Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Sebe—Ke Eng e Fetohileng?

Sebe—Ke Eng e Fetohileng?

Sebe​—Ke Eng e Fetohileng?

“TABA ea hore ho na le Sebe sa Tšimolohong—seo kaofela ha rōna re se futsitseng ka lebaka la phoso ea batsoali ba rōna ba pele—ha e amoheloe hantle kajeno. Ho joalo le ka taba ea hore ho na le ntho eo ho thoeng ke sebe. . . . E ka ’na eaba batho ba kang Adolf Hitler le Josef Stalin ba ile ba etsa sebe, empa rōna ba bang ha re na molato oa letho.”—The Wall Street Journal.

Joalokaha mantsoe a qotsitsoeng ka holimo a bontša, taba ea hore ho na le ntho eo ho thoeng ke sebe e bonahala e sa amohelehe kajeno. Ebe ke hobane’ng? Ke eng e fetohileng? Ha e le hantle ke eng eo batho kajeno ba sa e rateng ka taba ee ea hore ho na le ntho eo ho thoeng ke sebe?

Ho na le mahlakore a mabeli ka taba ena ea sebe—sebe se futsitsoeng le sebe seo motho a se etsang ka lebaka la boitšoaro ba hae. Sebe sa pele ke seo re nang le sona ebang rea rata kapa ha re rate, athe sa bobeli sona ke ntho eo re e etsang ka boikhethelo. A re hlahlobeng mahlakore ana ka bobeli.

Na re Fela re Futsitse Sebe sa Tšimolohong?

Bibele e bontša hore sebe sa tšimolohong—e leng phoso ea batsoali ba rōna ba pele—se ile sa fetela ho batho kaofela. Ka lebaka leo, kaofela ha rōna re hlaha re e-na le sebe. Bibele e re: “Ho se loke hohle ke sebe.”—1 Johanne 5:17.

Leha ho le joalo, batho ba bangata ba kenang kereke ha ba utloisise kapa ha ba amohele taba ea hore batho kaofela ba hlaha e le baetsalibe ka lebaka la phoso e ileng ea etsoa khale koana, le hona e sa etsoa ke bona ba bile ba se molato. Edward Oakes, eo e leng moprofesa oa thuto ea bolumeli, o re “batho ba bangata baa makala ha kereke e ruta [ka thuto ena], ba e hanyetsa ka ho toba kapa ba bua ka eona feela empa liketso li bontša hore ha ba lumellane le eona, ke feela hore ha ba tsebe na ba ka etsa joang hore e lumellane le bophelo ba bona joaloka balumeli ba chesehang.”

Ntho e ’ngoe e etsang hore batho ba thatafalloe ho amohela taba ea hore ho na le sebe sa tšimolohong, ke seo likereke li ’nileng tsa se ruta ka eona. Ka mohlala, ha Lekhotla la Trent (1545-1563) le ne le tšoere seboka, kereke e ile ea nyatsa ka matla motho leha e le ofe ea hanang hore lesea le qetang ho hlaha le lokela ho kolobetsoa e le hore le hlatsuoe libe. Litsebi tsa thuto ea bolumeli li ile tsa re haeba lesea le ka shoa le e-s’o kolobetsoe, libe tsa lona tse sa hlatsuoang li tla le thibela hore le ka mohla le se ke la fihla ho Molimo leholimong. Calvin eena o ile a ba a ruta hore masea ‘a hlaha a na le sebe se ka etsang hore a ee liheleng.’ O ile a re ‘Molimo o hloile ebile o nyonya’ boemo boo ba ’ona.

Ka tlhaho feela batho ba bangata ba nka hore masea a qetang ho hlaha ha a na molato, ka hona ha ho utloahale ho nahana hore masea ana a lokela ho hlokofala ka lebaka la sebe seo a se futsitseng. Hoa hlaka hore na ke hobane’ng ha lithuto tse joalo tsa kereke li entse hore batho ba se ke ba lumela thuto ea hore ho na le sebe sa tšimolohong. Ha e le hantle, baeta-pele ba bang ba kereke ba ne ba sitoa ho ahlola masea a sa kolobetsoang ka hore a tla ea liheleng. Ba ne ba nka e le qaka hore na qetello ea ’ona e tla ba efe. Le hoja e sa ka ea e-ba thuto ea molao ea kereke, ka lilemo tse makholo Kereke e K’hatholike e ile ea ruta hore meea ea masea a sa kolobetsoang e lula Limbo, e leng sebaka se seng leholimong empa le teng se se liheleng. *

