Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Kannete ke ho se Tšepahale?

Na Kannete ke ho se Tšepahale?

Na Kannete ke ho se Tšepahale?

“Ha u ngola hore na kotsi e etsahetse joang, fetola lintlha tse itseng hanyenyane feela, joale tsohle li tla tsamaea hantle.”

“Hase hore ofisi ea lekhetho e lokela ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”

“Ntho ea bohlokoa ke hore feela u se ke ua tšoaroa.”

“U e lefella’ng empa u ka e fumana mahala?”

UKA ’na ua utloa mantsoe a kang ana a ka holimo ha u kōpa keletso mabapi le litaba tse amanang le lichelete. Ho bonahala batho ba bang ba ka “rarolla” ntho leha e le efe habonolo feela. Potso ke hore, Na tharollo eo e bontša hore motho oa tšepahala?

Ho se tšepahale ho jele setsi hoo hangata batho ba nkang ho bua leshano, ho qhekella le ho utsoa e le mekhoa e amohelehang ea ho etsa hore ba se fumane kotlo, ea ho etsa chelete kapa ea ho hatela pele. Hangata batho hlaheletseng sechabeng ha ba tšepahale. Naheng e ’ngoe ea Europe, liketsahalo tsa bomenemene le ho qhekella li ile tsa eketseha ka liphesente tse 85 ho tloha ka 2005 ho ea ho 2006. Leha ho le joalo, sena ha se akarelletse liketso tse ngata tsa ho se tšepahale ho honyenyane, hoo batho ba bang ba reng ke “libe tse nyenyane.” Mohlomong e ne e se ntho e makatsang ha naheng eona eo, ho fumanoa hore batho ba phahameng ho tsa khoebo le lipolotiking ba sebelisitse mangolo a thuto a mokunyata hore ba fumane maemo a phahameng mosebetsing.

Leha ho le joalo, batho ba bangata ba batla ho etsa se nepahetseng, le hoja lefatše lena le tletse ka batho ba sa tšepahaleng. Mohlomong u e mong oa bona. Mohlomong u batla ho etsa se nepahetseng mahlong a Molimo hobane ua mo rata. (1 Johanne 5:3) U ka ’na ua ikutloa ka tsela e tšoanang le ea moapostola Pauluse, ea ileng a ngola a re: “Re tšepa hore re na le matsoalo a tšepahalang, kaha re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Baheberu 13:18) Ka lebaka leo, re u mema hore u ke u hlahlobe a mang a maemo a ka ’nang a etsa hore le hoja motho a lakatsa ho itšoara “ka botšepehi linthong tsohle,” ho be thata ho etsa joalo. Re tla boela re hlahlobe melao-motheo ea Bibele e ka u thusang maemong a joalo.

Ke Mang ea Lokelang ho Lefella Kotsi?

Ka letsatsi le leng ha moroetsana e mong ea bitsoang Lisa * a ntse a khanna, o etsa phoso ’me o thulana le koloi e ’ngoe. Ha ho na motho ea tsoang kotsi, empa likoloi ka bobeli lia senyeha. Naheng ea habo, bakhanni ba tlaase lilemong ba lefa chelete e ngata ea inshorense ea koloi, joale lekhetlo ka leng ha ba ile ba ameha kotsing, ba lefa e ngata le ho feta. Kaha Lisa o tsamaea le motsoal’ae ea seng a le moholo lilemong, ea bitsoang Gregor, motsoalle oa hae o mo eletsa hore ha a ngola tlaleho ea kotsi a re Gregor ke eena ea neng a khanna. Ha Lisa a etsa joalo, a ke ke a lefa chelete e ngata ea inshorense. Keletso eo e utloahala e le bohlale. O lokela ho etsa’ng?

Lik’hamphani tsa inshorense li sebelisa chelete e lefuoang ke ba keneng inshorenseng ho lefa ba hlaheloang ke kotsi ea koloi. Ka hona, haeba Lisa a ne a ka mamela keletso ea motsoalle oa hae, ha e le hantle o ne a tla be a qobella ba bang ba keneng inshorenseng hore ba mo lefelle chelete e ngata ea kotsi eo. O ne a tla be a sa bue leshano feela ha a ngola tlaleho eo, empa hape o ne a tla be a utsoetsa ba bang. Ho joalo le haeba motho a ka bua leshano e le hore a eketse chelete eo inshorense e lokelang ho mo lefa eona.

