Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Lokela ho Boloka Sabatha ea Beke le Beke?

Na U Lokela ho Boloka Sabatha ea Beke le Beke?

Na U Lokela ho Boloka Sabatha ea Beke le Beke?

HO EA qetellong ea lilemo tsa bo-1980, lihlopha tse nyenyane tsa Mamethodiste li ile tsa thibella Suva, motse-moholo oa Fiji. Banna, basali le bana, bao kaofela ba neng ba apere liaparo tsa kereke, ba ile ba koala litsela libakeng tse 70 tse sa tšoaneng. Ba ile ba thiba likoloi tsohle tsa khoebo hammoho le lifofane tse eang hōle le haufi. Bothata e ne e le eng? Ba ne ba qobella sechaba hore se khutlele mokhoeng oa ho boloka Sabatha ka tieo.

Iseraele, mehaho eohle e phahameng e hahiloeng ho tloha ka 2001, bonyane e lokela ho ba le lefti e le ’ngoe e tsamaeang e ema mokatong o mong le o mong. Hobane’ng? E le hore Bajuda ba inehetseng, ba bolokang Sabatha ho tloha ka Labohlano mantsiboea ho fihlela Moqebelo mantsiboea ba se ke ba penya likonopo tsa lefti kaha ho nkoa e le ho sebetsa.

Naheng ea Tonga, e Pacific Boroa, batho ba thibetsoe ho etsa mesebetsi eohle ka Sontaha. Ha ho sefofane se lumelloang ho lula ebile ha ho sekepe se lumelloang ho kena koung. Litumellano leha e le life tse tekenetsoeng ka letsatsi leo ha li nkoe li sebetsa. Molao oa motheo oa Tonga o re letsatsi la Sontaha le lokela ho “bolokoa le halalela” ke bohle, ho sa tsotellehe hore na ke ba bolumeli bofe. Hobane’ng? E le ho tiisa hore sechaba kaofela se boloka Sabatha.

Joalokaha mehlala e ka holimo e bontša, batho ba bangata ba nahana hore Molimo o lebeletse hore ba boloke letsatsi la Sabatha beke le beke. Ha e le hantle, ba bang ba re ho boloka Sabatha ke ntho ea bohlokoa haholo, ba lumela hore e ka etsa hore motho a fumane poloko ea ka ho sa feleng. Ba bang ba nahana hore taelo ea Molimo ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore ho bolokoe Sabatha. Sabatha ke eng? Na Bibele e khothalletsa Bakreste ho boloka letsatsi la Sabatha beke le beke?

Sabatha ke Eng?

Lentsoe la Senyesemane “Sabbath [Sabatha]” le tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “ho phomola, ho khaotsa, ho tlohela.” Le hoja tlaleho ea Genese e re ka letsatsi la bosupa Jehova Molimo o ile a phomola mesebetsing ea hae ea pōpo, batho ba Molimo ha baa ka ba laeloa hore ba boloke letsatsi la ho phomola la lihora tse 24, kapa Sabatha, ho fihlela mehleng ea Moshe. (Genese 2:2) Ka mor’a hore Baiseraele ba tlohe Egepeta ka 1513 B.C.E., Jehova o ile a ba fa manna ka mohlolo lefelleng. Ba ile ba fuoa taelo ena mabapi le ho bokella manna: “Le tla bo thonaka ka matsatsi a tšeletseng, empa ka letsatsi la bosupa ke sabatha. Ka lona bo ke ke ba ba teng.” (Exoda 16:26) Joale re bolelloa hore “eaba sechaba se boloka sabatha ka letsatsi la bosupa,” ho tloha ha letsatsi le likela ka Labohlano ho fihlela ha le likela ka Moqebelo.—Exoda 16:30.

Nakoana feela ka mor’a hore Jehova a fane ka litaelo tseo, o ile a fana ka molao oa ho boloka Sabatha, oo a ileng a o kenyelletsa Melaong e Leshome eo a ileng a e fa Moshe. (Exoda 19:1) Karolo e ’ngoe ea molao oa bone e re: “Ka ho hopola letsatsi la sabatha hore u le nke le halalela, u tla etsa tšebeletso ’me u etse mosebetsi oa hao ka matsatsi a tšeletseng. Empa letsatsi la bosupa ke sabatha ea Jehova Molimo oa hao.” (Exoda 20:8-10) Ka hona, ho boloka Sabatha e ile ea e-ba ntho ea bohlokoa haholo bophelong ba Baiseraele.—Deuteronoma 5:12.

