Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a Loantša Bakanana?

Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a Loantša Bakanana?

Ke Hobane’ng ha Molimo a Ile a Loantša Bakanana?

“Ha e le Bahete le Baamore, Bakanana le Baperise, Bahife le Bajebuse, bona le ba timetse ho hang, joalokaha Morena a le laetse.”​—DEUTERONOMA 20:17, BIBELE—PHETOLELO E NCHA.

“Le be le khotso le batho bohle.”—BAROMA 12:18.

NA HA u utloe eka litemana tsee tsa Bibele lia ikhanyetsa? Batho ba bangata ha ba utloisise hore na taelo ea Molimo ea hore Bakanana ba timetsoe e lumellana joang le keletso ea Bibele ea hore batho ba be le khotso le ba bang. * (Esaia 2:4; 2 Bakorinthe 13:11) Ho bona litaelo tsena li utloahala li sa lumellane.

Haeba u ne u ka buisana ka taba ee le Molimo, u ne u tla mo botsa lipotso life? Nahana ka lipotso tse hlano tseo hangata batho ba li botsang le likarabo tseo Bibele e fanang ka tsona.

1. Ke hobane’ng ha Bakanana ba ile ba lelekoa sebakeng seo ba lulang ho sona? Ha e le hantle, Bakanana e ne e le baipehi naheng eo e neng e se ea bona. Ho tla joang? Lilemo tse ka bang 400 pele ho moo, Molimo o ne a ile a tšepisa Abrahama ea tšepahalang hore o tla fa litloholo tsa hae naha ea Kanana. (Genese 15:18) Molimo o ile a phetha tšepiso eo ea hae ha a ne a etsa hore Baiseraele, e leng litloholo tsa Abrahama, ba fumane naha eo. Ke ’nete hore ba bang ba ka lla ka hore Bakanana ba ne ba se ba ntse ba lula moo, kahoo ba ne ba e-na le tokelo ea ho lula moo. Empa ha e le hantle, kaha Molimo ke ’Musi oa leholimo le lefatše, ke eena ea nang le tokelo ea ho etsa qeto ea hore na mang a ka lula hokae.—Liketso 17:26; 1 Bakorinthe 10:26.

2. Ke hobane’ng ha Molimo a ne a sa tlohelle Bakanana hore ba lule le Baiseraele? Molimo o ile a lemosa tjena ka Bakanana: “Ha baa lokela ho lula naheng ea lōna, hore ba se ke ba etsa hore le ntšiteloe. Haeba u sebeletsa melimo ea bona, seo e tla ba leraba ho uena.” (Exoda 23:33) Hamorao moprofeta Moshe o ile a re ho Baiseraele: “Ke ka bokhopo ba lichaba tsena Jehova Molimo oa hao a li lelekang.” (Deuteronoma 9:5) Ha e le hantle lichaba tseo li ne li le khopo hakae?

Kanana ho ne ho tletse boitšoaro bo bobe, borapeli ba bohetene le ho etsa mahlabelo ka bana. Rahistori oa Bibele Henry H. Halley o bontša hore sebakeng seo, ba epollang lintho tsa khale ba ile ba “fumana linkho tse ngata tse tšetseng masapo a bana ba neng ba entsoe mahlabelo ho Baale [molimo ea ka sehloohong oa Bakanana].” O phaella ka hore: “Ho bonahala sebaka seo kaofela e ne e le setša sa mabitla a bana ba sa tsoa hlaha. . . . E le karolo ea borapeli ba bona, Bakanana ba ne ba etsa liketso tsa boitšoaro bo bobe ka pel’a melimo ea bona; ebe ka mor’a moo ba bolaea bana ba bona ba matsibolo e le ho etsetsa melimo eo mahlabelo. Kamoo ho bonahalang kateng, naha eohle ea Kanana e ne e tšoana le Sodoma le Gomora. . . . Ba epolotseng lintho tsa khale lithakong tsa metse ea Kanana ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a lieha ho ba timetsa.”

