Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ruta Bana ba Hao

Rebeka o ne a Ikemiselitse ho Khahlisa Jehova

Rebeka o ne a Ikemiselitse ho Khahlisa Jehova

REBEKA ke lebitso le tloaelehileng libakeng tse ngata kajeno. Na u tseba motho e mong ea nang le lebitso leo?— * Rebeka e ne e le motho oa bohlokoa ka bukeng e tsebahalang haholo ho feta tsohle lefatšeng, e leng Bibele. Na ho na le seo u se tsebang ka eena?— Re lokela ho ithuta ka Rebeka hobane mohlala oa hae o ka re thusa tabeng ea ho sebeletsa Molimo oa ’nete, Jehova.

Rebeka ke mosali oa bobeli eo Bibele e buang ka eena e le morapeli oa ’nete oa Jehova. Na ua tseba hore na oa pele e ne e le mang?— E ne e le Sara, mosali oa Abrahama. Sara ha a se a hōlile haholo, e ile ea e-ba ’mè oa Isaka—e leng ngoana oa hae a le mong to! A re ke re bone hore na Rebeka o ile a ikemisetsa joang hore a khahlise Jehova le kamoo a ileng a kopana le Isaka.

Ho se ho fetile lilemo tse fetang 60 ho tloha ha Molimo a ne a re Abrahama le Sara ba tlohe Harane ba ee naheng ea Kanana. Ha Abrahama le Sara ba se ba hōlile haholo, Molimo o tšepisa ho ba fa ngoana eo ba tla mo reha Isaka. U ka inahanela feela hore na Isaka o ratoa ke batsoali ba hae hakaakang! Ha Sara a e-shoa a le lilemo li 127, mora oa hae Isaka o se a hōlile ’me o utloa bohloko bo boholo ba ho lahleheloa ke ’mè. Abrahama ha a rate hore Isaka a nyale mosali oa Mokanana hobane batho bana hase barapeli ba Jehova. Joale o roma mohlanka oa hae, mohlomong Eliezere, hore a e’o khethela Isaka mosali har’a batho ba habo Abrahama ba lulang Harane, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka holimo ho 800!—Genese 12:4, 5; 15:2; 17:17, 19; 23:1.

Ka mor’a nako e telele, Eliezere o fihla Harane ka likamele tse leshome tse jereng thepa le limpho bakeng sa monyaluoa, a e-na le bahlanka ba bang ba Abrahama. Ba fihla ba ema selibeng, kaha Eliezere oa tseba hore linakong tsa thapama batho ba tla selibeng ho tla khella ba malapa a bona le liphoofolo metsi. Joale Eliezere o rapella hore motho eo a tla mo khethela Isaka hore e be mosali oa hae, e be eo e tla re ha a mo kōpa metsi, a arabe ka ho re: “Noa, ’me ke tla noesa le likamele tsa hao.”

Sena ke sona hantle se etsahalang! Rebeka, moroetsana ea nang le “ponahalo e khahlehang” o fihla selibeng. Ha Eliezere a mo kōpa metsi, o re: “Le likamele tsa hao ke tla li khella metsi.” Ha a ntse a “matha ka makhetlo a mangata ho ea kha metsi,” Eliezere o mo talimisisa ka “ho makala.” Ak’u nahane feela! E le hore likamele tse leshome tse nyoriloeng li kholoe, Rebeka o lokela ho li khella metsi a ka etsang lilithara tse 1 000!

Eliezere o fa Rebeka limpho tse ntle ’me o fumana hore ke morali oa Bethuele ea amanang le Abrahama. Rebeka o kōpa Eliezere le metsoalle ea hae hore ba ee habo, ba “hlole bosiu teng.” Joale oa matha o il’o bolella ba habo ka baeti ba tsoang hōle Kanana ba romiloeng ke Abrahama hore ba tl’o ba bona.

Ha khaitseli ea Rebeka, Labane, a bona limpho tseo tse theko e phahameng tse neng li fuoe khaitseli ea hae a bile a tseba hore na Eliezere ke mang, o ea le bona lapeng. Empa Eliezere eena o re: “Nke ke ka ja ho fihlela ke buile litaba tsa ka.” Kahoo o hlalosa lebaka leo Abrahama a mo romileng ka lona. Bethuele le mosali oa hae le Labane ba thabela litaba tseo ’me ba lumela hore morali oa bona a nyaloe.

Ha Eliezere le bao a nang le bona ba qeta ho ja, ba hlola bosiu moo. Hoseng ha letsatsi le hlahlamang, Eliezere o re: “E-reng ke tsamaee ke ee ho mong’a ka.” Empa ’mè oa Rebeka le khaitseli ea hae ba batla hore ba lule “bonyane ka matsatsi a leshome.” Ha Rebeka a botsoa hore na o batla ho tsamaea hang-hang, o re: “Ke ikemiselitse ho tsamaea.” Hang-hang o tsamaea le Eliezere. Qetellong ha ba fihla hae, e ba mosali oa Isaka.—Genese 24:1-58, 67.

Na u nahana hore ho ne ho le bonolo ho Rebeka hore a siee lelapa labo le metsoalle ea hae a ee sebakeng se hōle, a bile a tseba hore ho ka ’na ha etsahala hore a se ke a hlola a ba bona hape?— Che, ho ne ho se bonolo. Leha ho le joalo, Rebeka o ile a hlohonolofatsoa ka lebaka la ho ikemisetsa ho etsa se khahlisang Jehova. E ile ea e-ba moholo-holo oa Mopholosi oa rōna, Jesu Kreste. Le rōna re tla hlohonolofatsoa haeba—joaloka eena—re ikemiselitse ho khahlisa Jehova.—Baroma 9:7-10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Haeba u bala sehlooho sena le ngoana, u lokela ho etsa khefu moo ho nang le motoa ’me u mo khothalletse hore a ntše maikutlo a hae.

LIPOTSO:

▪ Rebeka e ne e le mang, hona Eliezere o kopane le eena hokae?

▪ Ke hobane’ng ha Abrahama a ne a sa batle ha Isaka a nyala mosali oa Mokanana?

▪ Rebeka o ile a bontša joang hore e tla ba mosali ea molemo?

▪ Re ka etsa’ng hore re tšoane le Rebeka?