Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Bophelo ba Hao bo Laoloa ke Linaleli?

Na Bophelo ba Hao bo Laoloa ke Linaleli?

Na Bophelo ba Hao bo Laoloa ke Linaleli?

BOSIUNG ba ha leholimo le sele le bohoeng ba ntja, le hona ho se na mabone a khantšitseng, leholimo le shebahala joaloka lesela le letšo la foloberi le tletseng litaemane tse ngata tse phatsimang. Lilemong tse ka bang 350 feela tse fetileng, e ne e le hona batho ba qalang ho utloisisa boholo ba linaleli le hore na li hōle hakae le rōna. Ke hona re qalang ho utloisisa matla a maholohali a sebetsang bokahohleng bo hlollang.

Ho tloha khale, batho ba ’nile ba hlokomela tsela e hlophisehileng eo lihloliloeng tsa leholimo li tsamaeang ka eona sepakapakeng bosiu, hammoho le libaka tseo li bang ho tsona ha linako tsa selemo li ntse li feto-fetoha. (Genese 1:14) Ba bangata ba ’nile ba bua mantsoe a tšoanang le a Morena Davida oa Iseraele, eo lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng a ileng a ngola tjena: “Ha ke bona maholimo a hao, mesebetsi ea menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li lokisitseng, motho ea shoang ke’ng hore u ’ne u mo hopole?”—Pesaleme ea 8:3, 4.

Leha ho le joalo, ebang rea elelloa kapa che, lihloliloeng tsa leholimo hammoho le tsela eo li tsamaeang ka eona li ama bophelo ba rōna ka tsela e tobileng. Letsatsi, e leng naleli eo lefatše la rōna le e potolohang, ke lona le ralileng mokhoa o bonolo oa ho bala nako—e leng bolelele ba matsatsi le ba selemo. Khoeli eona e “bakeng sa linako tse behiloeng,” kapa “ho tšoaea linako tsa selemo.” (Pesaleme ea 104:19; Bibele—Phetolelo e Ncha) Linaleli li ka tataisa batho ka tsela e nepahetseng haholo ebang ke leoatleng, sepakapakeng kapa naheng, ebile li thusa bo-rasepakapaka hore na ba shebise sefofa-sebakeng sa bona hokae pele se tloha. Ka lebaka lena, batho ba bang baa ipotsa hore na ebe mohlomong linaleli li ka re etsetsa lintho tse ling ntle le taba feela ea hore li re bolelle nako le linako tsa selemo, hammoho le ho etsa hore re ananele mesebetsi ea pōpo ea Molimo. Na ebe li ka bona le bokamoso ba rōna esale pele kapa tsa re lemosa ka tlokotsi?

Tšimoloho ea Bonohe ba Linaleli le Sepheo sa Bona

Mokhoa oa ho sheba lihloliloeng tsa leholimo molemong oa ho fumana tataiso lefatšeng o simolohile Mesopotamia ea boholo-holo, mohlomong lilemong tse likete tse tharo tse fetileng B.C.E. Linohe tsa linaleli tsa boholo-holo li ne li ithuta lihloliloeng tsa leholimo ka hloko. Ho ithuta ka linaleli ho qalile ha linohe tsa linaleli li etsa boiteko ba ho etsa ’mapa oa hore na lihloliloeng tsa leholimo li tsamaea hokae, li ngola lethathamo la moo linaleli li leng hona teng, li qapa lik’halendara le ho noha hore na khoeli e tla sira letsatsi neng. Empa bonohe ba linaleli ha bo felle feela tabeng ea ho hlahloba hore na letsatsi le khoeli li ama tikoloho ea rōna joang. Bo boetse bo bolela hore sebaka seo letsatsi, khoeli, lipolanete, naleli ka ’ngoe hammoho le lihlopha tsa linaleli li leng ho sona, le tsela eo li emeng ka eona, ha li laole feela liketsahalo tse itseng tse khōlō tse etsahalang lefatšeng empa li laola le bophelo ba batho ka bomong. Joang?

