Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ho ba Mokreste ho Bolela Hore U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?

Na ho ba Mokreste ho Bolela Hore U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Na ho ba Mokreste ho Bolela Hore U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?

▪ Buka e ’ngoe ea sekolo se phahameng, e bitsoang World Religions in Denmark, e hatisitsoeng ka 2007, e hlalosa Lipaki Tsa Jehova e le bolumeli ba Bokreste bo se nang balateli ba bangata, bo latelang Bibele ka hohle-hohle. Empa ha e le hantle, Lipaki Tsa Jehova ke bolumeli ba boraro malumeling a maholo ka ho fetisisa a Bokreste Denmark.

Leha ho le joalo, mobishopo oa Kereke ea Danish National o ile a nyatsa mongoli eo haholo ka ho kenyelletsa Lipaki bukeng eo. Hobane’ng? O ile a re: “Ha ke e-s’o teane le setsebi sa bolumeli se nahanang hore [Lipaki Tsa Jehova] ke Bakreste. Ha li lumele thuto ea Boraro-bo-bong, e leng thuto ea motheo ea bolumeli ba Bakreste.”

Mongoli oa buka eo, Annika Hvithamar, eo e leng setsebi sa bolumeli, o ile a bolela hore ha batho ba botsoa hore na ke hobane’ng ha ba inka e le Bakreste, ha ho mohla ba arabang ka hore ke hobane ba lumela hore Molimo ke Boraro-bo-bong. Ho feta moo, karoloana ea buka e ’ngoe e nang le sehlooho se reng “Na U Mokreste?” e re: “Thuto ea Boraro-bo-bong ke e ’ngoe ea tse thata ka ho fetisisa lithutong tsa Bokreste.” E phaella ka ho re: “Ka linako tsohle ho thata ho hlalosetsa Bakreste ba sa kenang sekolo sa bolumeli hore na ke hobane’ng ha Molimo oa Bakreste e le molimo a le mong, ho e-na le ho ba melimo e meraro.”

Seo Bibele e se rutang ka Molimo le Jesu se hlakile ebile se bonolo. Ha se thata hore se ka utloisisoa. Ka Lentsoeng la Molimo ha ho moo ho ka fumanoang lentsoe “Boraro-bo-bong” kapa taba e fanang ka maikutlo a joalo. Bibele e hlalosa ka ho hlakileng hore Jesu Kreste ke Mora oa Molimo oa letsibolo. (Bakolose 1:15) E boetse e hlalosa hore Jesu ke “mokena-lipakeng . . . pakeng tsa Molimo le batho.” (1 Timothea 2:5) Bibele e re ka Ntate: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.”—Pesaleme ea 83:18.

Lipaki Tsa Jehova li lumela hore ho lumela ho Jesu ke habohlokoa. (Johanne 3:16) Ka lebaka leo, ba nka keletso ena ea Jesu ka botebo: “Ho ngoliloe, ‘Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.’” (Matheu 4:10) Ka sebele, motho ea lekang ka matla ho phetha litaelo tsa Jesu a ka bitsoa Mokreste.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

“Thuto ea Boraro-bo-bong ke e ’ngoe ea tse thata ka ho fetisisa lithutong tsa Bokreste”