Basireletsi ba Tumelo—Na ha e le Hantle ba ne ba Loanela Bokreste Kapa e ne e le Bo-rafilosofi?
Basireletsi ba Tumelo—Na ha e le Hantle ba ne ba Loanela Bokreste Kapa e ne e le Bo-rafilosofi?
HO KOPANELA liphate le mong ka motho ea haufi, polao ea bana, liketso tsa malimo—tsena e ne e le tse ling tsa lintho tse makatsang tseo Bakreste ba neng ba qosoa ka tsona lekholong la bobeli la lilemo C.E. Sena se ile sa etsa hore ho be le mahloriso a maholo hoo bangoli ba ipolelang hore ke Bakreste ba ileng ba qobelleha hore ba loanele tumelo ea bona. Bakreste bana bao hamorao ba ileng ba tsejoa e le basireletsi ba tumelo kapa ba loanelang tumelo ea bona, morero oa bona e ne e le ho paka hore bolumeli ba bona ha bo kotsi e le hore ba amohelehe ’musong oa Roma le bathong ka kakaretso. Morero oo o ne o ba beha kotsing kaha hangata ’muso le sechaba ka kakaretso ba ne ba ka khotsofatsoa feela ke haeba motho a lumellana le bona. Ho ne ho boetse ho e-na le kotsi e khōlō ea hore ba hlorisoe le ho feta, kapa ba hlapolle tumelo ea Bokreste ka ho lumella lintho tse itseng tseo ba neng ba sa lokela ho li lumella. Ha e hantle basireletsi bao ba tumelo ba ile ba sireletsa tumelo ea bona joang? Ba ile ba beha mabaka afe? Hona boiteko ba bona bo bile le liphello life?
Basireletsi ba Tumelo ’Musong oa Roma
Basireletsi ba tumelo e ne e le banna ba rutehileng ba lekholong la bobeli la lilemo le ba mathoasong a lekholo la boraro la lilemo. Ba ileng ba tuma haholo ho bona ke Justin Martyr, Clement oa Alexandria le Tertullian. * Batho bao ka ho khetheha ba neng ba ba ngolla e ne e le bahetene le ba boholong ’musong oa Roma, ka morero oa ho hlalosa tumelo ea Bokreste, ’me hangata ba ne ba qotsa ka Bibeleng. Ho feta moo, basireletsi ba tumelo ba ile ba hanyetsa bahlorisi ba bona, ba hana liqoso tseo ba neng ba ba qosa ka tsona ’me ba hlahisa Bokreste hantle.
Ntho e ’ngoe eo basireletsi ba tumelo ba neng ba amehile haholo ka eona e ne e le hore ba kholise bo-ralipolotiki hore Bakreste hase lira tsa moemphera kapa ’muso. Tertullian o ile a re moemphera o ne a “khethiloe ke Molimo oa rōna,” athe Athenagoras eena o ile a buella taba ea hore setulo sa boemphera se lokela ho sielanoa ka lapeng, ka tsela eo, a kenella lipolotiking tsa mehla eo. Ka ho etsa joalo, ba ile ba iphapanyetsa mantsoe a Jesu Kreste, a reng: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše.”—Johanne 18:36.