Linohe tse ling li sebelisa bonohe ba linaleli ho hlahloba lihloliloeng tsa leholimo e le hore li fumane pontšo kapa temoso ka bokamoso, tseo batho ba tsebang ka tsona ba ka li sebelisang ba ba ba rua molemo ka tsona ka litsela tse itseng. Ba bang ba nka hore ha e le hantle bonohe ba linaleli bo re senolela seo re se reretsoeng bophelong kapa bo ka re thusa hore re fumane nako e nepahetseng eo re tla atleha ka eona ha re etsa lintho tse itseng kapa re etsa mesebetsi e itseng. Ho boleloa hore boitsebiso boo bo fumanoa ka ho sheba tsela eo lihloliloeng tsa leholimo tse ka sehloohong li emeng ka eona, ebe ho “hlahlojoa” tsela eo tsona li sebelisanang ka eona le eo li sebelisanang le lefatše ka eona. Ho boleloa hore tsela eo li laolang bophelo ba motho ka eona e itšetlehile ka hore na ha motho eo a ne a hlaha, lihloliloeng tsa leholimo li ne li eme joang.

Linohe tsa boholo-holo li ne li nahana hore lefatše le bohareng ba lihloliloeng tsa leholimo le hore lipolanete le linaleli li koaletsoe ka har’a lintho tse chitja tseo butle-butle li ntseng li hōla sepakapakeng, tse ntseng li potoloha lefatše. Li ne li boetse li nahana hore letsatsi le tsamaea sepakapakeng ka har’a linaleli le ka har’a lihlopha tsa linaleli tseleng e khethehileng eo le tsamaeang ho eona selemo le selemo. Li ile tsa bitsa tsela eo ecliptic, eaba li e arola likarolo tse 12. Karolo ka ’ngoe e ile ea rehelloa ka lihlopha tsa linaleli tseo letsatsi le neng le feta ho tsona. Ke kamoo matšoao a 12 a zodiake a ileng a qala kateng. Likarolo tseo, kapa “matlo a leholimo,” a ne a nkoa e le bolulo ba melingoana e itseng. Empa ka mor’a nako bo-rasaense ba ile ba ithuta hore letsatsi ha le potolohe lefatše, ho e-na le hoo, lefatše ke lona le potolohang letsatsi. Seo se ile sa etsa hore ntho eo ho neng ho thoe ke saense ea linaleli e fele.

Bonohe ba linaleli, bo simolohileng Mesopotamia, bo ile ba namela hoo e ka bang likarolong tsohle tsa lefatše ’me ba tloaeleha ka litsela tse sa tšoaneng hoo e ka bang lichabeng tsohle. Ka mor’a hore Persia e hape Babylona, bonohe ba linaleli bo ile ba namela Egepeta, Greece le India. Barumuoa ba Mabuddha ba ile ba tloha le bona India ba bo isa Asia Bohareng, Chaena, Tibet, Japane le karolong e Boroa-bochabela Asia. Le hoja ho sa tsejoe hore na bo fihlile joang ho Bamaya, sechaba seo se ne se sebelisa bonohe ba linaleli haholo ka tsela e tšoanang le ea Bababylona. Kamoo ho bonahalang kateng, mokhoa oa “kajeno” oa bonohe ba linaleli o qalile Egepeta nakong eo lintho li neng li etsoa ho latela mekhoa ea Bagerike ’me bo bile le tšusumetso e khōlo tseleng eo litho tsa Bolumeli ba Sejuda, Boislamo le tsa malumeli a bolelang hore ke a Bokreste li nahanang ka eona.

