le oa rasethunya. Ha batsoali ba hae ba shebelletse filimi ’me ho lla sethunya, seo se ne se mo ferekanya haholo. Litsebi li ile tsa leka ho thusa batho ba fetileng maemong a tšosang hore likelello tsa bona li se ke tsa lula li nahana ka ketsahalo eo e bohloko.

Ntate oa Jonas, e leng Jürgen, o sebetsa tleliniking eo mosebetsi e mong a ileng a bolaoa ho eona. O ile a re batsoali ba bangata le batho bao a sebetsang le bona ba ile ba lula ba ikutloisa bohloko ka ho ipotsa hore na hobane’ng? le ho re, hoja? Ka mohlala, mosebetsi e mong tleliniking eo, ea neng a eme foranteng ha a tla bona rasethunya a feta, o ile a tšoenyeha haholo ka hore a ka be a thuntsoe hoo a ileng a tlameha ho fuoa phekolo e mo thusang hore a tsitse maikutlong.

Kamoo ba Bang ba Thusitsoeng ho Sebetsana le Boemo Kateng

Ba bang ba thusitsoe ke eng hore ba sebetsane le boemo boo bo nyarosang? Jürgen o re: “Le hoja ka linako tse ling ho le thata, ho khothatsa haholo ho ba le batho ba bang. Ho tseba hore batho ba bang baa u rata ebile baa u tsotella ho thusa haholo.”

Jonas le eena o ananela taba ea hore ba bang baa tsotella: “Ba bangata ba romela likarete le melaetsa. Ba bang ba ngola litemana tsa Bibele ebe kea li bala. Eo ke ntho e ntle.” O thusoa ke eng hape? O re: “Ha ke phaphama bosiu ’me ke imetsoe kelellong, kea rapela. Ka linako tse ling ke mamela ’mino kapa Tsoha! e rekotiloeng.” * Hape o phaella ka hore Bibele ea re bolella hore na ke hobane’ng ha lintho tsena kaofela li etsahala: Satane ke eena ea busang lefatše ebile re phela mehleng ea bofelo. Ntate oa hae o re ho nka lintho ka tsela ena ho ba thusa hore ba sebetsane le boemo ka katleho.

Haufinyane Mahlomola a Tla Fela

Ho e-s’o fete matsatsi a se makae, sebaka se ka pel’a sekolo seo se ne se tletse likerese, lipalesa hammoho le mangolo. Kerstin o ile a hlokomela hore melaetseng e mengata batho ba ne ba botsitse hore na ke hobane’ng ha sena se etsahetse le hore na ke hobane’ng ha Molimo a se lumeletse. Kaha o ne a tseba hore lipotso tseo li lokela ho arajoa, eena le Lipaki tse ling tse peli ba ile ba ngola lengolo ’me ba le beha har’a a mang.

Nakong ea tšebeletso ea ho hopola batho ba bolailoeng, seteishene se seng sa thelevishene se ile sa bontša lengolo la hae ’me sa qotsa mela e qalang ea lona: “Hobane’ng? Nakong ea morao tjena potso ena e ’nile ea botsoa hangata-ngata, haholo-holo lipotso tsena: Molimo o ne a le kae? Ke hobane’ng ha a ile a lumella hore see se etsahale?” Ka masoabi, ba ile ba fella moo.

Ke hobane’ng ha re re ka masoabi? Hobane lengolo leo le ne le hlalosa hore na mahlomola a simolohile joang le bile le bolela hore Molimo “o tla tiisa hore o felisa bokhopo bohle bo bakiloeng ke motho.” Lengolo leo le ne le boetse le re: “Bukeng ea ho qetela ea Bibele, Molimo o re o tla hlakola meokho eohle mahlong a batho, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” Jehova Molimo o tla be a tsose le bafu. ’Musong oa hae o leng haufi le ho fihla, ho ke ke ha hlola ho e-ba le litlokotsi, lipolao tse sehlōhō kapa mahlomola. Molimo o tšepisitse: “Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.”—Tšenolo 21:4, 5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 20 Makasine ea Tsoha! ea rekotoa ebile e hatisoa pampiring ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Jonas o ile a fumana karete e reng, “Re ntse re nahana ka uena”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]

Focus Agency/WPN

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]

© imagebroker/Alamy

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]

Foto: picture alliance

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 11]

Foto: picture alliance