Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Mehleng ea ha ho ngoloa Bibele, ke mefuta efe e meng ea joala e neng e etsoa ntle ho veine?

Hangata “veine le joala bo tahang” li hlaha hammoho ka Bibeleng. (Deuteronoma 14:26; Luka 1:15) Lentsoe lena “joala” ha lea lokela ho nkoa e le seno se ileng sa belisoa ho fihlela e e-ba mouoane e le hore se ratholehe, kaha mokhoa ona o bile teng lilemong tse makholo hamorao. Joala bo ne bo sa etsoe feela ka litholoana tse kang morara, litholoana tsa palema, lifeiga, liapole le likharenate empa bo ne bo etsoa hape le ka mahe a linotši.

Ha e le hantle, biri le eona ho ka thoe ke “joala bo tahang.” Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “joala bo tahang” le tsamaisana le lentsoe la Seakkade le ka bolelang biri e tloaelehileng e entsoeng ka harese ea Mesopotamia. Joala boo bo ne bo se matla hakaalo empa ha motho a bo noa haholo bo ne bo ka mo taha. (Liproverbia 20:1) Mabitleng a boholo-holo a Baegepeta ho fumanoe linkho tsa letsopa tseo ho neng ho ritelloa ho tsona hammoho le litšoantšo tsa ba neng ba ritela joala. Babylona, biri e ne e le seno se nooang kamehla matlong a borena hammoho le a mafutsana. Bafilista le bona ba ne ba thabela seno sena. Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane lijeke tse kentsoeng sefe molomong, Palestina eohle. Biri eo e ne e sefuoa ka lijeke tsena, e le hore ba e noang ba se ke ba menyelletsa le litšifa tsa harese eo e ritetsoeng ka eona.

Mehleng ea moapostola Pauluse, ke hobane’ng ha ho ne ho le kotsi ho tsamaea ka sekepe haholo-holo linakong tse itseng tsa selemo?

Ka lebaka la meea e matla, sekepe seo moapostola Pauluse a neng a se palame se ile sa nka nako e telele se leka ho leba bophirimela se iphaphathile le lebōpo la Asia Minor. Tlaleho ea Bibele e re sebakeng se seng ho ile ha e-ba “kotsi ho sesisa sekepe hobane esita le ho itima lijo ha letsatsi la ho koaheloa ha libe ho ne ho se ho fetile.” Pauluse o ile a bolella baeti-’moho le eena hore ho leka ho sesisa sekepe seo ho feta moo ho ne ho tla baka tahlehelo “eseng feela ea thepa le sekepe empa le ea meea ea [bona].”—Liketso 27:4-10.

Ho itima lijo ha Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe ho ne ho e-ba bofelong ba September kapa mathoasong a October. Basesisi ba likepe ba Roma ba ne ba tseba hore ho ne ho se kotsi hakaalo ho tsamaea ka sekepe ho tloha ka la 27 May ho fihlela ka la 14 September. Ho tloha ka nako eo ho fihlela ka la 11 November ho ne ho nkoa ho le kotsi ho tsamaea ka sekepe, athe ho tloha ka la 11 November ho fihlela ka la 10 March teng, ho ne ho nkoa likepe li sa lokela ho tsamaea ho hang. Lebaka le leng e ne e le hore maemo a leholimo a ne a sa tsitsa, joalokaha ho bonahala ka ho hlaka ketsahalong e neng e sa tsoa etsahalla Pauluse. (Liketso 27:13-44) Basesisi ba likepe ba ne ba thulana le lifefo tse matla tse behang bophelo ba bona kotsing haesita le mathata a fetang ao ha ba ntse ba tsamaea ka likepe. Maru a ne a sira letsatsi motšehare athe bosiu teng a ne a sira linaleli. Moholi le pula le tsona li ne li ba sitisa ho bona hantle ’me seo se ne se etsa hore ho be boima ho lemoha lintho tse ka bakang likotsi.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Mepotjoana ea biri e entsoeng ka lehong ea Egepeta

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Erich Lessing/Art Resource, NY

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Sekepe sa thepa sa Baroma sa hoo e ka bang ka 100-200 C.E.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.