Lebaka le leng le entseng hore batho ba se ke ba hlola ba lumela hore ho na le sebe sa tšimolohong ke hore lekholong la bo19 la lilemo, bo-rafilosofi, bo-rasaense le litsebi tsa thuto ea bolumeli ba ile ba qala ho ba le khoao ka tlaleho ea Bibele hore na e fela e le ’nete. Khopolo ea Darwin ea hore lintho li iphetotse e entse hore ba bangata ba nke hore pale ea Adama le Eva e mpa e le tšōmo feela. Sena se entse hore ba bangata hona joale ba nke se ngotsoeng ka Bibeleng e se molaetsa o tsoang ho Molimo, ho e-na le hoo ba nka feela hore ke maikutlo le mekhoa ea batho ba neng ba e ngola.

See se etsa hore batho ba be le boikutlo bofe ka thuto ea hore ho na le sebe sa tšimolohong? Ho hlakile hore haeba batho ba kenang kereke ba fuoa maikutlo a hore Adama le Eva hase batho ba sebele ba kileng ba phela, qeto e utloahalang e tla ba ea hore ha ho na sebe se ileng sa etsoa tšimolohong. Esita le ba lumelang hore batho ba na le liphoso, ba nka feela hore sebe sa tšimolohong e mpa e le tsela e ’ngoe ea ho hlalosa hore batho ka tlhaho ba etsa liphoso.

Ho buuoe ka lintho tse ngata ka sebe sa tšimolohong. Joale ho thoe’ng ka taba ea hore libe tse etsoang ke batho ka bomong—tse sa amaneng le sebe se futsitsoeng—le tsona li halefisa Molimo?

Na See Ehlile ke Sebe?

Ha ba botsoa ka libe tseo batho ba li etsang, ba bangata ba nahana ka Melao e Leshome—e leng e hanelang ho bolaea, ho se tšepahale lenyalong, takatso e litšila, ho kopanela liphate le motho eo u sa nyalanang le eena, ho utsoa le tse ling tse joalo. Thuto e tloaelehileng ea likereke e ne e le ea hore haeba motho a ka shoa a sa bakela libe tse joalo, o tla ea tlhokofatsong e sa feleng liheleng. *

E le hore motho a se ke a ea liheleng, Kereke e K’hatholike e hloka hore a bolele libe tsa hae ho moprista, eo ho thoeng o na le matla a ho mo tšoarela libe tseo. Leha ho le joalo, Mak’hatholike a mangata a nka taba ea ho ipolela libe, ho tšoareloa le ho etsa ketso ea tšoabo e le lintho tsa nakong e fetileng. Ka mohlala, phuputso e sa tsoa etsoa morao tjena e bontšitse hore Mak’hatholike a Italy a fetang liphesente tse 60 ha a sa ea maipolelong.

Ho hlakile hore maikutlo a tloaelehileng ao kereke e a rutang ka libe tse etsoang ke batho le hore na liphello tsa tsona ke life, ha aa thusa batho hore ba khaotse ho etsa libe. Batho ba bangata ba kenang kereke ha ba sa lumela hore lintho tsena kaofela li fosahetse. Ka mohlala, ba bang ba re haeba batho ba babeli ba baholo ba lumellana hore ba kopanele liphate, ’me ho se motho oa boraro ea utloisoang bohloko ke seo, joale bothata bo hokae?

Ho ka etsahala hore ebe batho ba ba le maikutlo ana hobane ba sa kholiseha ka seo ba ’nileng ba se rutoa ka sebe. ’Nete ke hore batho ba bangata ba sitoa ho lumela hore Molimo ea lerato a ka hlokofatsa baetsalibe ka ho sa feleng liheleng. Mohlomong lena ke le leng la mabaka a entseng hore ebe “sebe” ha se sa nkoa e le ntho e tebileng hakaalo. Empa ho na le mabaka a mang a etsang hore batho ba se ke ba hlola ba nka ho etsa sebe e le ntho e tebileng.