Basireletsi ba tumelo ba ile ba boela ba fana ka tlhahiso ea hore ho be le maqhama pakeng tsa ’muso oa Roma le bolumeli ba Bokreste. Ho latela Melito, lihlopha tseo ka bobeli li ile tsa sebelisana ’me tsa kenya letsoho katlehong ea ’muso. Motho ea sa tsejoeng ea ngotseng The Epistle to Diognetus, o ile a re Bakreste e ne e le karolo ea bohlokoa ea lefatše, e neng ‘e etsa hore lefatše le momahane.’ Tertullian o ile a ngola hore Bakreste ba ne ba rapella hore ’muso o atlehe, ba bile ba rapella hore bofelo ba tsamaiso ea lintho bo liehe ho se hokae. Ka lebaka leo, ho ile ha bonahala ’Muso oa Molimo o se o sa hlokahale hakaalo.—“Bokreste” bo Fetoha Filosofi
Rafilosofi ea bitsoang Celsus o ile a hlalosa Bakreste ka tsela e phoqang, a re ke “bahlanka ba ba bang, ba rōkang lieta, lihoai, lithoto le liphoqo tse fetang tsohle.” Basireletsi ba tumelo ba ile ba sitoa ho mamella tsela eo e phoqang eo ba neng ba hlalosoa ka eona. Ba ile ba ikemisetsa ho etsa hore sechaba se ba rate ka ho sebelisa mokhoa o mocha. Mokhoa o neng o kile oa hanoa, e leng oa ho sebelisa bohlale ba lefatše, o ile oa qala ho sebelisoa litšebeletsong tsa “Bokreste.” Ka mohlala, Clement oa Alexandria o ile a nka hore filosofi ke “thuto ea ’nete ea bolumeli.” Justin eena, le hoja a ne a re ha a batle filosofi ea bohetene, e bile eena oa pele ea ileng a sebelisa puo ea bo-rafilosofi le mehopolo ea bona ha a hlalosa likhopolo tsa “Bokreste,” kaha o ne a nka hore mokhoa oo oa filosofi “ha o kotsi ebile o na le liphello tse ntle.”
Ho tloha ka nako eo, mokhoa o ileng oa sebelisoa e bile oa hore ho se ke ha hanyetsoa filosofi, empa ho etsoe hore mehopolo eo ho thoeng ke ea Bakreste e be filosofi e phahametseng ea bahetene hōle. Justin o ile a ngola: “Lintlheng tse ling re ruta se tšoanang le se rutoang ke liroki le bo-rafilosofi bao le ba hlomphang, empa lintlheng tse ling re ruta lintho tse tebileng le ka tsela ea bomolimo ho ba feta.” Ka lebaka la motsoakonyana oa filosofi “Bokresteng” lithuto tseo ho neng ho nkoa hore ke tsa Bokreste tsa basireletsi ba tumelo li ile tsa qala ho amoheleha le ho hlomphuoa. Basireletsi ba tumelo ba ile ba bontša hore libuka tsa Bokreste ke tsa khale ho feta tsa Bagerike le hore baprofeta ba Bibele ba phetse nako e telele pele ho bo-rafilosofi ba Bagerike. Basireletsi ba bang ba tumelo ba ile ba ba ba etsa qeto ea hore bo-rafilosofi ba ne ba etsisa baprofeta. Ba ile ba ba ba re Plato e ne e le morutuoa oa Moshe!
Lithuto Tsa Bokreste Lia Sothoa
Mokhoa ona o mocha o ile oa etsa hore lithuto tsa Bokreste le tsa filosofi li kopanngoe
hammoho. Ho ile ha bapisoa melimo ea Bagerike le batho ba hlahang ka Bibeleng. Jesu o ile a bapisoa le Perseus; ho ima ha Maria ha bapisoa le ha ’mè oa Perseus, Danaë, eo le eena ho neng ho thoe e ne e le moroetsana.Lithuto tse ling li ile tsa fetoloa haholo. Ka mohlala, ka Bibeleng Jesu o bitsoa “Logos,” e bolelang “Lentsoe la Molimo,” kapa ’Muelli oa hae. (Johanne 1:1-3, 14-18; Tšenolo 19:11-13) Li sa tloha feela, thuto ena e ile ea sothoa ke Justin eo joaloka rafilosofi, a ileng a sebelisa hampe taba ea hore lentsoe leo la Segerike logos le na le litlhaloso tse peli: le ka bolela “lentsoe” kapa la bolela “monahano.” O ile a re Bakreste ba ile ba fumana lentsoe ho Kreste ka boeena. Leha ho le joalo, logos e bolelang monahano eona e fumanoa ho motho e mong le e mong, ho kopanyelletsa le bahetene. Ka hona, o ile a etsa qeto ea hore ba phelang ho latela monahano oo ke Bakreste, esita le ba neng ba sa lumele hore Molimo o teng le bao ho neng ho nahanoa hore ha ba lumele, ba kang Socrates le ba bang.