Tšusumetso ea bonohe ba linaleli e ile ea ama sechaba sa Iseraele esita le pele se e-ea botlamuoeng Babylona lekholong la bosupa la lilemo B.C.E. Bibele e re bolella ka boiteko ba Morena Josiase ea tšepahalang ba ho felisa sechabeng mokhoa o neng o le teng oa ho etsa mahlabelo ho “letsatsi le khoeli le lihlopha tsa linaleli tsa zodiake le makhotla ’ohle a maholimo.”—2 Marena 23:5.

Mohloli oa Bonohe ba Linaleli

Bonohe ba linaleli bo thehiloe maikutlong a fosahetseng haholo mabapi le boemo ba lihloliloeng tsa leholimo le tsela eo li sebetsang ka eona. Ka hona, ho hlakile hore ha bo simolohe ho Molimo. Kaha bo thehiloe linthong tseo e seng ’nete, bonohe ba linaleli e ke ke ea e-ba mohloli o nepahetseng oa ho tseba se tla etsahala ka moso. Ho hlōleha ha bona ka makhetlo a mabeli nakong e fetileng ke mohlala o bontšang hore sena ke ’nete.

Nakong eo ho neng ho busa Morena Nebukadnezare oa Babylona, baprista le linohe tsa linaleli li ile tsa sitoa ho hlalosetsa morena toro ea hae. Daniele eo e neng e le moprofeta oa Molimo oa ’nete, Jehova, o ile a bolela hore na bothata e ne e le bofe: “Sephiri seo morena a se kōpang, banna ba bohlale, linohe, baprista ba sebelisang boselamose le linohe tsa linaleli ha li khone ho se bolella morena. Leha ho le joalo, ho na le Molimo maholimong eo e leng Mosenoli oa liphiri, ’me o tsebisitse Morena Nebukadnezare se tla etsahala karolong e qetellang ea matsatsi.” (Daniele 2:27, 28) Daniele o ile a tšepa Jehova Molimo, “Mosenoli oa liphiri”—eseng letsatsi, khoeli kapa linaleli—’me o ile a bolella morena tlhaloso e nepahetseng.—Daniele 2:36-45.

Le hoja Bamaya ba ne ba khona ho lepa linaleli ka tsela e nepahetseng, bonohe ba bona ha boa ka ba ba thusa hore ba thibele ’muso oa sechaba sa habo bona hore o se ke oa oa lekholong la borobong la lilemo C.E. Mehlala ena ka bobeli e bontša hore bonohe ba linaleli e mpa e le boqhekanyetsi feela, ha bo khone ho bolela ntho leha e le efe e nepahetseng ka bokamoso, hape e senola seo e hlileng e leng sepheo sa bona, e leng ho sitisa batho hore ba tšepe Molimo bakeng sa ho fumana boitsebiso bo nepahetseng ka bokamoso.

Taba ea hore bonohe ba linaleli ha boa thehoa ’neteng e boetse e re thusa hore re hlokomele mohlohlelletsi oa bona. Jesu o ile a re ka Diabolose: “Ha aa ka a ema a tiile ’neteng, hobane ’nete ha e eo ho eena. Ha a bua leshano, o bua ho ea ka tšekamelo ea hae, hobane o leshano ’me ke ntate oa leshano.” (Johanne 8:44) Satane o iketsa eka ke “lengeloi la leseli,” athe bademona bona ba ikhakanya joaloka “basebeletsi ba ho loka.” Ha e le hantle, ke mamenemene ao morero oa ’ona e leng ho tšoasa batho ka maqiti a bolotsana. (2 Bakorinthe 11:14, 15) Lentsoe la Molimo le senola hore “mosebetsi . . . o matla le lipontšo le limakatso tsa leshano” ke “tšebetso ea Satane.”—2 Bathesalonika 2:9.

