Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ebe ha ba Tšabe ho Ema Moo?”

“Ebe ha ba Tšabe ho Ema Moo?”

Lengolo le Tsoang Afrika Boroa

“Ebe ha ba Tšabe ho Ema Moo?”

“SEBAKA SENA SE KOTSI HAHOLO—KA HO TŠOARA POHO LE KA BOOTSOA”; ena ke temoso e botong e pel’a tsela e tšesaane e fapohang ho e khōlō. Re kheloha tsela ’me re kena lepoqong, re il’o paka koloi ea rōna haufi le tse ’maloa tse pakileng pel’a boto e khōlō e bontšang tsela e lebang sebakeng sa phomolo sa maemo a holimo se bileng se nang le k’hasino tlaasana mane. Likoloi tse turang li feta ka lebelo, empa rea hlokomela hore beng ba likoloi tseo ba re sheba ka ho makala ’me ho bonahala eka baa ipotsa: ‘Ebe ha ba tšabe ho ema moo?’

Re emisa koloi ’me rea theoha re il’o ema le sehlopha sa batho ba apereng hantle ba emeng moriting oa boto. Sehlopha sena sa rōna ke sa batho ba merabe e sa tšoaneng le limelo tse sa tšoaneng, e leng ntho e ntseng e sa tloaeleha hakaalo Afrika Boroa. Re tlile sebakeng sena se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 100 ho tloha karolong e ka leboea-bophirimela ea Johannesburg, ka morero oa ho tla bolella ba lulang metseng ena ’nete ea Bibele.

Re ba le seboka se sekhutšoaane ka thōko ho tsela ho tšohla temana ea Bibele le ho etsa litlhophiso tsa ho ea ka ntlo le ntlo. Hoa rapeloa ’me re khutlela likoloing tsa rōna. Ka nģ’ane ho thota ke matlo le mek’huk’hu e jalaneng hohle. A shebahala a le manyenyane kaha a pel’a litotomahali tsa mobu o motšo o tsoang merafong ea plathinamo. Bofuma bo sebakeng sena bo hanana le leruo le lengata le ka tlas’a lefatše hona sebakeng sena.

’Na le mosali oa ka hammoho le baeti ba babeli ba tsoang Jeremane, ka bone ba rōna re qala ho etela batho ka ntlo le ntlo nakong eo ea hoseng. Hoo e ka bang motho a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo ha a sebetse sebakeng sena, kahoo, mahae a bona ha a boemong bo botle. Bongata ba ’ona ke mek’huk’hu e entsoeng ka masenke a kokotetsoeng mapolankeng a sa tieang hakaalo, ka lipekere tse khōlō tse otlelletsoeng holim’a mapanaki.

Ha re fihla ntlong ka ’ngoe, re lumelisa re le keiting, ’me hangata re khahlametsoa ke ’mè oa lelapa. Bao re buang le bona ba thahasella ho utloa molaetsa oa rōna, ’me re tšoaroa joaloka baeti ba bohlokoa. Masenke a etsa hore ka tlung ho chese haholo motšehare ka lebaka la mocheso oa letsatsi. Hangata bana ba rongoa hore ba late litulo ka tlung ’me ba li behe tlas’a sefate ebe re kōpuoa hore re lule moriting.

Litho tsa lelapa li lula holim’a litulo tse kukunelang kapa likereiti tse kubutiloeng. Bana ba banyenyane le bona baa bitsoa moo ba ntseng ba bapalla teng ka lintho tsa ho bapala tse iketselitsoeng, hothoe ba tl’o mamela. Re tšohla mangolo a ’maloa ’me re kōpa bana ba kenang sekolo hore ba balle holimo tse ling tsa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tseo re li tšoereng. Hoo e batlang e le motho e mong le e mong eo re kopanang le eena o thabela lingoliloeng tseo re li tšoereng, ’me ba bangata ba re re khutle.