Ho feta moo, ka ho qobella hore ho be le ho tšoana ho itseng ho Jesu le logos ea filosofi ea Bagerike, e neng e amahanngoa haufi le Molimo, basireletsi ba tumelo, esita le Tertullian, ba ile ba qala seo qetellong se ileng sa tsoala thuto ea Bokreste ea Boraro-bo-bong. *
Lentsoe “moea [soul]” le hlaha ka makhetlo a fetang 850 ka Bibeleng, ho kopanyelletsa le a fetang 100 ka mangolong a Segerike. Ha e le hantle le bolela sebōpuoa se phelang se ka shoang, ebang ke motho kapa ke phoofolo. (1 Bakorinthe 15:45; Jakobo 5:20; Tšenolo 16:3) Leha ho le joalo, basireletsi ba tumelo ba ile ba sotha thuto ea Bibele ka ho e kopanya le filosofi ea Plato ea hore moea o arohane le ’mele, ke ntho e sa bonahaleng e ke keng ea shoa. Minucius Felix o ile a ba a re tumelo ea hore bafu ba tla tsosoa e qalile thutong ea Pythagoras ea hore moea o fetela ’meleng o mong. Ruri tšusumetso ea Bagerike e ne e entse hore ba suthele hōle haholo le lithuto tsa Bibele!
Khetho e Fosahetseng
Basireletsi ba bang ba tumelo ba ile ba hlokomela kotsi eo filosofi e neng e ka e baka tumelong ea Bokreste. Leha ho le joalo, le hoja ba ne ba nyatsa bo-rafilosofi, ba ne ba ntse ba rata tsela e bohlale eo filosofi e neng e beha litaba ka eona. Ka mohlala, Tatian o ile a seolla bo-rafilosofi ka hore ha ho letho la bohlokoa leo ba le finyeletseng, empa ka nako e tšoanang o ne a bitsa bolumeli ba Bokreste “filosofi ea rōna,” a bile a lumela likhopolo-taba tse ngata tsa bo-rafilosofi. Tertullian eena o ile a nyatsa tšusumetso ea filosofi ea bohetene lithutong tsa Bakreste. Leha ho le joalo, o ile a bolela hore o batla ho latela mehato ea “Justin, rafilosofi le moshoela-tumelo; Miltiades, rafilosofi oa likereke” hammoho le ba bang. Athenagoras o ile a ipitsa “rafilosofi oa Mokreste oa Athene.” Ha e le Clement eena o ile a re o nahana hore “Bakreste ba ka sebelisa filosofi hantle e le hore ba fumane bohlale le mokhoa oa ho loanela tumelo.”
Le haeba ho na le katleho e itseng eo basireletsi bana ba tumelo ba ileng ba e finyella ha ba loanela tumelo ea bona, ’nete ke hore ba ne ba entse phoso e khōlō ha ba ntse ba e loanela. Joang? Moapostola Pauluse o ile a hopotsa Bakreste hore har’a lihlomo tsa moea tseo ba nang le tsona, ho ne ho se e matla joaloka “lentsoe la Molimo,” Baheberu 4:12; 2 Bakorinthe 10:4, 5; Baefese 6:17.
