Maikutlo a Molimo ke Afe ka Joala?
Maikutlo a Molimo ke Afe ka Joala?
’MŌPI oa rōna, ea batlang hore re fumane se molemo, ha a hane ha re noa joala ka tsela e itekanetseng. * Ho e-na le hoo, o file motho “veine hore e mo nyakalatse, oli ea mohloaare hore e mo hlasimolle, le bohobe hore bo mo matlafatse.” (Pesaleme ea 104:15, Today’s English Version) Ka lekhetlo le leng, Jesu Kreste o ile a kenya letsoho ho etsa hore mokete oa lechato o be monate ka hore a fetole metsi “veine e monate.”—Johanne 2:3-10, Bibele ea Sesotho.
Hoa utloahala hore ’Mōpi o tseba hantle hore na joala bo ka ama tsela eo boko le ’mele ea rōna li sebetsang ka eona joang. Ntate oa rōna ea leholimong o re ‘ruta hore re itsoele molemo’ a sebelisa Bibele ’me o re eletsa ka tieo mabapi le ho noa joala ho tlōla. (Esaia 48:17) Hlokomela likeletso tsena tse hlakileng:
“Le se ke la tahoa ke veine, eo ho eona ho nang le ho inehella litakatso tsa nama.” (Baefese 5:18) ‘Matahoa . . . a ke ke a rua lefa la ’muso oa Molimo.’ (1 Bakorinthe 6:9-11, Bibele ea Sesotho) Lentsoe la Molimo le nyatsa “botahoa, liphathi tse tsoileng taolong le lintho tse kang tsena.”—Bagalata 5:19-21, Byington.
A re ke re tšohle tse ling tsa likotsi tsa ho noa joala ho tlōla.
Likotsi Tsa ho Noa ho Tlōla
Le hoja joala bo ka ba le molemo o itseng, bo na le metsoako e matla e fetolang tsela eo kelello le ’mele li sebetsang ka eona. Ho noa joala ho tlōla ho ka baka a mang a mathata ana:
Ho noa haholo ho etsa hore motho a sitoe ho bona lintho hantle, ka hona ‘a ke ke a khona ho nahana hantle.’ (Liproverbia 23:33, TEV) Allen, ea neng a noa haholo, eo ho buuoeng ka eena sehloohong se fetileng, o re: “Ho lemalla joala hase lefu le amang ’mele feela, empa le ama le tsela eo motho a nahanang ka eona le kamoo a ikutloang kateng. Ha u nahane kamoo ho utloisang batho ba bang bohloko kateng.”
Ho noa joala ho tlōla ho ka boela ha etsa hore motho a hloke boitšoaro. Mangolo aa re hlokomelisa: Hosea 4:11) Joang? Ha re noele joala, tšusumetso ea bona e thetsang e ka etsa hore lintho tseo re neng re sa li batle kapa re sa batle ho nahana ka tsona re li bone li se li amoheleha kapa li lakatseha. Re ka sitoa ho ema re tiile qetong ea ho etsa se nepahetseng. Joala bo ka etsa hore re se ke ra hlola re itšoara hantle, ra qetella re entse lintho tseo Molimo a sa li batleng.
“Veine le veine e monate li tlosa tšusumetso e ntle.” (Ka mohlala, John o ile a qhoelisana ka mantsoe le mosali oa hae eaba o tsoa a halefile o leba bareng. O ne a se a noele tse lekaneng hore a kokobele maikutlong ha mosali e mong a tla ho eena. Ka mor’a hore a noe tse eketsehileng, John o ile a tsamaea le eena eaba o etsa bohlola. Ka mor’a moo, John o ile a ikoahlaea haholo hore ebe o ne a entse ntho eo le ka mohla a neng a ke ke a nahana ho e etsa haeba a ne a sa noa joala bo ileng ba etsa hore a hloke boitšoaro.
