Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Maikutlo a Lipaki Tsa Jehova ke Afe ha Malumeli a Kopanela Borapeli?

Maikutlo a Lipaki Tsa Jehova ke Afe ha Malumeli a Kopanela Borapeli?

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Maikutlo a Lipaki Tsa Jehova ke Afe ha Malumeli a Kopanela Borapeli?

▪ Ho latela World Christian Encyclopedia, ho na le “malumeli a ka bang 10 000 a fapaneng lefatšeng ka bophara.” Kaha likhohlano tse bileng teng malumeling li entse hore batho ba utloe bohloko haholo, khopolo ea hore batho ba malumeli a sa tšoaneng ba kopanele borapeli e etsa hore ba bangata ba tšepe hore lintho li tla loka. Ba lumela hore seo se tla etsa hore ho be le khotso le kutloano lefatšeng lena leo ho lona batho ba sa utloaneng.

Bibele e khothalletsa batho hore ba utloane. Moapostola Pauluse o ile a tšoantša phutheho ea Bokreste le ’mele oa motho, oo litho tsohle tsa oona li “kopantsoeng hammoho ka tumellano le ka ho etsoa hore o sebelisane.” (Baefese 4:16) Ka tsela e tšoanang moapostola Petrose le eena o ile a khothalletsa balumeli-’moho le eena, a re: “Bohle le be le khopolo e le ’ngoe.”—1 Petrose 3:8, Bibele ea Sesotho.

Bakreste ba mehleng ea pele ba ne ba lula sebakeng se nang le litso tse fapa-fapaneng le malumeli a mefuta-futa. Leha ho le joalo, ha Pauluse a ne a ngola ka ho kopana ha malumeli o ile a botsa a re: “Motho ea tšepahalang o na le kabelo efe le ea sa lumelang?” Eaba o eletsa Bakreste hore ba ‘tsoe har’a bona.’ (2 Bakorinthe 6:15, 17) Ka ho hlakileng Pauluse o ne a le khahlanong le hore malumeli a kopanele borapeli. Ke hobane’ng ha a ne a le khahlanong le seo?

Moapostola o ile a hlalosa hore ha Mokreste oa ’nete a kopanela liketsong tsa borapeli le motho eo e seng eena, eo e ne e tla ba joko e sa lekaneng, e leng ntho e sa lokelang ho etsahala. (2 Bakorinthe 6:14) Phello ea teng e ka ba hore tumelo ea Mokreste e be kotsing. Ho tšoenyeha ha Pauluse ho ne ho tšoana le ha ntate ea tsebang hore bana ba bang motseng ha baa itšoara hantle. Kaha ke motsoali ea amehileng ka ngoana oa hae, o mo laela hore na a bapale le bo-mang. Empa ba bang ba ka ’na ba se ke ba rata seo. Leha ho le joalo, ho etsa joalo ho tla sireletsa ngoana oa hae hore bana ba bang ba se ke ba mo tšoaetsa boitšoaro ba bona. Ka tsela e tšoanang, Pauluse le eena o ne a tseba hore ha Bakreste ba ikarola malumeling a mang, seo se ne se tla etsa hore ba se ke ba tšoaetsoa ke liketso tsa ’ona tse mpe.

Ha Pauluse a ne a bua joalo, o ne etsisa Jesu. Le hoja Jesu a ile beha mohlala o motle ka ho khothalletsa hore khotso e be teng, ha aa ka a kopanya tumelo ea hae le ea malumeli a mang. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, ho ne ho e-na le malumeli a mangata a kang a Bafarisi le a Basaduse. Ha e le hantle, malumeli ana a ile a ba a ikopanya hore a hanyetse Jesu, a ba a rera ho mo bolaea. Empa Jesu eena o ile a laela balateli ba hae hore “ba itebele . . . thutong ea Bafarisi le Basaduse.”—Matheu 16:12.

Joale ho thoe’ng mehleng ee? Na keletso ea Bibele e khahlanong le ho kopanela borapeli e ntse e sebetsa? Ho joalo. Lebaka ke hore malumeli a fapaneng a ke ke a kopana, joalokaha metsi le oli li ke ke tsa kopana hobane feela li tšetsoe ka nkhong e le ’ngoe. Ka mohlala, ha batho ba malumeli a fapaneng ba kopana hore ba rapelle khotso, ke molimo ofe eo ba mo rapelang? Ebe ke oa Boraro-bo-bong oa malumeli a ipitsang hore ke a Bokreste? Brahma oa Mahindu? Buddha? Kapa e mong feela?

Moprofeta Mikea o ile a bolela esale pele hore “karolong e qetellang ea matsatsi” batho ba tsoang lichabeng tsohle ba tla re: “Tloong, ’me re nyoloheleng thabeng ea Jehova le ntlong ea Molimo oa Jakobo; o tla re rupela ka litsela tsa hae, ’me re tla tsamaea litseleng tsa hae.” (Mikea 4:1-4) Qetellong ho tla ba le khotso le bonngoe lefatšeng lohle, eseng hobane malumeli ’ohle a tla be a kopantsoe ka tsela e itseng, empa hobane batho bohle ba tla be ba amohetse bolumeli bo le bong feela ba ’nete.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Litho tsa malumeli a maholo a lefatše sebokeng sa 2008 sa borapeli bo kopanetsoeng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

REUTERS/Andreas Manolis