Seo re Ithutang Sona ka Mohau oa Molimo
Tsa Bacha
Seo re Ithutang Sona ka Mohau oa Molimo
JONASE—KAROLO EA 2
Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuang ka bona. Phelisa seo u se balang.
1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA JONASE 3:1–4:11.
U nahana hore Jonase o ile a ikutloa joang ha a kena motseng oa Ninive?
․․․․․
Ho latela tsela eo Jonase a buoang ka eona, u nahana hore o ne a ikutloa joang ha a ntse a phatlalatsa molaetsa oa Jehova?
․․․․․
Ke lintho life tseo e tlamehang ebe li ile tsa nyotobetsa Jonase ha a ntse a lutse ka ntle ho motse? (Sheba Jonase 4:5-8.)
․․․․․
2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.
Ebe ke hobane’ng ha Jonase a ne a batla hore Jehova a timetse Ninive joalokaha a ne a boletse?
․․․․․
U sebelisa mokhoa leha e le ofe oa ho etsa lipatlisiso, fumana ho itseng ka (1) sebōpeho le lintho tse khethollang semela sa mohope le (2) se boleloang ke ha morena oa Ninive a ikoahela ka lesela la mokotla ’me a lula moloreng.
․․․․․
Ke hobane’ng ha Jonase a ka bitsoa moprofeta ea nang le tumelo ea bileng a leng sebete ho sa tsotellehe hore qalong o ne a le leqe ho profeta Ninive? (․․․․․
3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .
Taba ea hore batho ba ka khona ho sokoloha mekhoeng ea bona e mebe.
․․․․․
Mohau oa Jehova.
․․․․․
Taba ea hore re lokela ho ba mohau.
․․․․․
4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?
․․․․․
Haeba u batla ho etsa lipatlisiso tse ling, sheba Molula-Qhooa oa April 1, 2009, leqepheng la 14-18.
BALA LINGOLILOENG TSE LING TSA BIBELE INTHANETENG HO
www.watchtower.org