Ntho e thibelang batho ho etsa joalo ke hore ha ba ka tšoaroa, molao o ba lefisa haboima. Empa Lentsoe la Molimo le fana ka lebaka la bohlokoahali leo ka lona motho a lokelang ho qoba ho se tšepahale. O mong oa Melao e Leshome o re: “U se ke ua utsoa.” (Exoda 20:15) Moapostola Pauluse o ile a pheta taelo eo ho Bakreste, a re: “Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa.” (Baefese 4:28) Haeba u mamela Lentsoe la Molimo le litabeng tse kang tsa inshorense, seo se tla u thusa hore u qobe ho etsa ntho eo Molimo a e nyatsang. Hape seo se tla bontša hore u rata molao oa Molimo le ho o hlompha, ebile u rata le baahelani ba hao le ho ba hlompha.—Pesaleme ea 119:97.

“Le Lefe Cesare Lintho Tsa Cesare”

Peter ke rakhoebo. Motho ea mo bolokelang libuka tsa khoebo o mo khothalletsa hore a re o “rekile” thepa e turang ea k’homphieutha ’me a tlatse lipampiri tsa kōpo ea ho theoleloa lekhetho. Ho tloaelehile hore ho rekoe thepa ea mofuta oo ke likhoebo tse tšoanang le ea Peter. Le hoja Peter a sa reka thepa eo, ’Muso o ke ke oa etsa lipatlisiso tsa hore na o fela a e rekile kapa che. Ho theoleloa lekhetho ho tla bolokela Peter chelete e ngata. O lokela ho etsa’ng? A ka tataisoa ke eng ha a etsa qeto?

Moapostola Pauluse o ile a bolella Bakreste ba mehleng ea hae, a re: “Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng . . . Fang bohle tse ba lokelang, ea batlang lekhetho, le mo fe lekhetho; ea batlang sethabathaba, le mo fe sethabathaba.” (Baroma 13:1, 7) Ba batlang ho amoheloa ke Molimo ba lefa makhetho ’ohle ao ba boholong ba a batlang. Ka lehlakoreng le leng, haeba molao oa naha o lumella hore batho ba itseng kapa likhoebo li fumane theolelo ea lekhetho, ha ho na letho le fosahetseng ka ho kenya kōpo ea seo hafeela motho a tšoaneleha.

Mohlala o latelang ke o mong o amanang le ho lefa lekhetho. David o hiriloe e le ’metli oa mapolanka k’hamphaning e ’ngoe. Empa metsoalle le baahisani ba hae ba mo kōpa hore a ba etsetse liraka le thepa ea ka tlung, ’me o etsa seo ha a chaisitse mosebetsing. Ba mo lefa chelete e ngata ho feta eo a e fumanang mosebetsing, empa ha baa lebella hore a ba fe rasiti ea mosebetsi oo. Ka tsela eo, ha ho be le tlaleho ea mosebetsi o entsoeng, ka hona, David a ke ke a lefa lekhetho. Batho ba bangata ba tla thabela seo. Empa kaha David o batla ho thabisa Molimo, o lokela ho nka mosebetsi oo o sa tlalehoeng joang?

Le hoja motho ea sebetsang joalo a ka ’na a se ke a tšoaroa, ha a lefe lekhetho leo ’muso o nang le tokelo ea ho le fumana. Jesu o ile a re: “Ka hona, le lefe Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.” (Matheu 22:17-21) Jesu o ile a bua mantsoe ana ho lokisa maikutlo ao bamameli ba hae ba neng ba e-na le ’ona ka ho lefa lekhetho. Balaoli ba ’muso, bao Jesu a ba bitsang Cesare, ba nka hore ho lefisa batho lekhetho ke tokelo ea bona. Ka hona, balateli ba Kreste ba nka ho lefa makhetho ’ohle e le tlamo ea Mangolo.

Ho Qhekella Litlhahlobong

Marta ea sekolong se phahameng o itokisetsa ho ngola litlhahlobo tsa ho qetela. Kaha monyetla oa hore a fumane mosebetsi o motle o itšetlehile ka hore a pasetse holimo, o qeta lihora tse ngata a ithuta. Ba bang tlelaseng le bona ba itokiselitse litlhahlobo, empa ka tsela e fapaneng le ea hae. Ba tla qhekella ka ho sebelisa li-pager, mechine e sebetsang lipalo eo ba e kentseng boitsebiso bo hlokahalang, hammoho le lifono e le hore ba fumane limaraka tse holimo. Na Marta o lokela ho etsa seo “e mong le e mong” a se etsang e le hore a pase hantle?

Kaha ho qhekella ho tletse hohle, ba bangata ba nka hore ha ho phoso. Batho ba re “ntho ea bohlokoa ke hore feela u se ke ua tšoaroa.” Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ha ba amohele maikutlo a joalo. Le hoja tichere e ka ’na ea se hlokomele ba qhekellang, ho na le motho ea ntseng a ba bona. Jehova Molimo o tseba seo re se etsang ebile o tla re ahlola ka liketso tsa rōna. Pauluse o ile a ngola a re: “Ha ho pōpo e sa bonahaleng mahlong a hae, empa lintho tsohle li hlobotse ’me li pepesitsoe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello ho eena.” (Baheberu 4:13) Ka sebele, ho tseba hore Molimo o re shebile kaha o thahasella hore re etse se nepahetseng, ke lebaka le matla le re susumelletsang hore re tšepahale ha re ngola litlhahlobo.

