Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Batho ba Ileng ba Ngola ka Jesu

Batho ba Ileng ba Ngola ka Jesu

Ruta Bana ba hao

Batho ba Ileng ba Ngola ka Jesu

NA LE thabela ho ithuta ka Jesu le le ’moho?— * Batho ba bang baa makala ha ba hlokomela hore Jesu ha aa ka a ngola letho ka Bibeleng. Leha ho le joalo, bangoli ba robeli ba Bibele ba re bolella ho hongata ka eena. Bangoli bana kaofela ba phetse ka nako e tšoanang le Jesu ’me ba re bolella seo a ileng a se ruta. Na u ka bolela mabitso a bangoli baa ba robeli?— Ke Matheu, Mareka, Luka le Johanne. Ba bang ba bane ke Petrose, Jakobo, Juda le Pauluse. Ke eng seo u se tsebang ka bangoli baa ba robeli?—

A re qale ka ho tšohla bangoli ba bararo bao hape e neng e le ba bang ba baapostola ba 12 ba Jesu. Na u tseba mabitso a bona?— Ke Petrose, Johanne le Matheu. Petrose o ile a ngolla Bakreste-’moho le eena mangolo a mabeli. O ile a ba bolella lintho tseo a li tsebang tseo Jesu a ileng a li etsa le tseo a ileng a li bua. Phetla lengolo la 2 Petrose 1:16-18 ka Bibeleng ’me u bale kamoo Petrose a hlalosang seo a ileng a se utloa ha Jehova Molimo a bua le Jesu a le leholimong.—Matheu 17:5.

Moapostola Johanne o ile a ngola libuka tse hlano tsa Bibele. O ne a lutse pel’a Jesu ha barutuoa ba ne ba e-na le Mong’a bona lijong tsa ho qetela. Johanne o ne a boetse a e-na le Jesu ha A e-shoa. (Johanne 13:23-26; 19:26) Johanne o ile a ngola e ’ngoe ea litlaleho tse ’nè tsa Bibele tse buang ka bophelo ba Jesu tse bitsoang Likosepele. O ile a boela a ngola Tšenolo eo Jesu a ileng a mo fa eona a ba a ngola mangolo a mararo ka Bibeleng a reheletsoeng ka eena. (Tšenolo 1:1) Mongoli oa boraro oa Bibele ea ileng a fetoha moapostola oa Jesu ke Matheu. E ne e le ’mokelli oa lekhetho.

Bangoli ba bang ba babeli ba Bibele ba ne ba tseba Jesu ka tsela e ikhethang. E ne e le banab’abo Jesu ka ’mè oa bona, e le bana ba Josefa le Maria. (Matheu 13:55) Ha baa ka ba fetoha barutuoa ba Jesu ha a ne a qala mosebetsi oa boboleli. Ba ne ba bile ba nahana hore e ka ’na eaba oa hlanya ka lebaka la ho chesehela boboleli. (Mareka 3:21) Baena baa ba Jesu e ne e le bo-mang?— E mong oa bona ke Jakobo. O ngotse buka ea Bibele ea Jakobo. E mong ke Judase, eo hape a bitsoang Juda. O ngotse buka ea Bibele ea Juda.—Juda 1.

Bangoli ba bang ba babeli ba ileng ba ngola ka bophelo ba Jesu ke Mareka le Luka. ’Mè oa Mareka, e leng Maria, o ne a e-na le ntlo e khōlō Jerusalema, eo Bakreste ba pele, ba akarelletsang moapostola Petrose, ba neng ba kopana ho eona. (Liketso 12:11, 12) Lilemo pele ho moo, bosiung boo ka bona Jesu a ileng a tšoara Paseka ea ho qetela le baapostola ba hae, mohlomong Mareka o ile a ba sala morao ha ba ea tšimong ea Gethesemane. Ha Jesu a tšoaroa, masole a ile a qhautsa Mareka empa a baleha ’me a siea seaparo sa hae.—Mareka 14:51, 52.

Luka e ne e le ngaka e rutehileng eo ho bonahalang eka e ile ea e-ba morutuoa ka mor’a lefu la Jesu. O ile a ithuta ka hloko ka bophelo ba Jesu ’me a ngola pale e hlakileng le e nepahetseng e buang ka bona. Hamorao, Luka e ile ea e-ba mphato oa moapostola Pauluse eo a neng a tsamaea le eena ’me o ile a boela a ngola buka ea Bibele ea Liketso.—Luka 1:1-3; Liketso 1:1.

Pauluse ke mongoli oa Bibele oa borobeli ea ileng a ngola ka Jesu. O ile a rutoa ke ’muelli oa molao ea tummeng Gamaliele. Pauluse, eo ka nako eo a neng a bitsoa Saule, o ne a hōlisitsoe ke Bafarisi a bile a rutiloe ke bona ’me o ne a hloile barutuoa ba Jesu, kahoo o ile a kenya letsoho ha ba bolaoa. (Liketso 7:58–8:3; 22:1-5; 26:4, 5) Na ua tseba hore na ho tlile joang hore Pauluse a ithute ’nete ka Jesu?—

Ha e le hantle, Pauluse o ne a e-ea Damaseka a il’o tšoara barutuoa ba Jesu, ha ka tšohanyetso a foufatsoa ke leseli le khanyang le tsoang leholimong. O ile a utloa lentsoe le re ho eena: “Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng?” E ne e le Jesu ea neng a bua le eena! O ile a re Pauluse a ee Damaseka. Eaba Jesu o laela morutuoa oa hae ea bitsoang Ananiase hore a e’o bua le Pauluse, kahoo Pauluse ea e-ba morutuoa oa Jesu. (Liketso 9:1-18) Pauluse o ile a ngola libuka tse 14 tsa Bibele, ho tloha ho Baroma ho ea ho Baheberu.

Na u se u qalile ho bala libuka tsa Bibele tse buang ka Jesu kapa ho na le ea u ballang tsona?— Har’a tsohle tseo u ka li etsang bophelong, ntho e ’ngoe e molemo ka ho fetisisa ke hore u qale hona joale ha u sa le mocha ho ithuta Bibele le seo e se buang ka Jesu.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Haeba u bala sehlooho sena le ngoana, u lokela ho etsa khefu moo ho nang le motoa ’me u emele hore a bue.

LIPOTSO:

▪ Ke baapostola bafe ba Jesu ba ileng ba ngola Bibele?

▪ Ke bangoli bafe ba babeli ba Bibele bao e neng e le banab’abo Jesu ka ’mè oa bona?

▪ E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Mareka a ne a tseba Jesu, empa e ▪ ka ’na eaba ke hobane’ng ha Luka a ne a sa mo tsebe?

Ho tlile joang hore Pauluse a fetohe morutuoa oa Jesu?

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

Juda

Mareka

Petrose

Matheu

Pauluse

Jakobo

Luka

Johanne