Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Heke ea motse eo ho buuoang hangata ka eona ka Bibeleng e ne e le eng?

Mehleng ea Bibele, metse e mengata e ne e pota-potiloe ke marako a e sireletsang. Lihekeng tse ngata ka har’a motse ho ne ho e-na le mapatlelo moo batho ba neng ba kopana le ba bang teng, ba hoeba kapa hona ho qoqa le ba bang. Ke hona mona moo ho neng ho etsoa litsebiso, ebile baprofeta ba ne ba ka phatlalatsa molaetsa oa bona hona teng. (Jeremia 17:19, 20) Sengoloa se nang le sehlooho se reng The Land and the Book, se re “hoo e ka bang litšebelisano tsohle tse lokelang ho etsetsoa tumellano li ne li etsetsoa lihekeng tsa motse kapa haufi le tsona.” Iseraeleng ea boholo-holo, liheke tsa motse li ne li sebetsa joaloka liholo tsa sechaba mehleng ea kajeno.

Ka mohlala, Abrahama o ile a reka setša ho Efrone, seo a neng a tla pata lelapa la hae ho sona, ’me o ile a etsa joalo “ka pel’a mahlo a bara ba Hethe har’a bohle ba kenang hekeng ea motse oa hae.” (Genese 23:7-18) Boaze le eena o ile a kōpa baholo ba leshome ba Bethlehema hore ba lule hekeng ea motse, eaba ka pel’a bona o etsa litokisetso tsa lefa la Ruthe la monna oa hae ea neng a se a hlokahetse, ho latela se neng se hlokoa ke molao mabapi le lenyalo leo monna a kenelang e mong. (Ruthe 4:1, 2) Ha banna ba hōlileng motseng ba ne ba sebetsa litaba, ba ne ba tšoarela linyeoe hekeng ea motse, ba etsa liqeto teng ebile e le moo ba lihang likahlolo.—Deuteronoma 21:19.

Ofire eo Bibele e reng e ne e hlahisa khauta ea boemo bo phahameng e ne e le hokae?

Buka ea Jobo e bua ka “khauta ea Ofire” ’me e e bapisa le “khauta e hloekileng.” (Jobo 28:15, 16) Lilemo tse ka bang 600 ka mor’a mehla ea Jobo, Morena Davida o ile a bokella “khauta ea Ofire” ho ea haha tempele ea Jehova Jerusalema. Ka ho tšoanang, mora oa hae Solomone le eena o ile a fumana khauta e tsoang Ofire.—1 Likronike 29:3, 4; 1 Marena 9:28.

Ho latela Mangolo, Solomone o ne a e-na le sehlopha sa likepe tse hahiloeng Ezione-gebere, haufi le Leoatle le Lefubelu, tse neng li tlisa khauta e tsoang Ofire. (1 Marena 9:26) Litsebi li na le maikutlo a hore Ezione-gebere e ne e le holimo Koung ea Aqaba, haufi le sebaka seo kajeno se bitsoang Elat le Aqaba. Ho tloha moo, likepe li ne li ka fihla sebakeng leha e le sefe Leoatleng le Lefubelu, haesita le libakeng tse hōle mabōpong a Afrika kapa a India, e leng moo e ka ’nang eaba Ofire e ne e le hona teng. Leha ho le joalo, ba bang ba lumela hore Ofire e ne e le Arabia, moo merafo ea boholo-holo ea khauta e neng e le hona teng, moo le kajeno ho ntseng ho e-na le merafo.

Setsebi sa lintho tsa boholo-holo tsa Egepeta, Kenneth A. Kitchen, ha a bua ka taba ea hore na ebe merafo ea khauta ea Solomone ke taba e iqapetsoeng, joalokaha ba bang ba nahana joalo, o re: “Ofire hase sebaka se iqapetsoeng. Leqhetso la pitsa ea letsopa ea Seheberu leo e ka ’nang eaba ke la lekholong la borobeli la lilemo [B.C.E.] le na le mantsoe ana a ngotsoeng ka ho hlaka: ‘Khauta ea Ofire e eang Bethe-Horone—lishekele tse 30.’ Mona, Ofire ke sebaka sa sebele seo khauta e fumanoang ho sona, joalo feela ka ‘Khauta ea ‘Amau,’ kapa ‘Khauta ea Punt’ kapa ‘Khauta ea Kush,’ litabeng tse ngotsoeng tsa Egepeta—’me e ka ’na eaba khauta e ne e rehelloa joalo ka lebaka la lebitso la moo e tsoang, mofuta o fumanehang sebakeng seo kapa boleng ba eona.”

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Abrahama hekeng ea motse ha a ne a batla ho reka setša

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Leqhetso la pitsa ea letsopa ea seheberu le nang le mantsoe a nang le lebitso ofire

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Collection of Israel Antiquities Authority, Photo © The Israel Museum, Jerusalem