Ho noa joala ho tlōla ho ka etsa hore motho a bue kapa a etse lintho ka tsela e sa laoleheng. Bibele e re: “Ke mang ea lulang a le mathateng? Ea likomang le lintoa? Ke e mong le e mong ea lulang ho fihlela bosiu, a qenehetse ho noa e le ’ngoe feela ea ho qetela.” (Liproverbia 23:29, 30, Contemporary English Version) Ho noa ho tlōla ho ka etsa hore u “utloe eka u har’a leoatle, ua forafora, ebile u ntse u tsokotseha holimo liropong tsa sekepe se ntseng se tsukutleha.” (Liproverbia 23:34, TEV) Motho ea noeleng ho tlōla ha a tsoha a ka iphumana a le “maoma hohle, a sa tsebe le hore na ho etsahetse eng.”—Liproverbia 23:35, CEV.
Ho noa ho tlōla ho ka baka maloetse. “[Joala bo] qetella ka ho lōma joaloka noha, mahlōkō a chachametse joaloka a marabe.” (Liproverbia 23:32, Bibele—Phetolelo e Ncha) Seo lingaka li se buang se bontša hore maele ao a boholo-holo ke ’nete. Ho noa joala haholo ho ka beha bophelo kotsing kaha ho ka baka mefuta e mengata ea kankere, ho ruruha ha sebete, ho thatafala ha sebete, ho ruruha ha manyeme, tsoekere e theohileng haholo maling bakeng sa batho ba nang le lefu la tsoekere, lesea le hlahang le holofetse ka lebaka la joala, setorouku, kapa ho ema ha pelo, ha re bolela tse seng kae feela. Esita le ho noa joala ho tlōla ha ’ngoe feela kapa ho itlopa bona ho ka fella ka ho ilibana nako e telele kapa lefu. Leha ho le joalo, liphello tse ling tse kotsi le ho feta tsa ho noa ho tlōla ha li hlahe libukeng tsa lingaka.
Kotsi e khōlō ka ho fetisisa. Le haeba motho a ke ke a tahoa, ho noa joala ho tlōla ho ka beha kamano ea hae le Molimo kotsing. Bibele e Esaia 5:11, 12.
bolela ka ho hlaka hore: “Ho malimabe ba tsohang hoseng haholo e le hore feela ba batle joala bo tahang, ba liehang ho fihlela ka shoalane hoo veine e ba tahang!” Hobane’ng? Esaia o bolela liphello tse ka bang teng moeeng ka lebaka la ho noa ho tlōla: “Ha ba talime mosebetsi oa Jehova, ’me ha baa bona mosebetsi oa matsoho a hae.”—Lentsoe la Molimo le re eletsa hore re se ke ra ba “har’a ba noang veine haholo.” (Liproverbia 23:20) Basali ba hōlileng ba hlokomelisoa hore e se ke ea e-ba “makhoba a veine e ngata.” (Tite 2:3) Hobane’ng? Hanyane ka hanyane batho ba atisa ho eketsa joala boo ba bo noang ba sa elelloe, le hona ka makhetlo a ntseng a eketseha. Qetellong, motho ea noang joala “a ke ke a khaleha empa o tla lula a ipotsa, ‘Ekaba bosiu bo tla sa neng e le hore ke eo noa bo bong?’” (Liproverbia 23:35, CEV) Ba noang ba ipeha kotsing ka ho labalabela ho noa hape hoseng moo ba reng ba ntša babalase ea bosiu bo fetileng.
Bibele e hlokomelisa hore ba amehang “ho fetelleng ka veine, meketeng e lerata, litlhōlisanong tsa ho noa . . . ba tla fana ka tlaleho ho ea loketseng ho ahlola ba phelang le ba shoeleng.” (1 Petrose 4:3, 5) Hape Jesu o ile a eletsa tjena mabapi le nako ea bohlokoa eo re phelang ho eona: “Ikeleng hloko hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo, ’me ka tšohanyetso letsatsi [la Jehova] la e-ba holim’a lōna hang-hang joaloka leraba.”—Luka 21:34, 35.
Leha ho le joalo, batho ba tloaetseng ho noa ho tlōla ba ka etsa eng e le hore ba se ke ba ‘imeloa ke ho noa haholo’?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 2 Sehloohong sena, ha ho buuoa ka “joala” ho buuoa ka biri, veine le mefuta e meng ea lipiriti.
[Litšoantšo tse leqepheng la 4, 5]
Ho noa joala ho tlōla ho ka baka mathata a mangata