Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molimo a ka Ikutloa a Soabile?

Na Molimo a ka Ikutloa a Soabile?

Atamela ho Molimo

Na Molimo a ka Ikutloa a Soabile?

BAAHLOLI 2:11-18

JOALOKAHA re le batho ba sa phethahalang, ka linako tse ling re ka ’na ra ikutloa re soabile. Ka mohlala, re ka ’na ra soaba ha re hlokomela hore re entse phoso. Ho makatsang ke hore Bibele e re Jehova a ka ikutloa a soabile. U ka ’na ua re, ‘Empa Molimo eena o phethahetse, ha a etse liphoso!’ Joale ho boleloa’ng ha ho thoe Molimo a ka ikutloa a soabile? Karabo ea potso ena e ka re thusa hore re utloisise ntho e ’ngoe e hlollang haholo: Jehova o na le maikutlo ’me lintho tseo re li etsang li ka ama maikutlo a hae. Nahana ka mantsoe a tlalehiloeng ho Baahloli 2:11-18.

Buka ea Bibele ea Baahloli e lokolisa liketsahalo tsa mehleng ea ha ho ne ho e-na le meferefere historing ea Baiseraele. Sechaba sena se ne se se se lula Kanana, e leng naha eo Molimo a neng a e tšepisitse Abrahama. Lilemo tse makholo a ’maloa tse latelang, histori ea Baiseraele e ne e ka hlalosoa ka liketsahalo tsena tse ’nè tse neng li ipheta-pheta: ho kheloha, ho hatelloa, ho etsa thapeli le ho lopolloa. *

Ho kheloha. Ba susumelitsoe ke Bakanana, Baiseraele ba ile “ba tlohela Jehova” eaba ba qalella ho latela melimo e meng; ka ho khetheha ba ile “ba qala ho sebeletsa Baale le litšoantšo tsa Ashtorethe.” * Ho kheloha ka tsela e joalo ho ne ho bolela ho koenehela Jehova. Ha ho makatse hore ebe Baiseraele ba ile “ba siteloa Jehova,” Molimo ea ba ntšitseng Egepeta!—Temana ea 11-13; Baahloli 2:1.

Ho hatelloa. A susumetsoa ke khalefo e lokileng, Jehova o ne a tlohela ho sireletsa batho ba mo fetohetseng. Joale Baiseraele ba ne ba oela matsohong a “lira tsa bona,” tse neng li ba nkela thepa ka mahahapa.—Temana ea 14.

Ho etsa thapeli. Joale ha Baiseraele ba se ba tsielehile, ba ne ba ikutloa ba soabetse liketso tsa bona tse mpe ebe ba kōpa Molimo hore a ba thuse. Mantsoe a buang ka “ho bobola ha bona ka lebaka la bahatelli ba bona” a bontša hore joale ba ne ba etsa thapeli. (Temana ea 18) Ho etsa thapeli ho Molimo e ne e le ntho eo ba e etsang hangata nako le nako ha ba kena bothateng. (Baahloli 3:9, 15; 4:3; 6:6, 7; 10:10) Molimo o ne a ba araba joang?

Ho lopolloa. Jehova o ne a utloa ho bobola ha Baiseraele ebe o ‘ikutloa a soabile.’ Poleloana ea Seheberu e fetoletsoeng e le ‘a ikutloa a soabile’ e ka bolela hore ‘motho o fetola maikutlo kapa morero.’ Buka e ’ngoe ea lipatlisiso e re: “Kaha Jehova o ne a susumetsoa ke ho bobola ha bona, o ne a fetola morero oa hae oa ho fana ka kotlo ebe oa ba lopolla.” Ka lebaka la mohau oa hae, Jehova o ne a “ba hlahisetsa baahloli,” ba neng ba tla lopolla batho ba hae ho lira tsa bona.—Temana ea 18.

Na u hlokometse hore na ke eng e neng e susumetsa Molimo hore a ikutloe a soabile ebe o fetola maikutlo a hae? Ke ha batho ba hae ba ne ba fetola boitšoaro ba bona. Nahana ka mohlala ona: Ntate ea lerato a ka ’na a fa ngoana ea entseng phoso kotlo ka hore mohlomong a mo hanele ka lintho tse itseng. Empa ha ntate a bona hore ngoana o hlile o soabile, a ka ’na a etsa qeto ea ho emisa kotlo eo.

Re ithuta’ng ka Jehova tlalehong ee? Le hoja libe tse etsoang ka boomo li etsa hore a halefe, motho ea bakang o etsa hore a mo bontše mohau. Ho hlokomela hore seo re se etsang se ka ama maikutlo a Molimo ho etsa hore re nahane ka botebo. Ho ka ba molemo hore u ithute hore na u ka etsa joang hore u “thabise pelo” ea Jehova. (Liproverbia 27:11) Le ka mohla u ke ke ua ikoahlaea.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Baahloli 2:11-18 ke karolo ea selelekela se fanang ka kakaretso ea boitšoaro ba Baiseraele, boo ho buuoang ka bona ka ho qaqileng likhaolong tse latelang eo.

^ ser. 6 Baale e ne e le molimo ea hlaheletseng ka ho fetisisa oa Bakanana ’me Ashtorethe eena e ne e le molimotsana eo ho neng ho thoe ke mosali oa Baale.