Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

E-re ke “Noe e le ’Ngoe Feela ea ho Qetela”

E-re ke “Noe e le ’Ngoe Feela ea ho Qetela”

E-re ke “Noe e le ’Ngoe Feela ea ho Qetela”

ALLEN o ile a qalella ho noa joala ho tlōla ha a ne a le lilemo li 11. * Eena le metsoalle ea hae ba ne ba rata ho bapalla ka morung ba etsisa batho bao ba ba boneng lifiliming. Batho bao ba neng ba ba etsisa bona ba ne ba mpa ba bapala filimi, athe ha e le Allen le metsoalle ea hae, bona ba ne ba hlile ba noa.

Tony o ne a le lilemo li 40 ha butle-butle a qala ho eketsa joala boo a bo noang, ho tloha botlolong e le ’ngoe kapa tse peli bosiu bo bong le bo bong ho fihlela a se a noa tse hlano kapa tse tšeletseng. O ile a qetella a se a sa tsebe hore na o ne a noa tse kae ka letsatsi.

Allen o ile a batla thuso ka bothata ba hae ba ho noa. Tony o ile a hana thuso e bontšang lerato eo ba lelapa la hae le metsoalle ba neng ba mo fa eona. Allen a ka pheta pale ea hae kajeno hobane o ntse a phela; Tony eena o ile a shoa kotsing ea koloi lilemong tse ’maloa tse fetileng ka mor’a hore a noe joala ho tlōla.

Esita le haeba motho a noa ho tlōla a le mong, liphello tsa ho noa ha hae li ama bophelo ba batho ba bang hampe ’me li atisa ho fella habohloko haholo. Ha motho a hlekefetsa e mong ka mantsoe kapa ka liketso, ha motho a loantša e mong kapa a mo bolaea, ha ho e-ba le likotsi tsa koloi kapa tse hlahang mosebetsing, hammoho le ha ho e-ba le maloetse a itseng, hangata bothata e ee be e le joala. Lichaba tse ngata li lahleheloa ke libilione tsa chelete selemo le selemo ka lebaka la ho noa joala hampe, ho se ho sa thoe letho ka mathata a bakoang ke joala bophelong le maikutlong a batho ka bomong, malapeng haesita le ho bana.

Leha ho le joalo U.S. National Institutes of Health, e re: “Hase motho e mong le e mong ea noang joala kamehla eo e leng lekhoba la joala, ebile hase lekhoba le leng le le leng la joala le noang kamehla.” Batho ba bangata bao e seng makhoba a joala ba ile ba e-ba le mokhoa oa ho noa joala haholo ba sa hlokomele. Ba bang bona ha ba noe khafetsa empa mohla ba noang, ba noa libotlolo tse fetang tse hlano.

Haeba u khetha ho noa, u tla re u noele haholo ha u noele tse kae? U tla tseba joang ha ho se ho sa hlokahale hore u “noe e le ’ngoe feela ea ho qetela?” (Liproverbia 23:29, 30, Contemporary English Version) Lihlooho tse latelang li tla tšohla boitsebiso bo tla thusa tabeng ena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Mabitso a mang a fetotsoe.