Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Motho o Bōpiloe e le Mora oa Molimo

Motho o Bōpiloe e le Mora oa Molimo

Motho o Bōpiloe e le Mora oa Molimo

JEHOVA MOLIMO o bōpile motho oa pele ka lerōle la lefatše, a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, “’me motho ea e-ba moea o phelang.” (Genese 2:7; 1 Bakorinthe 15:45) Ka mor’a hore Adama a bōptjoe ’me a rehe liphoofolo mabitso, Jehova o ile a mo robatsa boroko bo boholo; ha a ntse a robetse Molimo a ntša khopo ea Adama ’me a e sebelisa ho etsa mosali. Kahoo, ha Adama a fuoa mosali eo, o ile a re: “Qetellong enoa ke lesapo la masapo a ka le nama ea nama ea ka.” O ile a mo bitsa Mosali, “hobane o nkiloe ho monna.” (Genese 2:21-23) Hamorao Adama o ile a mo reha Eva (e bolelang “Ea Phelang”).—Genese 3:20.

Ha moapostola Pauluse a fana ka bopaki ba hore Jehova Molimo o bōpile motho, o ile a re ho Baathene: “O entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho, ho lula holim’a lefatše lohle.” (Liketso 17:26) Ka hona, lichaba tsohle le merabe eohle e tsoa mohloling o le mong.

Monna le Mosali oa Pele

Adama le Eva ba bōpile ho elella bofelong ba “letsatsi” la botšelela la pōpo. (Genese 1:24-31) Ha ho na litlaleho tsa hore ho na le batho ba boholo-holo ba neng ba phela pele ho selemo sa 4026 B.C.E., seo Adama a bōpiloeng ka sona, tsa hore na ba ne ba ngola joang, temo ea bona e ne e le joang hammoho le lintho tse ling tseo ba neng ba li etsa. Kaha Mangolo a pheta histori ea batho ho tloha ha ho ne ho bōptjoa monna le mosali oa pele, ho ke ke ha etsahala hore ebe ho na le “batho ba bileng teng pele histori e ngoloa.” Se tlalehiloeng ka mesaletsa ea lintho tsa khale lefatšeng ha se bontše hore ho kile ha e-ba le ho amana ho itseng pakeng tsa batho le liphoofolo. Hape ha ho na ntho leha e le efe e buang ka libōpuoa tse kang batho tse phetseng pele ho ngoloa histori, ebang ke litokomane tse ngotsoeng, litšoantšo tse takiloeng mahaheng, liemahale, kapa ntho leha e le efe e kang eo.

Mangolo a bontša se fapaneng le seo ka ho hlaka, a re qalong motho e ne e le mora oa Molimo le hore bophelo ba hae bo ile ba mpefala. (Moeklesia 7:20; 1 Johanne 1:8-10) Moepolli oa lintho tsa khale, O. D. Miller, o itse: “Tumelo ea hore ho kile ha e-ba le ‘nako ea thabo e khōlō’ hase tšōmo. Thuto ea boholo-holo ea hore bophelo ba batho bo ile ba ’na ba senyeha butle-butle, le taba e bohloko ea hore moloko oa batho o ile oa ’na oa mpefala ha qalong o ne o thabile o bile o hloekile, ke ’nete e ke keng ea hanyetsoa le hoja e utloisa bohloko. Ho hlakile hore lifilosofi tsa kajeno tsa histori, tse bolelang hore batho ba bileng teng pele ba ne ba le bophoofolo, li hloka ho rutoa ka tsela e ’ngoe e ncha. . . . Ka sebele; batho ba boholo-holo e ne e se batho ba bophoofolo.”—Har–Moad, 1892, leqephe 417.

Bibele e bontša hore lehae la pele la batho e ne e le ‘serapa sa Edene.’ (Genese 2:8) Ho bontšoa hore lehae leo le ne le batla le le haufi le sebaka seo batho ba pele ba phetseng ka mor’a Moroallo ba neng ba lula ho sona. P. J. Wiseman, o ntša maikutlo ao litsebi ka kakaretso li lumellanang le ’ona ha a re: “Bopaki bohle boo re nang le bona, e leng ba Genese, ba lintho tse epolotsoeng le ba lineano tsa batho kaofela bo bontša hore lehae la pele la batho le ne le le thoteng ea Mesopotamia. Batho ba lulang Bochabela bo Hōle, ebang ke Machaena kapa Maindia, ba ke ke ba re ke bona batho ba pele ba ho lula sebakeng seo, etsoe sebaka seo se na le bopaki bo bongata ba hore ke lehae leo batho ba pele ba neng ba lula ho lona.”—New Discoveries in Babylonia About Genesis, 1949, leqepheng la 28.

Motho o Entsoe “ka Setšoantšo sa Molimo”

Ha Molimo a ne a tsebisa ‘mosebetsi oa hae ea hloahloa’ hore na morero oa hae oa ho bōpa batho ke ofe, o ile a re: “A re etse motho ka setšoantšo sa rōna, ho ea ka sebōpeho sa rōna.” (Genese 1:26, 27; Liproverbia 8:30, 31; bapisa le Bakolose 1:15-17.) Hlokomela hore Mangolo ha a re Molimo o bōpile batho ka setšoantšo sa phoofolo e hlaha kapa e ruuoang kapa tlhapi. Motho o ile a bōptjoa ka “setšoantšo sa Molimo”; e ne e le “mora oa Molimo.” (Luka 3:38) Tabeng ea hore na ’mele oa Molimo o joang, “ha ho nako eo ka eona mang kapa mang a kileng a bona Molimo.” (1 Johanne 4:12) Ha ho motho lefatšeng ea tsebang hore na ’mele oa moea o khanyang oa Molimo o joang, kahoo re ke ke ra tšoantša ’mele oa batho le oa Molimo. “Molimo ke Moea.”—Johanne 4:24.