Ho Lahla Melao ea Khale ea Boitšoaro

Lintho tse etsahetseng makholong a morao tjena a lilemo li bakile liphetoho tse khōlō sechabeng le tseleng eo batho ba nahanang ka eona. Lintoa tse peli tsa lefatše, lintoa tse nyenyane tse sa feleng hammoho le ho timetsoa ha merabe e itseng ho entse hore batho ba bangata ba ipotse hore na melao ea khale ea boitšoaro e sa na le molemo na. Baa ipotsa, ‘Na hoa utloahala hore ebe mehleng ee e tsoetseng pele ea theknoloji, re ntse re phela ho latela melao e fanoeng lilemong tse makholo tse fetileng ha lintho li ne li sa etsoe ka tsela e tšoanang le ea hona joale?’ Batho ba bangata ba lumelang hore motho o lokela ho etsa ntho e itseng hobane a e-na le lebaka, le ba ithutetseng tsela eo batho ba itšoarang ka eona, ba nka hore seo ha se utloahale. Ba lumela hore batho ka kakaretso ba lokela ho tlohela melao e itseng ea khale ea boitšoaro le litumela-khoela ’me ba rutehe e le hore ba finyelle lintho tseo ba li batlang.

Maikutlo ana a entse hore batho ba suthele hōle le Molimo. Linaheng tse ngata Europe, e se e le batho ba fokolang ba eang kerekeng. Ho ntse ho eketseha batho bangata bao ho se nang letho leo ka ho khetheha ba le lumelang, ha ba bangata bona ba hanyetsa pepenene lithuto tsa motheo tsa likereke, ba nka hore ha li utloahale. Haeba batho ba bile teng ka ho iphetola ha lintho ebile Molimo ha a eo, ruri ha ho hlokahale hore ba tšoenyehe ka seo ho thoeng ke melao ea boitšoaro.

Lekholong la bo20 la lilemo linaheng tsa Bophirimela, mokhoa o seng o jele setsi oa hore batho ba nyehlise tabeng ea boitšoaro o entse hore, har’a tse ling, ho be le phetoho e khōlō tseleng eo batho ba ikutloang ka eona ka ho kopanela liphate. Ho ipelaetsa ha liithuti, mekhatlo e buellang mekhoa e sa tloaelehang sechabeng le lithibela-pelehi tse fanoang ke lingaka, kaofela ha tsona li kentse letsoho tabeng ea hore ebe batho ha ba sa latela mekhoa ea khale e metle ea boitšoaro. Ka potlako feela melao ea Bibele ea boitšoaro ha ea ka ea hlola e lateloa. Moloko o mocha o tlile le boitšoaro bo bocha le maikutlo a macha ka sebe. Mongoli e mong o re ho tloha ka nako eo, “ho ile ha rena molao oa maratano feela”—oo ha e le hantle o bitsoang joalo ka lebaka la ho kopanela liphate ho tsoileng tseleng ho amohelehang lefatšeng lohle.

Mokhoa oa Bolumeli o Lumellang Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe

Makasine ea Newsweek e ipuela ’nete feela ka boemo ba United States, ha e re: “Baruti ba bangata baa hlōlisana, ha ho ea batlang ho lahleheloa ke ba tlang kerekeng.” Ba tšaba hore haeba ba lula ba ruta bamameli ba bona ka melao ea boitšoaro, sena se tla etsa hore ba lahleheloe ke batho ba bangata kerekeng. Batho ha ba batle ho utloa ho ntse ho thoe ba lokela ho leka ho ba le boikokobetso, ba khone ho itaola le ho ba khabane kapa hona hore ba mamele matsoalo a bona ba be ba bakele libe tsa bona. Kahoo, likereke tse ngata li se li ruta seo Chicago Sun-Times e reng ke “thero e thobang maikutlo, e molemong oa bamameli, eo e bileng e leng ea boithati, e etsang hore motho a nahane ka eena feela, ha ba sa ruta ka kosepele.”

Sena se etsa hore bolumeli bo hlalose Molimo ka tsela eo bo batlang ka eona, ebile likereke ha li sa amehile ka Molimo le seo a batlang hore re se etse, empa li amehile ka batho le hore na ke eng e ka etsang hore ba ikutloe e le ba bohlokoa. Ntho e ka sehloohong eo li amehileng ka eona ke ho khotsofatsa batho ba tlang kerekeng. Ka lebaka leo, batho bao ba qetella ba na le bolumeli bo sa ba ruteng letho la bolumeli. The Wall Street Journal e botsa potso ena: “Joale ke eng e nkelang thuto ea Bokreste ea boitšoaro sebaka?” Makasine ena e re “e nkeloa sebaka ke thuto ea hore motho a bontše ba bang kutloelo-bohloko, hore hafeela ‘e le motho ea mosa’ tsohle li lokile.”

