Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—Li Tla ba Teng Neng?

Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—Li Tla ba Teng Neng?

Puo ea Phatlalatsa e Khethehileng

Khotso ea ’Nete le Tšireletseho​—Li Tla ba Teng Neng?

Batho ba ’nile ba batla khotso le tšireletseho ka lilemo tse ngata-ngata. Empa batho ba sitiloe ho fumana khotso ea ’nete. Hobane’ng? Bibele e fana ka mabaka a mabeli a etsang hore batho ba sitoe ho fumana khotso. E boetse e na le tšepiso ena e thobang pelo: Molimo o tšepisitse hore ho tla ba le khotso ea ’nete le tšireletseho ka ho sa feleng lefatšeng lohle bakeng sa batho.

Khotso le tšireletseho tsee li tla ba teng joang, hona neng? U lokela ho etsa’ng e le hore u phele maemong ao a thabisang? Lipotso tsena li tla arajoa puong ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng, “Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—Li Tla ba Teng Neng?” Puo ena e thehiloeng Bibeleng e tla fanoa lefatšeng lohle linaheng tse fetang 230. Libakeng tse ngata e tla fanoa Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova ka Sontaha sa la 18 April, 2010. Lipaki tsa sebakeng sa heno li tla thabela ho u bolella hore na e tla fanoa ka nako efe le hona sebakeng sefe. U mengoa ka mofuthu hore u be teng.