Na Jesu o ne a Boloka Sabatha ea Beke le Beke?

E, Jesu o ne a boloka Sabatha. Re bolelloa tjena ka eena: “Ha tekanyo e feletseng ea nako e fihla, Molimo o ile a romela Mora oa hae, ea tsoileng ho mosali le ea bileng tlas’a molao.” (Bagalata 4:4) Jesu o ile a tsoaloa e le Moiseraele, ka hona o ne a le tlas’a Molao, o neng o akarelletsa molao oa Sabatha. Ke feela ka mor’a lefu la Jesu moo selekane sa Molao se ileng sa fela. (Bakolose 2:13, 14) Ho tseba hore na lintho tsena li etsahetse neng ho re thusa hore re utloisise maikutlo a Molimo tabeng ena.—Sheba chate  leqepheng la 15.

Ke ’nete hore Jesu o ile a re: “Le se ke la nahana hore ke tlil’o felisa Molao kapa Baprofeta. Ha kea tlela ho felisa, empa ho phethahatsa.” (Matheu 5:17) Empa poleloana “ho phethahatsa” e bolela’ng? Ho etsa mohlala: Sehahi se phethahatsa konteraka ea ho haha ka hore se fele se qete seo se se hahang, eseng ka ho senya konteraka. Leha ho le joalo, hang ha mosebetsi o phethiloe ’me ea etsetsoang mosebetsi a khotsofetse, konteraka eo e phethahalitsoe ’me sehahi ha se sa le tlas’a tlamo ea hore se e phethe. Ka tsela e tšoanang, Jesu ha aa ka a felisa Molao, kapa ho o senya; ho e-na le hoo, o ile a o phethahatsa ka ho o boloka ka ho feletseng. Ha e se e phethahalitsoe, “konteraka” eo ea Molao e ne e se e sa tlame batho ba Molimo.

Na ke Tlamo ho Bakreste?

Kaha Kreste o phethahalitse Molao, na Bakreste ba tlameha ho boloka Sabatha ea beke le beke? Moapostola Pauluse o ile a susumetsoa ke Molimo hore a arabe tjena: “Ka hona ho se ke ha e-ba le motho ea le ahlolang ho jeng le ho noeng kapa tabeng ea mokete kapa ea ho bolokoa ha khoeli e ncha kapa ea sabatha; etsoe lintho tseo ke seriti sa lintho tse tlang ho tla, empa ntho ea sebele ke ea Kreste.”—Bakolose 2:16, 17.

Mantsoe ao a neng a susumelitsoe ke Molimo hore a ngoloe a bontša hore ho ne ho tla ba le phetoho e khōlō ho seo a se lebeletseng ho bahlanka ba hae. Hobane’ng? Hobane Bakreste ba tlas’a molao o mocha, e leng “molao oa Kreste.” (Bagalata 6:2) Selekane sa pele sa Molao se neng se entsoe le Baiseraele ho sebelisoa Moshe, se ile sa fela ha Jesu a se phethahatsa ka lefu la hae. (Baroma 10:4; Baefese 2:15) Na taelo ea hore ho bolokoe Sabatha le eona e ile ea fela? E. Ka mor’a hore a re “re lokolotsoe Molaong,” Pauluse o ile a bua ka o mong oa Melao e Leshome. (Baroma 7:6, 7) Kahoo, Melao e Leshome—ho akarelletsa le molao oa Sabatha—ke karolo ea melao e ileng ea felisoa. Ka hona, barapeli ba Molimo ha ba sa lebeletsoe ho boloka Sabatha ea beke le beke.

Ho fetoha ha mokhoa oa ho rapela oa Baiseraele ho ea ho oa Bakreste ho ka hlalosoa ka mohlala ona: Naha e ka fetola melao ea eona. Ha molao o mocha o se o hlomamisitsoe, batho ha ba sa tlameha ho latela oa khale. Le hoja melao e meng e mecha e ka tšoana le ea khale, e meng eona e ka fapana. Kahoo, motho o tla lokela ho ithuta melao e mecha ka hloko hore a bone hore na ke melao efe e seng e sebetsa. Ho feta moo, moahi ea tšepahalang o tla batla ho tseba hore na melao e mecha e qala ho sebetsa neng.

