Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Balsame ea Gileade—Setlhare se Folisang

Balsame ea Gileade—Setlhare se Folisang

Balsame ea Gileade​—Setlhare se Folisang

TLALEHO e tsebahalang e bukeng ea Bibele ea Genese e re bolella ka pale ea Josefa eo barab’abo ba ileng ba mo rekisetsa bahoebi ba bang ba Baishmaele ba neng ba ea Egepeta. Sehlopha sena sa bahoebi ba hahlaulang se ne se tsoa Gileade ’me likamele tsa sona li ne li jere balsame le thepa e ’ngoe e eang Egepeta. (Genese 37:25) Tlaleho ena e khutšoanyane e bontša hore balsame ea Gileade e ne e ratoa haholo linaheng tsa boholo-holo tse Bochabela bo Hare, ebile e nkoa e le ea bohlokoa ka lebaka la matla a eona a khethehileng a ho folisa.

Leha ho le joalo, lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., moprofeta Jeremia o ile a botsa ka pelo e bohloko, a re: “Na ha ho na balsame Gileade?” (Jeremia 8:22) Ke eng e ileng ea susumelletsa Jeremia hore a botse potso ee? Ha e le hantle balsame ke eng? Na ho na le balsame e folisang kajeno?

Balsame Mehleng ea ho Ngoloa ha Bibele

Balsame ke lebitso le akaretsang le hlalosang lero le nkhang hamonate leo hangata le leng mafura, le entsoeng ka boka bo tsoang limeleng le lihlahleng tse sa tšoaneng. Oli ea Balsame, eo hangata e neng e sebelisoa ho etsa libano le litlolo tse nkhang hamonate, e ne e le e ’ngoe ea lintho tse neng li ratoa haholo linaheng tsa Bochabela bo Hare. E ne e le o mong oa metsoako ea oli e tlotsang e halalelang le libano tse neng li sebelisoa tabernakeleng nakoana ka mor’a hore Baiseraele ba tsoe Egepeta. (Exoda 25:6; 35:8) Oli ea balsame e ne e le e ’ngoe ea limpho tse ngata tseo mofumahali oa Sheba a ileng a li tlisetsa Morena Solomone. (1 Marena 10:2, 10) Esthere o ile a hlokomeloa le ho sililoa ka “likhoeli tse tšeletseng ka oli ea balsame” e le hore a bohehe hantle pele a itlhahisa ho Morena Assueruse oa Persia.—Esthere 1:1; 2:12.

Le hoja oli ea balsame e ne e tsoa likarolong tse sa tšoaneng tsa linaha tsa Bochabela bo Hare, balsame ea Gileade eona e ne e fumanoa Naheng e Tšepisitsoeng, kaha Gileade e ne e le ka bochabela ho Nōka ea Jordane. Mopatriareka Jakobo o ne a nka balsame e le se seng sa “lihlahisoa tsa boleng bo botle ka ho fetisisa,” kahoo o ile a e romela Egepeta e le mpho. (Genese 43:11) ’Me moprofeta Ezekiele o ile a thathamisa balsame har’a thepa eo naha ea Juda le ea Iseraele li ileng tsa e romela Tyre. (Ezekiele 27:17) Balsame e ne e tsebahala ka matla a eona a ho folisa. Hangata lingoliloeng tsa boholo-holo li bua ka matla a setlhare sena a ho folisa hammoho le ho matlafatsa, haholo-holo tabeng ea ho phekola maqeba.

Balsame Bakeng sa Sechaba se Kulang

Joale ke hobane’ng ha Jeremia a ile a phahamisa potso e reng, “Na ha ho na balsame Gileade”? E le hore re utloisise lebaka la potso eo, re lokela ho hlahloba boemo boo sechaba sa Iseraele se neng se le ho bona mehleng eo. Pejana, moprofeta Esaia o ile a hlalosa ka ho hlaka kamoo boemo ba sona ba moea bo neng bo utloisa bohloko kateng, a re: “Ho tloha bohatong ba leoto ho ea fihla hloohong ha ho karolo e phelang hantle ho oona. Maqeba le matetetso le metopa e mecha—ha lia pepetoa leha e le ho tlamisoa.” (Esaia 1:6) Ho e-na le hore se ele hloko boemo ba sona bo haulang ’me se batle pholiso, sechaba sena se ile sa tsoela pele ho tsoa tseleng. Jeremia o ile a bua ka pelo e bohloko mehleng ea hae, a re: “Ba lahlile lentsoe la Jehova, ’me ba na le bohlale bofe?” Hoja ebe ba ile ba khutlela ho Jehova, a ka be a ile a ba folisa. “Na ha ho na balsame Gileade?” Potso ee ke e susumelletsang motho ho nahana hakaakang!—Jeremia 8:9.

