Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ha re sa Tseba Hore Hantle-ntle Sebe ke Eng?

Na ha re sa Tseba Hore Hantle-ntle Sebe ke Eng?

Na ha re sa Tseba Hore Hantle-ntle Sebe ke Eng?

HASE khale hakaalo ha batho ba kenang kereke ba ne ba atisa ho utloa lentsoe le matla la moruti oa bona sefalaneng, a khalemela lintho tseo ho thoeng ke “libe tse supileng tse tebileng haholo”—takatso e litšila, bonyollo, meharo, botsoa, bohale, pelo e telele le boikakaso. Hangata moruti o ne a bua ka liphello tse bohloko tsa sebe ebe o khothalletsa bamameli ba hae hore ba bake. Sengoli se seng se re: “Hona joale baruti ba bangata ha ba sa bua ka ’nete e hlabang ea sebe kaha ba mametseng ha ba lokolohe, ka hona ba bua ka lintho tseo ba tsebang hore li ‘thabisa’ bamameli ba bona.”

Bangoli ba likoranta le bona ba se ba hlokometse sena. Lintlha tse ’maloa tse latelang li nkiloe likoranteng:

▪ “Ha ho sa rutoa ka lintho tseo pele li neng li nkoa e le libe, ka ho baka hammoho le ka ho etsetsoa pheko ea libe, empa ho se ho rutoa ka lintho tse khothalletsang motho hore a itšepe a be a ithate.”—Star Beacon, Ashtabula, Ohio.

▪ “Batho ha ba sa tšaba ho etsa sebe.”—Newsweek.

▪ “Ha re sa ipotsa hore na ‘Molimo o batla ke etse’ng,’ empa re se re ipotsa hore, ‘Ebe Molimo a ka nketsetsa’ng?’”—Chicago Sun-Times.

Mehleng ena, moo batho ba lichaba tse sa tšoaneng ba lulang hammoho ’me ba tlameha ho mamellana, batho ba se ba tšaba ho ahlola boitšoaro ba ba bang. Ho etsa joalo ho nkoa e le ho se hlomphe batho ba bang. Ho bonahala sebe se seholohali e le sa ho ahlola liketso tsa motho e mong. Ka hona, maikutlo a batho ke ho re: ‘Seo uena u se lumelang se ka ’na sa u sebeletsa, empa u se ke ua qobella ba bang hore ba se lumele. Matsatsing ana batho ba na le mekhoa ea bona e fapa-fapaneng ea ho phela. Hase hore ke uena feela ea tsebang se nepahetseng. Tsela eo batho ba bang ba phelang ka eona le eona e ntse e nepahetse.’

Ho nahana ka tsela ena ho entse hore batho ba khethe mantsoe ha ba bua. Ha ho buuoa litaba tsa bohlokoa, ke seoelo u ka utloang ho sebelisoa lentsoe “sebe.” E se e le lentsoe leo ba bangata ba le sebelisang ha ba etsa metlae. Ha ho sa thoe batho baa “bōka”; empa ho thoe “baa utloana.” Ha ho sa thoe ba etsa “bosodoma”; empa ho thoe ba khetha “ho phela bophelo bo fapaneng.”

Ha ho pelaelo hore maikutlo a batho a fetohile ka seo ba se nkang e le ntho e “tloaelehileng” kapa seo ba se nkang e le “sebe.” Empa ke hobane’ng ha maikutlo a batho a fetohile? Ha e le hantle boikutlo ba hore ntho e itseng ke sebe bo feletse kae? Hona na ke ntho ea bohlokoa hore na maikutlo a hao ke afe?