Ka tsela e tšoanang, Jehova Molimo o ile a fa Baiseraele melao e ka holimo ho e 600, ho akarelletsa le e leshome e ka sehloohong. E ne e akarelletsa melao e kang ea boitšoaro, mahlabelo, bophelo bo botle hammoho le ho boloka Sabatha. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba ne ba tla etsa “sechaba” se secha. (Matheu 21:43) Ho tloha ka 33 C.E. ho ea pele, sechaba sena se ile sa e-ba tlas’a “molao” o mocha, o neng o thehiloe melaong e ’meli e ka sehloohong—ho rata Molimo le ho rata moahelani. (Matheu 22:36-40) Le hoja “molao oa Kreste” o akarelletsa litaelo tse tšoanang le tse Molaong o neng o fuoe Baiseraele, ha rea lokela ho makala hore ebe melao e meng e fapane le eona haholo le hore e meng ha e sa hlokahala. Molao o hlokang hore ho bolokoe Sabatha ea beke le beke ke o mong oa melao eo e seng e se tlamo.

Na Molimo o Fetotse Melao ea Hae ea Motheo?

Na phetoho ee ea ho tloha Molaong oa Moshe ho ea molaong oa Kreste e bolela hore Molimo o fetotse melao ea hae ea motheo? Che. Joalokaha motsoali a ka lokisa ho itseng melaong eo a e etselitseng bana ba hae, a nahanne ka lilemo tsa bona le maemo a bona, Jehova le eena o lokisitse ho itseng melaong eo batho ba hae ba lokelang ho e latela. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa taba ena tjena: “Pele tumelo e fihla, re ne re ntse re lebeloa tlas’a molao, ho ntse ho nehelanoa ka rōna litlamong, re shebile tumelong e neng e reretsoe ho senoloa. Ka lebaka leo Molao o fetohile motataisi oa rōna ea isang ho Kreste, e le hore ho ka boleloa hore re lokile ka lebaka la tumelo. Empa kaha joale tumelo e fihlile, ha re sa le tlas’a motataisi.”—Bagalata 3:23-25.

Mantsoe a Pauluse a sebetsa joang tabeng ea Sabatha? Nahana ka mohlala ona: Ha ngoana a le sekolong, ka letsatsi le itseng bekeng ho ka ’na ha hlokahala hore a ithute lintho tse ling, joaloka ho betla mapolanka. Empa ha a se a le mosebetsing, ho tla hlokahala hore a sebelise seo a ithutileng sona, eseng ka letsatsi le itseng feela, empa letsatsi le leng le le leng. Ka ho tšoanang, ha Baiseraele ba ne ba le tlas’a Molao, ho ne ho hlokahala hore ba behelle letsatsi le le leng ka thōko beke le beke e le hore ba phomole ba be ba rapele. Ho e-na le hoo, Bakreste bona ba lebeletsoe ho rapela Molimo letsatsi le leng le le leng, eseng ka letsatsi le le leng feela ka beke.

Na joale ho fosahetse ho behella letsatsi le itseng ka thōko beke le beke bakeng sa ho phomola le ho rapela? Che. Lentsoe la Molimo le re motho e mong le e mong a iketsetse qeto, le re: “E mong o etsa qeto ea hore letsatsi le leng le halalela ho feta a mang. E mong eena o etsa qeto ea hore matsatsi kaofela aa tšoana. Motho e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto.” (Baroma 14:5, God’s Word) Le hoja ba bang ba ka khetha ho nka letsatsi le itseng le halalela ho feta a mang, Bibele eona e bolela ka ho hlaka hore Molimo ha aa lebella Bakreste hore ba boloke Sabatha ea beke le beke.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

“Le tla bo thonaka ka matsatsi a tšeletseng, empa ka letsatsi la bosupa ke sabatha. Ka lona bo ke ke ba ba teng.”—EXODA 16:26

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]