Lebaka Leo U Lokelang ho bo Qoba

Bonohe ba linaleli bo thehiloe linthong tseo e seng ’nete, ka hona, Jehova, Molimo oa ’nete oa bo nyonya. (Pesaleme ea 31:5) Ka lebaka leo, Bibele e bo nyatsa ka ho totobetseng ebile e khothalletsa batho hore ba se ke ba ikamahanya le bona. Molimo o boletse ka ho hlaka ho Deuteronoma 18:10-12: “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe . . . leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, . . . kapa leha e le mang ea batlang keletso ho ea buisanang le meea kapa setsebi se bolelang liketsahalo esale pele kapa leha e le mang ea botsang bafu. Etsoe e mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova.”

Kaha bonohe bo susumetsoa ke Satane le bademona, ho bapalla ho bona ho etsa hore motho a be mocheng oa ho susumetsoa ke Satane le bademona. Feela joalokaha motho ea batlang ho utloa hore na ho sebelisa lithethefatsi ho joang a ka iphumana a ipehile tlas’a taolo ea ba mokolang lithethefatsi, ho batla ho bona hore na bonohe ba linaleli bo sebetsa joang ho ka etsa hore motho a iphumane a le tlas’a taolo ea mothetsi e moholo, e leng Satane. Ka hona, ba ratang Molimo le ’nete ba lokela ho nena bonohe ba linaleli ka ho feletseng ’me ba mamele keletso ena ea Bibele: “Hloeang se sebe, le rate se molemo.”—Amose 5:15.

Bonohe ba linaleli bo ratoa haholo ke batho ba batlang ho tseba ka bokamoso. Na re ka tseba hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang? Haeba ho joalo, re ka tseba joang? Bibele e re bolella hore re ke ke ra tseba se tla etsahala ho rōna ka bomong hosasa, khoeling e tlang kapa selemong se tlang. (Jakobo 4:14) Leha ho le joalo, Bibele e re bolella se tla tloha se etsahalla moloko oa batho. E re bolella hore haufinyane, ’Muso oo re o rapellang Thapelong ea Morena o tla tla. (Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10) E boetse e re bolella hore mahlomola a batho a haufi le ho fela le hore a ke ke a hlola a re tšoenya le ka mohla. (Esaia 65:17; Tšenolo 21:4) Ho e-na le hore a rerele batho qetello esale pele, Molimo o mema batho bohle hore ba ithute ka eena le ka seo a tla se etsa molemong oa bona. Re tseba joang? Bibele e bontša ka ho hlakileng hore thato ea Molimo ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.”—1 Timothea 2:4.

Maholimo a hlollang le tsohle tse ho ’ona ha lia etsetsoa hore li laole bophelo ba rōna. Ho e-na le hoo, li bontša matla a Bomolimo a Jehova. (Baroma 1:20) Li ka etsa hore re hane lintho tseo e seng tsa ’nete ’me re itšetlehe ka Molimo le ka Lentsoe la hae, Bibele, bakeng sa keletso e ka tšeptjoang le tataiso e le hore re atlehe bophelong. “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

Bamaya ba ne ba sebelisa bonohe ba linaleli haholo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]

“Ho na le Molimo maholimong eo e leng Mosenoli oa liphiri, ’me o tsebisitse . . . se tla etsahala karolong e qetellang ea matsatsi”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]

Le hoja Bamaya ba ne ba khona ho lepa linaleli ka tsela e nepahetseng, bonohe ba bona ha boa ka ba ba thusa hore ba thibele ’muso oa sechaba sa habo bona hore o se ke oa oa

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Mohaho oa Balepi ba linalei oa El Caracol, Chichén Itzá, Yucatán, Mexico, 750-900 C.E.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 19]

Pages 18 and 19, left to right: Stars: NASA, ESA, and A. Nota (STScI); Mayan calendar: © Lynx/Iconotec com/age fotostock; Mayan astronomer: © Albert J. Copley/age fotostock; Mayan observatory: El Caracol (The Great Conch) (photo), Mayan/Chichen Itza, Yucatan, Mexico/Giraudon/The Bridgeman Art Library