3. Na ka nako eo ho ne ho se na batho ba bang ba khopo lefatšeng? Ke hobane’ng ha ho ile ha qoolloa Bakanana feela? Ka makhetlo a mangata, Molimo o ’nile a khetha ho timetsa baetsalibe ba bang. Ha “lefatše le ne le tletse pefo” mehleng ea Noe, Molimo o ile a tlisa moroallo o ileng oa timetsa batho bohle ntle le lelapa le le leng feela—e leng lelapa la Noe. (Genese 6:11; 2 Petrose 2:5) Molimo o ile a timetsa motse oa Sodoma le Gomora ha sebe sa baahi ba moo se e-ba “boima haholo.” (Genese 18:20; 2 Petrose 2:6) Hape o ile a re o tla ahlola Assyria, e leng motse-moholo oa Nineve, “motse oa tšollo ea mali,” le hoja a ile a tšoarela motse oo ha baahi ba oona ba bakela liketso tsa bona tse mpe. (Nahume 3:1; Jonase 1:1, 2; 3:2, 5-10) Ha e le Bakanana bona Molimo o ile a ba timetsa e le hore a sireletse Baiseraele, e leng sechaba seo hamorao Mesia a neng a tla hlaha ho sona.—Pesaleme ea 132:11, 12.

4. Na ho timetsoa ha Bakanana ho ne ho se khahlanong le lerato la Molimo? Ha ho okoloa taba kaholimo feela, ho ka bonahala eka ha Molimo a ne a timetsa Bakanana seo se ne se sa lumellane le lerato la hae. (1 Johanne 4:8) Empa lerato leo le bonahala le ho feta ha re hlahlobisisa taba ena.

E ne e le khale Molimo a tseba hore baahi ba Kanana ba tsoile tseleng. Leha ho le joalo, ho e-na le hore a ba timetse hang-hang, ka mamello o ile a emela hore lilemo tse 400 li fete ho fihlela phoso ea bona e se e ‘phethehile.’—Genese 15:16.

Ha libe tsa Bakanana li se li le mpe hoo ho neng ho se ho se na tšepo ea hore ba ka khutla mekhoeng ea bona, Jehova o ile a ba timetsa. Leha ho le joalo, Jehova o ile a shebisisa maemo, ha aa ka a timetsa Bakanana kaofela. Hobane’ng? Hobane ba bang ba ne ba ikemiselitse ho baka. Ba neng ba ikemiselitse ho fetoha joaloka Rahaba le Bagibeone, ba ile ba hauheloa.—Joshua 9:3-11, 16-27; Baheberu 11:31.

5. Molimo ea lerato a ka bolaea motho leha e le ofe joang? Hoa utloa ho botsa potso ena hobane lefu la motho hase ntho e monate. Empa ha e le hantle, ke lerato la Molimo le ileng la mo susumelletsa hore a timetse batho bao ba khopo. Ka mohlala, ha mokuli a tšoeroe ke mofetše, hangata ha hona ntho eo lingaka li ka e etsang ntle le hore li khaole setho se tšoaelitsoeng. Hase seo lingaka tse ngata li ka thabelang ho se etsa, empa ngaka ea ’nete ea tseba hore ho se khaole setho seo—e leng ho ka etsang hore lefu leo le kekele—ho kotsi le ho feta. Empa kaha o tsotella mokuli, o etsa ntho ena e sa thabiseng molemong oa mokuli.

Ka ho tšoanang, hase hore Jehova o ne a thabela ho timetsa Bakanana. O re: “Ha ke thabele lefu la ea khopo.” (Ezekiele 33:11, BPN) Ka lehlakoreng le leng, o ne a rerile hore Mesia a hlahe sechabeng sa Baiseraele, e leng eena ea neng a tla fa batho bohle ba bontšang tumelo monyetla oa ho pholosoa. (Johanne 3:16) Ka hona, ho hlakile hore Molimo o ne a ke ke a lumella Baiseraele hore ba tšoaetsoe ke liketso tse nyonyehang tsa Bakanana. Ke kahoo a ileng a laela hore Bakanana ba felisoe kapa ba lelekoe naheng eo. Ha Molimo a etsa joalo, o ile a bontša hore o na le lerato le leholo—e leng lerato le mo susumelelitseng hore a etse ntho e sa thabiseng molemong oa barapeli ba hae ba tšepahalang.