“Molao o fetohile motataisi oa rōna ea isang ho Kreste, e le hore ho ka boleloa hore re lokile ka lebaka la tumelo. Empa kaha joale tumelo e fihlile, ha re sa le tlas’a motataisi.”—BAGALATA 3:24, 25

[Lebokose/Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 13]

Kamoo Moeli o Arolang Matsatsi a Linaha Tse Fapa-fapaneng o Amang Sabatha

Moeli o arolang matsatsi a linaha tse fapa-fapaneng o hlahisa bothata ho batho ba lumelang hore ba lokela ho boloka Sabatha ea beke le beke ka letsatsi le le leng lefatšeng lohle. Moeli ona ke o inahaneloang oo karolo e khōlō ea oona e mathang Leoatleng la Pacific o iphaphathile le mola o parolang lefatše ka lehare ho tloha North Pole ho ea South Pole. Nako ea linaha tse ka bophirimela ho moeli oo, e pele ho ea linaha tse ka bochabela ka letsatsi le le leng.

Ka mohlala, ha Fiji le Tonga e le Sontaha, Samoa le Niue teng ke Moqebelo. Ka hona, haeba motho a boloka Sabatha Fiji ka Moqebelo, litho tsa bolumeli ba habo tse Samoa e bohōle ba lik’hilomithara tse 1 145 feela, tsona li tla be li sebetsa hobane ho tsona ke Labohlano.

Masabatha a Tonga a boloka Sabatha ka Sontaha, a beha lebaka la hore a etsa joalo e le hore a e boloke ka letsatsi le le leng le Masabatha a habo ’ona a Samoa, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka holingoana ho tse 850. Leha ho le joalo, Masabatha a Fiji e bohōle ba lik’hilomithara tse ka tlaase ho 800 ho tloha moo, ’ona ha aa phomola hobane ke Sontaha ho ’ona, ’me a boloka Sabatha ka Moqebelo!

[Setšoantšo se Qanollang]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

\

\

\

\ SAMOA

\

— ― ― ― ― ― ― ―

FIJI \

Sontaha \ Moqebelo

\

\

TONGA \

\

\

\

[Chate e leqepheng la 15]

 (Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Lintlha Tseo U Lokelang ho li Hopola ka Sabatha:

Le hoja Bibele e bua ka hore ho hlokahala ho bolokoe Sabatha ea beke le beke, re lokela ho tseba hore na mantsoe ao a buuoe neng.

4026 B.C.E. PELE HO MEHLA EA MOSHE

ADAMA OA BŌPTJOA Ho ne ho sa fanoa ka molao oa

Sabatha pele ho mehla ea Moshe

le Baiseraele.—Deuteronoma 5:1-3,

12-14.

1513 B.C.E. MOLAO OO MOLIMO A ILENG A O FA BAISERAELE

BAISERAELE BA FUOA MOLAO Molao oa Sabatha o ne o sa fuoa

lichaba tse ling. (Pesaleme ea 147:19,

20) O ne o fuoe Baiseraele e le

“pontšo” pakeng tsa bona le Jehova.

Exoda 31:16, 17.

Sabatha ea beke le beke e ne e mpa

e le e ’ngoe ea lisabatha tse ngata

tseo Baiseraele ba neng ba laetsoe

hore ba li boloke.—Levitike 16:29-31;

23:4-8; 25:4, 11; Numere 28:26.

33 C.E. MOLAO OA KRESTE

MOLAO O FUOENG BAISERAELE

OA FELA Ha baapostola le banna ba baholo ba

etsa qeto ea hore na Molimo o hloka

hloka eng ho Bakreste, ba le Jerusalema

ka 49 C.E., ha baa ka ba bua ka hore

o hloka hore ba boloke Sabatha ea

beke le beke.—Liketso 15:28, 29.

Moapostola Pauluse o ne a amehile

ka Bakreste ba tsitlellang hore ho

hlokahala ho bolokoe matsatsi a

khethehileng.—Bagalata 4:9-11.

2010 C.E.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Likoranta li ile tsa tlaleha ka litsela tse ileng tsa koaloa ke lihlopha tsa Mamethodiste tse neng li batla ho qobella sechaba sa Fiji hore se khutlele mokhoeng oa ho boloka Sabatha ka tieo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy of the Fiji Times