Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jesu o Tetse Bophelo ba Hae Molemong oa ba Bangata

Jesu o Tetse Bophelo ba Hae Molemong oa ba Bangata

Jesu o Tetse Bophelo ba Hae Molemong oa ba Bangata

Jesu Kreste o boleletse balateli ba hae hore o ne a sa tla lefatšeng ho tla “sebeletsoa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) Ka boithatelo o ile a tela bophelo ba hae molemong oa ba bang.

Lefu la Jesu le fane ka thekollo joang? Ke hobane’ng ha see se ne se hlokahala? Jesu o shoetse bo-mang? Hona lefu la hae le ka u tsoela molemo joang?

Lipaki Tsa Jehova li u mema ka mofuthu hore u tl’o ba le tsona ho tla fumana likarabo tse tsoang ka Bibeleng tsa lipotso tsena. Selemong sena sehopotso sa lefu la Jesu se ka Labobeli la la 30 March, ka mor’a hore letsatsi le likele. Sehopotsong seo, ho tla sebelisoa Mangolo ho araba lipotso tse ka holimo.

U ka ea Holong ea ’Muso e haufi le moo u lulang. Ka kōpo botsa Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno hore na ho tla qaloa ka nako efe, hona sebakeng sefe.