Har’a mpa ea motšehare re khefutsa ho se hokae ho ja bohobe le ho noa seno-mapholi, re ntan’o khutlela ho bao re buisaneng le bona lekhetlong le fetileng ha re ne re tlile mona. Re qala ka ho ea ho Jimmy, ea tsoang naheng ea Malawi, ea sebetsang morafong o mong oa plathinamo. E se e le likhoeli tse ’maloa re ntse re etela Jimmy. O lula a thabela ho re bona ’me e se e le makhetlo a mangata re buisana le eena ka Bibele. Jimmy o nyetse mosali oa Motswana oa sebakeng seo ’me ba na le bana ba babeli. Ha rea ka ra mo fumana a le teng nakong e fetileng, kahoo re labalabela ho bona hore na o ntse a ea joang.

Ha re atamela ntlo ea Jimmy, re hlokomela kapele feela hore ho tlameha ho e-na le bothata. Serapa sa hae se lulang se le makhethe se bohlasoa, poone eo a e lemmeng e ponne le likhoho tsa hae tse tloaetseng ho fata-fata li batla lijo ha li eo. Lemati le notletsoe ka ketane e khōlō. Moahelani oa hae oa atamela hore a tl’o utloa hore na ho etsahala’ng. Re mo botsa hore na ebe Jimmy o kae. O re tšela ka litaba tse bohloko: Jimmy o hlokahetse ’me mosali o khutletse habo le bana.

Ho nkoa e se mekhoa e metle ho botsisisa ka litaba tsa motho e mong, empa re mo kōpa hore a re hlalosetse. O re ho rōna: “O ne a kula eaba oa hlokahala. Mehleng ena ho na le mafu a mangata. Ho shoa batho ba bangata.” Le hoja a sa re bolelle hore na o ne a tšoeroe ke eng, kaha ke seoelo u ka utloang ho buuoa ka seo, mabitla a ntseng a eketseha sebakeng seo ke bopaki bo hlakileng ba hore mantsoe a moahelani eo ke ’nete. Re qoqa le eena ka nakoana ka tšepo ea tsoho ’me re tsamaea re utloile bohloko haholo ho ea bona motho e mong.

Re fihla motseng o mong ’me re leba matlong a ho qetela a pel’a qubuhali ea mobu o tsoang morafong. Ha re fihla qetellong ea seterata re kena moo re eang. Ka har’a jarete ena ho na le lejoe le leholo le ngotsoeng mantsoe ana ka ho hlaka, “Ho tsila-tsila ke tšenyo ea nako; tieho e tsoala tahleho.” David, * ea ngotseng mantsoe ao, ea neng a ntse a iname enjeneng ea koloi ea hae ea khale ea Volkswagen Beetle o phahamisa hlooho. O re sheba ka mahlo a masesaane a fahloang ke letsatsi le eang malikelong ’me o qala ho bobotheha ha a hlokomela hore ke rōna, ebe ho bonahala ho phatsima ha khauta e khabisitseng meno a hae a ka pele. O hlakola matsoho a hae ebe oa re atamela hore a tl’o re lumelisa.

O re ka lentsoe le phefa: “Lumelang metsoalle! Le ntse le ipatile kae?” Re thabela ho bona David hape. O re re mo inele matsoho metsing kaha o tla sitoa ho qeta nako e telele le rōna kajeno hobane o ile a fumana mosebetsi morafong ka mor’a hore re arohane ’me o se a lokela ho ea mosebetsing. David o bososela nako ena kaofela ha re ntse re qoqa hamonate le eena. O re bolella ka thabo eohle: “Lintho li ile tsa fetoha bophelong ba ka ka mor’a hore re kopane ka lekhetlo la pele! Kannete, ha ke tsebe hore na hoja la se ke la tla, nka be ke le hokae.”

Re tloha moo ho David re thabile. Ha letsatsi le se le likela, re leba hae. Re qekotsa sebaka sena ka lekhetlo la ho qetela ’me re hlokomela mahlaseli a letsatsi a hlaheletseng ka har’a lerōle, joale rea ipotsa hore na batho bana kaofela ba tla fumana litaba tse molemo joang. Re utloisisa ka ho teba mantsoe ana a Jesu: “Ka sebele, kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae.”—Luka 10:2.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 12 Lebitso le fetotsoe.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 17]

Kind permission given by the South African Post Office