U Tla Etsa Eng?

Lisa, Gregor, Peter, David le Marta ba ile ba lemoha kamoo maemo ao ba neng ba le ho ’ona a neng a tebile kateng. Ba ile ba etsa qeto ea ho tšepahala, eaba ba lula ba e-na le letsoalo le hloekileng le boitšoaro bo khabane. U tla etsa’ng ha u tobane le maemo a tšoanang le a bona?

Basebetsi-’moho, bao u kenang sekolo le bona le baahisani ba ka ’na ba se ke ba bona bothata ba letho ha motho a bua leshano, a qhekella kapa a utsoa. Ha e le hantle, ba ka ba ba u soma moo ba lekang ho u qobella hore u itšoare joaloka bona. Ke eng e ka u thusang hore u etse qeto e nepahetseng ho sa tsotellehe khatello eo u leng ho eona ea hore u se ke ua tšepahala?

Hopola hore ho etsa lintho ka tsela eo Molimo a batlang hore re li etse ka eona ho etsa hore re lule re e-na le letsoalo le hloekileng, re bile re amoheloa ke Molimo. Morena Davida o ile a ngola, a re: “Jehova, ke mang eo e tla ba moeti tenteng ea hao? Ke mang ea tla lula thabeng ea hao e halalelang? Ke ea tsamaeang ka mokhoa o se nang molato ’me a etsa ho loka ebile a bua ’nete ka pelong ea hae. . . . Ea etsang lintho tsena le ka mohla a ke ke a therekelisoa.” (Pesaleme ea 15:1-5) Ho ba le letsoalo le hloekileng hammoho le ho ba le botsoalle le Molimo ea leholimong ke habohlokoa ho feta molemo leha e le ofe oa lintho tse bonahalang o ka fumanoang ka ho se tšepahale.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 Mabitso a mang a fetotsoe.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

“Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa.”

Ho hlompha molao oa Molimo le ho rata baahisani ho tla etsa hore re tšepahale litabeng tsa inshorense

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]

“Fang bohle tse ba lokelang, ea batlang lekhetho, le mo fe lekhetho.”

E le hore Molimo a re amohele, re lokela ho lefa makhetho ’ohle ao molao o batlang hore re a lefe

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

“Lintho tsohle li . . . pepesitsoe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello ho eena.”

Le hoja matichere a ka ’na a se ke a re tšoara ha re qhekella, re batla ho lula re tšepahala ho Molimo ka linako tsohle

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 14]

Bosholu bo “sa Bonahaleng”

Motsoalle oa hao o rekile lenaneo la k’homphieutha la morao-rao, ’me u batla hore le uena u be le lona. O re o tla u bolokela chelete ka hore a u etsetse kopi ea lona. Na ke ho se tšepahale?

Ha batho ba reka lenaneo la k’homphieutha, baa lumela hore ba tla mamela melao e ngotsoeng laesenseng ea lenaneo leo. Laesense e ka ’na ea lumella motho ea rekileng lenaneo hore a le kenye le ho le sebelisa k’homphieutheng e le ’ngoe feela. Ka hona, haeba a ka kopiletsa motho e mong lenaneo leo, o tlōla molao o ngotsoeng laesenseng ’me molao ha o lumelle seo. (Baroma 13:4) Ho kopitsa lenaneo leo ke ho utsoa, kaha ho etsa hore mong’a lenaneo leo a se fumane chelete eo a nang le tokelo ea ho e fumana.—Baefese 4:28.

Ba bang ba ka ’na ba re ‘Ha ho na motho ea tla tseba.’ Le haeba seo ke ’nete, re lokela ho hopola mantsoe a Jesu, a reng: “Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Kaofela ha rōna re batla ho lefuoa hantle ha re entse mosebetsi o itseng ebile re batla hore ba bang ba hlomphe thepa ea rōna. Ka hona, le rōna re lokela ho etsa se tšoanang ho ba bang. Re qoba ho utsoa ka tsela e “sa bonahaleng,” e kang ho inkela lintho tse qapiloeng ke batho ba bang * tseo e seng tsa rōna.—Exoda 22:7-9.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 40 Lintho tse qapiloeng ke batho ba bang li akarelletsa lintho tse kang ho kopitsa ’mino, libuka, kapa mananeo a k’homphieutha, ebang ke pampiring kapa linthong tsa elektronike. Matšoao a khoebo, tokelo ea molao, makunutu a khoebo hammoho le litokelo tsa ho hatisa kaofela li oela mona.