Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Motho ea Ileng a Fetola Lefatše

Motho ea Ileng a Fetola Lefatše

Motho ea Ileng a Fetola Lefatše

Batho ba libilione ba ’nile ba e-ba teng lefatšeng ba ba ba shoa. Bongata ba bona le ho hopoloa ha ba sa hopoloa. Leha ho le joalo, ba ’maloa bona ba entse lintho tse ’nileng tsa susumetsa bophelo ba batho—mohlomong li bile li susumetsa tsela eo u phelang ka eona letsatsi le letsatsi.

U TSOHA hoseng u itokisetsa ho ea mosebetsing. U bonesa lebone hore u tsebe ho itokisa. U nka buka kapa koranta hore u tle u e bale ka beseng. U hopola ho noa moriana o thibelang likokoana-hloko oo u o fuoeng ke ngaka. Ke hona u qalang letsatsi, empa u se u sebelisitse lintho tse ’maloa tse entsoeng ke batho ba itseng ba bohlokoa.

Michael Faraday Setsebi sena sa fisiks sa Lenyesemane se hlahileng ka 1791, ke sona se qapileng ’mothara oa motlakase le jenereithara. Seo a se qapileng se thusitse hore ho etsoe motlakase oo batho ba o sebelisang haholo.

Ts’ai Lun Ofisiri ea lekhotleng la ’muso la Chaena, Ts’ai Lun, ke eena eo ho thoeng o ile a qapa mokhoa oa ho etsa pampiri ka bo-105 C.E., e leng se ileng sa etsa hore pampiri e etsoe ka bongata.

Johannes Gutenberg Hoo e ka bang ka 1450, moqapi enoa oa Lejeremane o ile a qapa mochine o hatisang litlhaku. Mochine oo o ile oa etsa hore ho hatisa ho se ke ha hlola ho ja chelete e ngata, kahoo, boitsebiso bo bongata bo buang ka lintho tse sa tšoaneng bo ile ba fumanoa ke batho ba bangata.

Alexander Fleming Ka 1928, mofuputsi enoa oa Scotland o ile a sibolla ntho e thibelang likokoana-hloko eo a ileng a e reha penicillin. Hona joale moriana o thibelang likokoana-hloko o sebelisoa hohle ho phekola batho ba tšoaelitsoeng ke libaktheria.

Ha ho pelaelo hore lintho tse sibolotsoeng le tse qapiloeng ke batho ba ’maloa feela li thusitse batho ba libilione hore ba thabele lintho tse itseng kapa ba phele hantle ’meleng.

Leha ho le joalo, ho na le motho a le mong ea ikhethang ho bohle. Ha a tsebahale hobane ho na le ntho e itseng ea saense eo a e sibolotseng kapa e ntlafalitseng tsa bongaka. Ho e-na le hoo, motho enoa ea tsoang lelapeng la boemo bo tlaase, ea ileng a shoa hoo e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng, o siile molaetsa oa bohlokoa o fang batho tšepo le ho ba tšelisa. Ho latela hore na molaetsa oa hae o amme batho ba bangata hakae lefatšeng lohle, ba bangata ba tla lumela hore ka sebele ke eena motho ea fetotseng lefatše.

Motho eo ke Jesu Kreste. O ne a ruta molaetsa ofe? Hona molaetsa oo o ka ama bophelo ba hao joang?