Ka lebaka la sena, batho ba na le maikutlo a hore bolumeli leha e le bofe bo lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe bo lokile. The Wall Street Journal, e re motho leha e le ofe ea amohelang maikutlo ao “a ka amohela bolumeli leha e le bofe, hafeela bo sa hloke hore batho ba itšoare ka tsela e itseng—e be bo tšelisang ho e-na le hore bo ahlole batho.” Likereke le tsona li ikemiselitse ho amohela batho “kamoo ba leng kateng,” li sa ba behele melao ea hore na ba itšoare joang.

Se boletsoeng ka holimo se ka ’na sa hopotsa ba balang Bibele boprofeta bo ngotsoeng ke moapostola Pauluse lekholong la pele la lilemo C.E. O itse: “Ho tla ba le nako ea ha ba sa tl’o mamella thuto e phelisang hantle, empa, tumellanong le litakatso tsa bona, ba tla ipokellela mesuoe hore litsebe tsa bona li tsikinyetsoe; ’me ba tla retelletsa litsebe tsa bona hōle le ’nete.”—2 Timothea 4:3, 4.

Ha baeta-pele ba bolumeli ba lokafatsa sebe, ba re ha se eo, le ha ba ‘tsikinyetsa’ litsebe tsa batho ka ho ruta seo ba batlang ho se utloa ho e-na le ho ruta seo Bibele e se buang, ba lihela batho habohloko. Thuto e joalo e fosahetse ebile e kotsi. E sotha e ’ngoe ea lithuto tsa motheo tsa Bokreste. Litaba tse molemo tse neng li rutoa ke Jesu le baapostola ba hae li ne li bua haholo ka sebe le ho tšoareloa libe. Re u kōpa hore u bale litaba tse latelang e le hore u bone hore ka sebele ho fela ho le joalo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 Mohlomong thuto ena eo e seng ea Mangolo e ile ea makatsa batho hoo morao tjena Limbo e ileng ea ntšoa likatekisimeng tsa K’hatholike. Bona lebokose le reng “Phetoho Thutong ea Kereke,” leqepheng la 10.

^ ser. 14 Tumelo ea hore batho ba hlokofatsoa ka ho sa feleng liheleng ha e rutoe ke Bibele. E le hore u fumane boitsebiso bo tšohlang taba ena, sheba khaolo ea 6 e nang le sehlooho se reng “Bafu ba Hokae?,” bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

Mokhoa oa bolumeli o lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe o na le liphello tse mpe

[Lebokose le leqepheng la 6]

“Ha re sa na Taba le” Sebe

▪ “E ’ngoe ea lintho tse bakileng bothata kerekeng kajeno ke eona ena. Ha re sa ipona re le ‘baetsalibe’ ba hlokang tšoarelo. Mohlomong nakong e fetileng sebe e ne e le bothata, empa hona joale ha re sa na taba le sona. Kahoo, le hoja kereke e e-na le tharollo bothateng ba sebe, Maamerika a mangata ’ona ha a bone bothata—kapa bonyane ha ba bone e le bothata bo tebileng.”—John A. Studebaker, Jr., eo e leng mongoli oa lintho tsa bolumeli.

▪ “Batho ba re: ‘Kea tseba hore ’na le batho ba bang re lokela ho itšoara hantle, empa le teng kea tseba hore kaofela re na le mefokolo, ka hona ha kea lebella mohlolo.’ Re latela melao ea boitšoaro e sa re tšoenyeng, e itekanetseng le eo re utloang e sa re fe mathata. Re leka ho ba baahelani ba hantle. Empa ha re itube ka litaba tse tebileng tse amanang le sebe.”—Albert Mohler, mopresidente oa Southern Baptist Theological Seminary.

▪ “Batho ba se ba le motlotlo ka lintho tseo pele li neng li ba hlabisa lihlong [tse kang seo ho thoeng ke libe tse supileng tse tebileng haholo]: batsoali ba re boikakaso bo thusa bana hore ba se ke ba ikhella fatše; sehlopha sa liapehi tsa Mafora se entse kōpo ea hore Vatican e se ke ea nka bonyollo e le sebe. Ho ba pelo e telele ke hona ho etsang hore batho ba hoheloe ke se phatlalatsoang ke mecha ea litaba. Mokhoa o mong o sebelisoang ho bapatsa lintho ke oa ho tsosa takatso e litšila; athe bohale bona bo nkoa bo loketse ha motho a halefisitsoe. Ka linako tse ling ke khalla ho ba botsoa.”—Nancy Gibbs, makasineng ea Time.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Batho ba bangata kajeno ba nka tlaleho ea Adama le Eva e le tšōmo feela