Leha ho le joalo, motho o entsoe ka “setšoantšo sa Molimo” ka tsela ea hore o bōpiloe ka litšobotsi tse tšoanang le tsa Molimo, e leng lerato le toka. (Bapisa le Bakolose 3:10.) O boetse o na le matla le bohlale bo fetang ba liphoofolo, e le hore a tle a thabele lintho tseo Molimo a li thabelang le tseo a li ratang, tse kang botle le mesebetsi ea boikhathollo, ho bua, ho beha mabaka le lintho tse ling tseo kelello le pelo li li etsang tseo liphoofolo li sa khoneng ho li etsa. Ho feta moo, motho o khona ho thabela lintho tsa moea, ho tseba Molimo le ho bua le eena. (1 Bakorinthe 2:11-16) Mabaka ao a bontša hore motho o ne a tšoaneleha hore e be moemeli oa Molimo le ho busa lintho tse bōpiloeng maholimong, lefatšeng le leoatleng.

Kaha motho o ne a bōpiloe ke Molimo, qalong o ne a phethahetse. (Deuteronoma 32:4) Kahoo, Adama a ka be a sietse litloholo tsohle tsa hae lefa la bophelo bo phethahetseng le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. (Esaia 45:18) Eena le Eva ba ile ba fuoa taelo ena: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.” (Genese 1:28) Ha leloko la bona le ntse le hōla, ba ka be ba ile ba hlokomela lefatše ba ba ba le etsa hore le be letle ho latela hore na ’Mōpi oa bona o ne a le entse joang.

Motho o Lokolohile ho Ikhethela

Kaha motho o entsoe ka setšoantšo sa Molimo, ho ea ka sebōpeho sa Hae, o ne a lokolohile hore a ikhethele. O ne a lokolohile hore a ikhethele ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng. O ne a e-na le monyetla oa hore ka ho ikhethela le ka ho rata a mamele Molimo e leng ’Mōpi oa hae, a mo hlomphe le ho mo tlotlisa ho feta tsela eo liphoofolo li neng li ka etsa ka eona. O ne a ka sebelisa bohlale boo a nang le bona ho rorisa Molimo le litšobotsi tsa Hae tse babatsehang ebile o ne a ka tšehetsa bobusi ba Hae.

Empa bolokolohi boo ba Adama bo ne bo e-na le meeli. O ne a ka tsoela pele ho phela a thabile hafeela a hlompha bobusi ba Jehova. Sena se bontšoa ke taba ea hore Adama o ne a thibetsoe ho ja sefate sa tsebo ea botle le bobe. O ne a tla be a sa mamele haeba a ka se ja, e leng ketso e bontšang ho fetohela bobusi ba Molimo.—Genese 2:9, 16, 17.

Kaha Adama e ne e le “mora oa Molimo,” kamano eo a neng a e-na le eona le Molimo e ne e tšoana le ea mora le ntate oa hae, kahoo, o ne a lokela hore ebe o ile a mamela. (Luka 3:38) Ho phaella moo, Molimo o ile a bōpella motho le takatso ea ho rapela. Haeba takatso eo e ne e ka sebelisoa hampe, e ne e ka lahla motho, ea senya tokoloho eo a neng a e-na le eona, ea etsa hore a sebeletse ntho e bōpiloeng ho e-na le ho sebeletsa ’Mōpi. Sena se ne se tla etsa hore boemo ba motho bo mpefale.

Mora oa moea oa Molimo oa lerabele o ile a etsa hore mosali oa Adama, Eva, a etse sebe, eaba Eva o leka Adama, eo ka boomo a ileng a fetohela Jehova. (Genese 3:1-6) Sebe seo sa Adama se ile sa etsa hore e se ke ea hlola e e-ba mora oa Molimo, e se ke ea hlola e e-ba ea phethahetseng eaba o fetisetsa sebe, ho se phethahale le lefu baneng ba hae, e leng moloko oohle oa batho. Ho tloha ha ba hlaha feela, ba ne ba tšoana le ntate oa bona Adama, ba sa phethahala ba bile ba tla qetella ba shoele.—Genese 3:17-19; Baroma 5:12.

Jehova o ile a etsa tokisetso e lerato ea hore a lokolle batho bokhobeng ba sebe le lefu. E le hore ho finyelloe molao o phethahatseng oa Molimo, ho ne ho hlokahala motho ea phethahetseng hore e be sehlabelo e le hore a ka rekolla seo motho ea phethahetseng, Adama, a se lahlileng ka ho se mamele. (1 Bakorinthe 15:22) Molimo o ile a romela mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu Kreste, hore a tsoaloe e le motho ea phethahetseng lefatšeng. O ile a amohela thomo eo ka boikokobetso, ’me ka ho shoa lefu le bohloko thupeng ea tlhokofatso, o ile a lokolla batho, a ba a etsa hore batho ba sa phethahalang ba lebelle bokamoso bo thabisang ha e se e le bana ba Molimo ba phethahetseng.—Baroma 8:20, 21.