kaha “lea phela ’me le fana ka matla.” Pauluse o ile a re ka lona “re phethola menahano le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng e phahamisoang khahlanong le tsebo ea Molimo.”—Bosiung ba pele Jesu a bolaoa, o ile a bolella barutuoa ba hae: “Le be sebete! Ke hlōtse lefatše.” (Johanne 16:33) Liteko le mahlomola ao a neng a kopane le ’ona lefatšeng li ne li sa ka tsa etsa hore a felloe ke tumelo ’me o ne a ntse a tšepahala ho Ntate oa hae. Ka tsela e tšoanang, moapostola oa ho qetela ea neng a ntse a phela, e leng moapostola Johanne, o ile a ngola: “Ena ke tlhōlo e hlōtseng lefatše, tumelo ea rōna.” (1 Johanne 5:4) Le hoja basireletsi ba tumelo ba ne ba batla ho loanela tumelo ea Bokreste, ba ile ba etsa khetho e fosahetseng ka ho amohela likhopolo le mekhoa e sebelisoang ke filosofi ea lefatše. Ka ho etsa joalo, basireletsi ba tumelo ba ile ba itumella ho khelosoa ke lifilosofi tseo, ka mantsoe a mang, ba ile ba lumella lefatše hore le ba hlōle le be le hlōle le Bokreste ba bona. Kahoo, ho e-na le hore e be bahlōli le basireletsi ba ’nete ba tumelo ea Bokreste, basireletsi bao ba tumelo ba kereke ea lilemong tsa qalong, mohlomong ba sa lemohe, ba ile ba oela lerabeng la Satane, ea lulang a “iphetola lengeloi la leseli.”—2 Bakorinthe 11:14.
Baruti le ba rutang lithuto tsa bolumeli likerekeng kajeno ba latetse tsela eona eo. Ho e-na le hore ba loanele Bokreste ba ’nete ka ho sebelisa Lentsoe la Molimo, hangata ba nkela Bibele fatše ’me ba latela lifilosofi tsa lefatše ha ba ruta, moo ba lekang ho hapa maikutlo a batho le ho tsitsisa likereke tsa bona. Ho e-na le hore ba fane ka temoso ka likotsi tsa ho latela mekhoa ea lefatše eo Bibele e e nyatsang, ba fetohile mesuoe e lekang ka hohle ho ‘tsikinyetsa litsebe’ tsa bamameli ba bona e le hore ba ratoe ke balateli ba bona. (2 Timothea 4:3) Ka bomalimabe, mesuoe ena, feela joaloka basireletsi ba pele ba tumelo, ba iphapanyetsa temoso ena e fanoeng ke moapostola: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.” Hape re hopotsoa hore “bofelo ba bona bo tla ba ho ea ka mesebetsi ea bona.”—Bakolose 2:8; 2 Bakorinthe 11:15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 4 Ho ne ho boetse ho na le Quadratus, Aristides, Tatian, Apollinaris, Athenagoras, Theophilus, Melito, Minucius Felix le bangoli ba bang ba sa tsejoeng hakaalo. Sheba Molula-Qhooa oa May 15, 2003, leqepheng la 27-29, le oa March 15, 1996, leqepheng la 28-30.
^ ser. 13 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka seo Tertullian a neng a se lumela, sheba Molula-Qhooa oa May 15, 2002, leqepheng la 29-31.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 31]
“Re phethola menahano le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng e phahamisoang khahlanong le tsebo ea Molimo.”—2 BAKORINTHE 10:5
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Justin o ne a nka hore ho etsisa filosofi ‘ha ho kotsi ebile ho na le liphello tse ntle’
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Clement o ne a nka filosofi e le “thuto ea ’nete ea bolumeli”
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Filosifi ea Tertullian e ile ea thusa hore ho qetelle ho e-na le thuto ea Boraro-bo-bong
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Tatian o ile a bitsa Bokreste “filosofi ea rōna”
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Baruti ba kajeno le ba rutang thuto ea bolumeli ba latetse mehato ea basireletsi ba tumelo
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Moapostola Pauluse o ile a lemosa ka lifilosofi le thetso ea batho
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 29]
Clement: Historical Pictures Service; Tertullian: © Bibliothèque nationale de France