Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ea Phethahatsang Litšepiso

Ea Phethahatsang Litšepiso

Atamela ho Molimo

Ea Phethahatsang Litšepiso

Joshua 23:14

NA HO thata hore u tšepe batho? Ka masoabi, re phela mehleng eo lintho tse etsahalang letsatsi le letsatsi li etsang hore re se ke ra hlola re tšepa leha e le eng. Haeba u utloisitsoe bohloko ke motho eo u neng u mo tšepa—mohlomong hobane a buile leshano kapa a sa tšepahalla ntho e itseng—ho ka etsahala hore ebe ha u sa tla tšepa motho. Leha ho le joalo, ho na le motho eo u ka mo tšepang eo le ka mohla a ke keng a u soetsa. Liproverbia 3:5 e re khothalletsa hore re ‘tšepe Jehova ka pelo eohle.’ Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Jehova joalo? E le ho araba potso eo, a re ke re hlahlobeng mantsoe a monna ea neng a tšepa Jehova ka ho feletseng, e leng Joshua, a tlalehiloeng ho Joshua 23:14.

Nahana ka boemo ba nakong eo. Joshua, ea ileng a hlahlama Moshe ho etelleng pele sechaba sa Baiseraele, o ne a le haufi le ho ba le lilemo tse 110. Nakong e telele eo a e phetseng, o ne a ile a bona ka boeena liketso tse ngata tse hlollang tseo Jehova a ileng a li etsa molemong oa Baiseraele, ho akarelletsa ho ba pholosa ka mohlolo Leoatleng le Lefubelu lilemong tse ka bang 60 pele ho moo. Joale ha Joshua a nahana ka lintho tseo kaofela, o bitsa “banna ba [Baiseraele] ba baholo le lihlooho tsa bona le baahloli ba bona le balaoli ba bona.” (Joshua 23:2) Mantsoe ao aa buang ho bona ha a bontše feela hore ke khale a phela, empa a boetse a bontša hore o ile a nahana ka ho teba a e-na le tumelo e matla.

Joshua oa hlalosa: “Kajeno ke tsamaea ka tsela ea lefatše lohle.” Poleloana e reng “tsela ea lefatše lohle” ke maele a buang ka lefu. Ha e le hantle, Joshua o re: “Ha ke sa tla phela nako e telele.” Kaha oa tseba hore o se a le haufi le ho shoa, ha ho pelaelo hore Joshua o qetile lihora tse ngata a nahana ka ho teba ka bophelo ba hae. O tšoaretse barapeli-’moho le eena mantsoe afe a ho qetela?

Joshua o tsoela pele: “Ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala. A phethahetse kaofela bakeng sa lōna. Ha ho lentsoe leha le le leng la ’ona le hlōlehileng ho phethahala.” Ana ke mantsoe a motho ea neng a tšepa Molimo ka pelo eohle ea hae. Ke hobane’ng ha a ne a mo tšepa? Ha Joshua a nahana ka lintho tsohle tseo a li boneng, oa hlokomela hore Molimo o phethahatsa litšepiso tsa Hae kamehla. * Molaetsa oa Joshua o hlakile: O batla hore Baiseraele ba habo ba be le tumelo e tiileng ea hore lintho tsohle tseo Jehova a li tšepisitseng ka bokamoso ba bona le tsona li tla phethahala.

Ha buka e ’ngoe ea lipatlisiso e bua ka mantsoe a ho Joshua 23:14, e re: “Hlahloba litšepiso tsohle tse teng ka Bibeleng; ebe u hlahloba litlaleho tsa histori ea lefatše; u be u batlisise ka bohle ba amehang e le ho bona hore na ho na le mohla Molimo a kileng a hlōleha ho phethahatsa tšepiso ea hae kapa a lebala ho e phetha.” Haeba ho ne ho khoneha hore re etse lipatlisiso tseo, re ne re ka etsa qeto e tšoanang le ea Joshua—ha ho mohla litšepiso tsa Jehova li hlōlehang ho phethahala.—1 Marena 8:56; Esaia 55:10, 11.

Bibele e ngotse ka litšepiso tsa Molimo tse ileng tsa phethahala, ho akarelletsa le tseo le rōna re li bonang ha li phethahala. E boetse e ngotse ka litšepiso tse thabisang tsa Jehova ka bokamoso ba rōna. * Ho ka ba molemo hore u hlahlobe litlaleho tseo ka bo uena. Ho ithuta Bibele ho ka ’na ha u kholisa hore u lokela ho tšepa Mophethahatsi oa litšepiso.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Tse latelang ke litšepiso tse ’maloa tseo Joshua a ileng a bona ha li phethahala. Jehova o ne a tla fa Baiseraele naha eo e neng e tla ba ea bona. (Bapisa Genese 12:7 le Joshua 11:23.) Jehova o ne a tla lokolla Baiseraele Egepeta. (Bapisa Exoda 3:8 le Exoda 12:29-32.) Jehova o ne a tla hlokomela batho ba hae.—Bapisa Exoda 16:4, 13-15 le Deuteronoma 8:3, 4.

^ ser. 9 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka litsepiso tsa Molimo ka bokamoso ba rōna, sheba khaolo ea 3, ea 7 le ea 8 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.