Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jesu Kreste—Molaetsa oa Hae o U Ama Joang?

Jesu Kreste—Molaetsa oa Hae o U Ama Joang?

Jesu Kreste​—Molaetsa oa Hae o U Ama Joang?

‘Ke tlile e le hore ba ka ba le bophelo le hore ba be le bona bo le bongata.’—JOHANNE 10:10.

HA E le hantle Jesu Kreste o ne a tletse ho tla fana lefatšeng, eseng ho amohela. Ka tšebeletso ea hae, o file batho mpho ea bohlokoa ka ho fetisisa—e leng molaetsa o senolang ’nete ka Molimo le thato ea hae. Ba amohelang molaetsa oo ba ka thabela bophelo bo molemo hona joale, joalokaha Bakreste ba ’nete ba limilione ba ka tiisa hore ho joalo. * Empa ntho e ka sehloohong molaetseng oa Jesu e bile mpho e babatsehang ho feta tsohle, e leng ea bophelo bo phethahetseng boo a faneng ka bona molemong oa rōna. Hore re fumane bophelo bo sa feleng ho itšetlehile ka hore na re nka bohato bofe mabapi le karolo ena ea bohlokoa ka ho fetisisa ea molaetsa oa hae.

Seo Molimo le Kreste ba faneng ka sona Jesu o ne a tseba hore lira tsa hae li ne li tla mo bolaea ka sehlōhō. (Matheu 20:17-19) Leha ho le joalo, o ile a bua tjena mantsoeng a hae a tsebahalang a fumanoang ho Johanne 3:16: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” Jesu o ile a boela a re o ne a tletse ho tla “fana ka moea oa hae [kapa bophelo] hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Matheu 20:28) Ke hobane’ng ha a ile a re bophelo ba hae bo tla fanoa ho e-na le hore a re bo tla nkoa?

Kaha Molimo o ne a susumetsoa ke lerato le leholo ka ho fetisisa, o ile a etsa tokisetso ea hore batho ba pholosoe sebeng seo ba se futsitseng le liphellong tsa sona, e leng ho se phethahale le lefu. Molimo o ile a etsa sena ka ho romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore a tl’o shoa lefu la sehlabelo. Jesu o ile a lumela ho etsa joalo ka boithatelo, a fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng molemong oa rōna. Tokisetso ena e bitsoang thekollo, ke eona mpho e khōlō ka ho fetisisa eo Molimo a e fileng batho. * Ke mpho e ka etsang hore motho a fumane bophelo bo sa feleng.

Seo u lokelang ho se etsa Na thekollo ke mpho eo u e fuoang ka ho toba? Ho itšetlehile ka uena. Mohlala ke ona: Ak’u nahane motho e mong a u fa lebokose le phuthetsoeng le tšetseng mpho. ’Nete ke hore ha e be mpho ea hao ho fihlela ha u e nanabela, u e amohela. Ka tsela e tšoanang, Jehova o u fa thekollo, empa mpho ena e tla ba ea hao hafeela u e amohela. Joang?

Jesu o itse ke ba “bontšang tumelo ho eena” ba tla fumana bophelo bo sa feleng. Tumelo e akarelletsa tsela eo u phelang ka eona. (Jakobo 2:26) Ho bontša tumelo ho Jesu ho bolela ho lumellanya bophelo ba hao le lintho tseo a neng a li bua le tseo a neng a li etsa. E le hore u etse joalo, u lokela ho tseba Jesu le Ntate oa hae hantle. Jesu o itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.

Lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, Jesu Kreste o ile a fana ka molaetsa o fetotseng bophelo ba batho ba limilione lefatšeng lohle. Na u ka rata ho tseba haholoanyane ka molaetsa oo le hore na uena le batho bao u ba ratang le ka rua molemo joang ho oona hona joale, esita le ka ho sa feleng? Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa.

Lihlooho tse latelang li tla u bolella ho eketsehileng ka Jesu Kreste ea ileng a ruta molaetsa o ka fetolang bophelo ba hao ka ho sa feleng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Hase motho e mong le e mong ea ipitsang Mokreste eo e hlileng e leng molateli oa Kreste. Balateli ba ’nete ba Jesu ke ba phelang ka tsela e lumellanang le linnete tseo a li rutileng ka Molimo le ka thato ea Hae.—Matheu 7:21-23.

^ ser. 5 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka thuto ea thekollo e thehiloeng Mangolong, sheba khaolo ea 5 e nang le sehlooho se reng “Thekollo ke Mpho ea Molimo e Khōlō ka ho Fetisisa,” bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.