Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Palo ea sechaba e ileng ea etsa hore Jesu a hlahele Bethlehema e ne e le eng?

Ho latela Kosepele ea Luka, ha Cesare Augustase a ntša taelo ea hore ho baloe sechaba ’Musong oohle oa Roma, “batho bohle ba qala ho tsamaea ho ea ngolisoa, e mong le e mong motseng oa habo.” (Luka 2:1-3) Bethlehema e ne e le motse oabo Josefa, ntate ea hōlisitseng Jesu, ka hona leeto leo Josefa le Maria ba ileng ba le nka e le ha ba mamela taelo eo, le ile la etsa hore Jesu a hlahele Bethlehema. Ho ngolisa sechaba joalo ho ne ho nolofalletsa ’muso hore o bokelle lekhetho, le hore batho ba kene sesoleng.

Ha Baroma ba hapa Egepeta ka 30 B.C.E., e ne e se e le khale Baegepeta ba bala sechaba. Litsebi li lumela hore Baroma ba ile ba rata mokhoa oo oa Baegepeta oa ho bala sechaba, eaba ba o sebelisa ’musong oohle oa bona.

Bopaki bo bong ba hore sechaba se ne se ngolisoa bo fumanoa taelong e ileng ea etsoa ke ’musisi oa Moroma ea neng a busa Egepeta ka 104 C.E. Taelo eo, eo hona joale e bolokiloeng Laebraring ea Brithani, e re: “Gaius Vibius Maximus, ’Maseterata e moholo oa Egepeta (o re): Kaha nako ea ho bala sechaba ka ntlo le ntlo e fihlile, ho hlokahala hore bohle bao ka mabaka a itseng ba lulang literekeng tse ling, ba khothalletsoe hore ba khutlele ha habo bona, e le hore ba ka phetha molao o tloaelehileng oa ho ingolisa, ba be ba etse bonnete ba hore masimo a bona aa lengoa.”

Ke hobane’ng ha Josefa a ne a rera ho fa Maria lengolo la tlhalo empa ba ne ba lebeletsane feela?

Ho latela Kosepele ea Matheu, Josefa o ile a utloa hore Maria o imme ba e-s’o nyalane, empa a ne a ‘tšepisitse ho nyalana le Josefa.’ Kaha Josefa o ne a sa tsebe hore Maria o imisitsoe ke “moea o halalelang,” e tlameha ebe o ile a nahana hore Maria o mo tsoile tlaase, eaba o rera ho mo hlala.—Matheu 1:18-20.

Bajuda ba ne ba nka batho ba lebeletsaneng joalokaha eka ba se ba ntse ba nyalane. Leha ho le joalo, mohlankana le moroetsana ba ne ba sa lule ’moho joaloka monna le mosali ho fihlela ka mor’a lechato. Tebeletso e ne e nkoa e le boitlamo bo tiileng hoo haeba monyali a ne a ka fetola maikutlo kapa ha ba le mabaka a mang a tlamang hore ba se ke ba hlola ba nyalana, moroetsana o ne a ke ke a nyaloa hape ntle le hore a fumane lengolo la tlhalo. Haeba mohlankana a ne a ka shoa pele ba nyalana, moroetsana eo o ne a nkoa e le mohlolohali. Ka lehlakoreng le leng, haeba moroetsana a ne a ka etsa bohlola nakong eo a ntseng a lebelelitsoe, o ne a nkoa e le mosali oa mofebi ’me o ne a ahloleloa lefu.—Deuteronoma 22:23, 24.

Ho hlakile hore Josefa o ile a nahanisisa ka taba ea hore Maria o tla hlahella hampe mahlong a sechaba. Le hoja a ne a utloa hore o tlameha ho isa taba ena ho ba boholong, o ne a batla ho mo sireletsa e le hore a se ke a hobosoa. Kahoo, o ile a etsa qeto ea ho mo hlala ka sekhukhu. Ho ba le lengolo la tlhalo ho ne ho tla bontša hore mosali ea nang le ngoana empa a se na monna, o ne a kile a nyaloa.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Taelo ea ho baloa ha sechaba e entsoeng ke ’musisi oa Egepeta ka 104 C.E.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© The British Library Board, all rights reserved (P.904)