Seo re ka Ithutang Sona

Na ho na le seo re ka ithutang sona kajeno tlalehong ea ho timetsoa ha Bakanana? Ho joalo, kaha Baroma 15:4 e re: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” Se etsahetseng Kanana se ka re laea joang sa ba sa re fa tšepo?

Ketsahalo ena e re ruta lintho tse ngata. Ka mohlala, Molimo o ile a hauhela Rahaba le Bagibeone ha ba bontša tumelo ho eena. Sena se re hopotsa hore motho leha e le ofe ea hlileng a batlang ho thabisa Molimo a ka etsa joalo, ho sa tsotellehe tsela eo a neng a etsa lintho ka eona pele kapa libe tsa hae tsa nakong e fetileng.—Liketso 17:30.

Ketsahalo ea ho timetsoa ha Bakanana e boetse e re fa tšepo kaha e re bontša hore na Molimo o tla etsa’ng haufinyane. E re tiisetsa hore ha a na ho lumella hore bobe bo hlōle botle ka ho feletseng. Ho e-na le hoo, Bibele e re tiisetsa hore haufinyane o tla felisa ba khopo, athe ba mo ratang bona o tla ba pholosa ’me a ba fe lefatše le lecha. (2 Petrose 2:9; Tšenolo 21:3, 4) Ka nako eo ho tla phethahala mantsoe ana a khothatsang: “Tšepa Jehova ’me u boloke tsela ea hae, o tla u phahamisa hore u rue lefatše. Ha ba khopo ba felisoa, u tla ho bona.”—Pesaleme ea 37:34.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Sehloohong sena ha ho buuoa ka “Bakanana” ho buuoa ka lichaba tsohle tseo Molimo a ileng a laela hore Baiseraele ba li leleke.

[Lebokose le leqepheng la 14]

Na Bibele e Lumella Batho ho Loana?

Na taba ea hore ebe Molimo o ile a laela Baiseraele hore ba timetse Bakanana e bontša hore ho lokile ha batho ba loana? Che, ka lebaka la mabaka ana a mararo:

Kajeno ha ho sechaba seo Molimo a se amohelang ka tsela e khethehileng. Ha Baiseraele ba ne ba hana hore Jesu ke Mesia, ha ea ka ea hlola e e-ba sechaba se emelang Molimo ka tsela leha e le efe, ho akarelletsa le ea ho timetsa ba bang e le ho phethahatsa kahlolo. (Matheu 21:42, 43) Kahoo, Jehova o ile a nka Baiseraele ba tšoana le lichaba tse ling. (Levitike 18:24-28) Ho tloha ka nako eo, lefatšeng mona ho ne ho se ho se sechaba se ka ipolelang hore sona se tšehetsoa ke Molimo lintoeng.

Jehova ha a sa khethela barapeli ba hae sebaka se itseng kapa naha e itseng. Ho e-na le hoo, bahlanka ba hae ba ka fumanoa “lichabeng tsohle le melokong eohle” ea lefatše.—Tšenolo 7:9; Liketso 10:34, 35.

Ka tsela e hlakileng Jesu o ile a bontša hore balateli ba hae ba ne ba ke ke ba kenella lintoeng. Ha a ne a hlokomelisa barutuoa ba hae ka tlhaselo e atamelang ea Jerusalema, o ile a ba laela hore ba se ke ba lula eaba baa loana, empa ba balehe, e leng eona ntho eo ba ileng ba e etsa. (Matheu 24:15, 16) Ho e-na le hore Bakreste ba ’nete ba nke libetsa, ba tšepa ’Muso oa Molimo ka ho feletseng, e leng oona oo haufinyane o tla tlosa bokhopo bohle lefatšeng lena.—Daniele 2:44; Johanne 18:36.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Mohlala oa Rahaba o re ruta hore motho leha e le ofe ea hlileng a batlang ho thabisa Molimo a ka etsa joalo