Ka litsela tse ngata, lefatše la kajeno le tletse “maqeba le matetetso le metopa e mecha.” Batho ba bangata ba utloisoa bohloko ke bofutsana, leeme, boithati le ho hloka mosa, e leng lintho tseo kaofela li bakoang ke hore lerato la Molimo le la moahelani le se le folile. (Matheu 24:12; 2 Timothea 3:1-5) Ba bangata ba ikutloa ba sa ratoe ka lebaka la morabe oa bona, setso sa bona kapa lilemo tsa bona. Ho ekelletsa moo, tlala, ho kula, ntoa le lefu li ba utloisa bohloko le ho feta. Joaloka Jeremia, balumeli ba bangata ba tšepahalang baa ipotsa hore na ha ho na “balsame Gileade” e ka sebelisoang ho tlamisa maqeba ao batho ba utloang bohloko ba nang le ’ona maikutlong le moeeng.

Litaba Tse Molemo Tse Folisang

Mehleng ea Jesu, batho ba ikokobelitseng ba ne ba ipotsa potso e tšoanang. Empa ha ea ka ea lula e sa arajoe. Ha Jesu a ne a le synagogeng Nazaretha ka selemo sa 30 C.E., o ile a bala moqolo oa Esaia moo ho hlahang mantsoe a reng: “Jehova o ntlotselitse hore ke bolelle ba bonolo litaba tse molemo. O nthometse hore ke tlamise ba robehileng lipelo.” (Esaia 61:1) Jesu o ile a bontša hore mantsoe ao a sebetsa ho eena ’me a itlhahisa e le Mesia ea rometsoeng ho tla tsebahatsa molaetsa oa matšeliso.—Luka 4:16-21.

Jesu o ile a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka cheseho nakong eohle eo a e qetileng a le tšebeletsong. (Matheu 4:17) Ha a ruta Thutong ea Thabeng, o ile a tšepisa ba hlorileng hore maemo a bona a tla fetoha, a re: “Ho thaba lōna ba llang hona joale, hobane le tla tšeha.” (Luka 6:21) Ka ho phatlalatsa ho tla ha ’Muso oa Molimo—e leng molaetsa oa tšepo—Jesu o ne a ‘tlamisa ba robehileng lipelo.’

Mehleng ea rōna, “litaba tse molemo tsa ’muso” li ntse li tšelisa joaloka nakong e fetileng. (Matheu 6:10; 9:35) Ka mohlala, nahana ka Roger le Liliane. Ka January 1961 ba ile ba qala ho ithuta ka tšepiso ea Molimo ea bophelo bo sa feleng ’me thuto ena e ile ea tšoana le balsame e thobang ho bona. Liliane o re: “Ke ile ka pota kichine ke ntse ke tantša ha ke nahana ka seo ke neng ke ithuta sona. Ke ne ke thabile haholo.” Roger, eo ka nako eo a neng a se a qetile lilemo tse leshome a holofetse litho tse ling tsa ’mele, o eketsa ka hore: “Ke ile ka thaba haholo, ka thabela ho phela, ka lebaka la tšepo e babatsehang—ea hore bafu ba tla tsoha le hore bohloko bohle le ho kula li tla fela.”—Tšenolo 21:4.

Ka 1970 ba ile ba hlokahalloa ke mora oa bona ea lilemo li 11. Empa ha baa ka ba tetebela maikutlo ka lebaka la ho felloa ke tšepo. Ba ile ba ikutloela hore Jehova “o folisa ba robehileng lipelo, o tlamisa maqeba a bona a bohloko.” (Pesaleme ea 147:3) Tšepo ea bona e ile ea ba tšelisa. E se e ka ba lilemo tse 50 joale ba thabela khotso le khotsofalo tseo litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li ba tliselitseng tsona.

Pholiso eo e Leng Hona e Tlang

Joale na ho na le “balsame Gileade” kajeno? E, kajeno ho ntse ho e-na le balsame ea moea. Matšeliso le tšepo tse tlisoang ke litaba tse molemo tsa ’Muso li tlamisa lipelo tse robehileng. Na u ka rata ho fumana pholiso e joalo? Sohle seo u lokelang ho se etsa ke hore u amohele molaetsa o tšelisang o tsoang Lentsoeng la Molimo ’me u o lumelle hore o laole bophelo ba hao. Batho ba limilione ba se ba entse joalo.

Pholiso e tlisoang ke balsame ke tlhase feela ea tokoloho e khōlō e tlang. Nako ea hore Jehova Molimo a ‘phekole lichaba,’ ka tebello ea bophelo bo sa feleng, e ntse e atamela ka potlako. Ka nako eo, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” E, ho sa ntse ho e-na le “balsame Gileade”!—Tšenolo 22:2; Esaia 33:24.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Matla a folisang a litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo a ntse a thoba bohloko ba batho ba robehileng lipelo kajeno