Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka Bolumeli ba ’Nete

Ka Bolumeli ba ’Nete

Seo re Ithutang Sona ho Jesu

Ka Bolumeli ba ’Nete

Na Molimo o amohela bolumeli bo bong le bo bong?

▪ Jesu o ile a utloela batho ba neng ba thetsitsoe ke malumeli a bohata bohloko. O ile a lemosa ka “baprofeta ba bohata ba tlang . . . ba apere seaparo sa nku, empa ka hare e le liphiri tse harolang.” (Matheu 7:15) Na u hlokometse hore batho ba bang ba sebelisa bolumeli e le hore ba etse bokhopo?

Ha Jesu a rapela Molimo o ile a re: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) Ka hona, Molimo ha a rate bolumeli bo hanyetsang ’nete ea Bibele. Ke kahoo Jesu a ileng a sebelisa mantsoe ana a Molimo ha a bua ka baikaketsi ba bang ba bolumeli: ‘Ke ha lefeela hore ebe ba ntse ba nthapela, hobane ba ruta litaelo tsa batho e le lithuto.’—Matheu 15:9.

Na ho na le barapeli ba ’nete?

▪ Ha Jesu a kopana le mosali e mong ea neng a thetsitsoe ke bolumeli ba bohata Samaria, o ile a re ho eena: “Le rapela seo le sa se tsebeng . . . Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete, etsoe, ka sebele, Ntate o batla ba joalo hore ba mo rapele.” (Johanne 4:22, 23) Ho hlakile hore barapeli ba ’nete ba ka fumaneha.

Jesu o ile a re: “Ha ke etse letho le itsoelang ho ’na; empa feela joalokaha Ntate a nthutile ke bua lintho tsena.” Ka hona, Jesu o ne a tseba hore bolumeli boo a neng a ruta ka bona ke bona feela ba ’nete. (Johanne 8:28) Ke kahoo a ileng a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Johanne 14:6) Kaha barapeli ba ’nete ba rapela Ntate ka mokhoa o le mong, ba lokela ho momahana bolumeling bo le bong feela ba ’nete.

U ka khetholla barapeli ba ’nete joang?

▪ Mokreste ke motho ea latelang Jesu Kreste. Hlahloba litsela tse ’nè tseo ka tsona ho etsisa mohlala oa Jesu ho ka khethollang balateli ba hae ka ho hlaka.

1. Ha Jesu Kreste a ne a rapela Jehova, o ile a re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao.” (Johanne 17:26) Bakreste ba ’nete le bona ba ntse ba etsa se tšoanang.

2. Jesu o ile a ruta ka ’Muso oa Jehova a ba a romela barutuoa ba hae ho ea ka ntlo le ntlo hore le bona ba etse joalo. O ile a re: “Ha le kena motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe, le batle hore na ke mang ho oona ea tšoanelehang.” Hamorao o ile a re ho balateli ba hae: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa.” (Matheu 10:7, 11; 28:19) U ka khetholla Bakreste ba ’nete habonolo kajeno kaha ba ntse ba etsa mosebetsi oona oo.

3. Jesu o ile a hana ho nka lehlakore lipolotiking. Ke ka hona a ileng a re ka balateli ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:14) Barapeli ba ’nete ba lokela ho tsejoa hantle hore ha ba nke lehlakore lipolotiking.

4. Jesu o ne a itella batho ba bang kaha o ne a ba rata. O ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Bakreste ba ’nete baa ratana ebile ha ba kenelle lintoeng.

Bolumeli ba ’nete bo ka u tsoela molemo joang?

▪ E le hore u be morapeli oa ’nete, u lokela ho qala ka ho tseba Jehova hantle. Ho tseba Molimo ho tla etsa hore u phele ka tsela e molemo ka ho fetisisa ’me ho tla etsa hore u rate Molimo haholo. Jehova o tšepisitse ba mo ratang bophelo bo sa feleng. Ke kahoo Jesu a ileng a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete.”—Johanne 17:3.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 15 ea buka ena, Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

“Itebeleng ho baprofeta ba bohata ba tlang ho lōna ba apere seaparo sa nku, empa ka hare e le liphiri tse harolang.”—Matheu 7:15