Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo e Leng ’Nete ka Sebe

Seo e Leng ’Nete ka Sebe

Seo e Leng ’Nete ka Sebe

NA MOTHO ea kulang a ka bontša hore ha a na feberu ka ho roba thermometer? Le letho! Ka tsela e tšoanang, taba ea hore ba bangata ha ba na taba le tsela eo Molimo a ikutloang ka eona ka sebe, ha e bolele hore sebe ha se eo. Lentsoe la hae, e leng Bibele, le na le ho hongata hoo le ho buang ka taba ena. Ha e le hantle Bibele e ruta’ng ka sebe?

Kaofela Rea Khoptjoa

Lilemo tse ka bang likete tse peli tse fetileng, moapostola Pauluse o ile a bua mantsoe a bontšang hore o tsielehile ka lebaka la hore ‘molemo oo a o lakatsang o ne a sa o etse, empa bobe boo a sa bo lakatseng ke bona boo a neng a tloaetse ho bo etsa.’ (Baroma 7:19) Haeba re batla ho ipuela ’nete feela, re lokela ho lumela hore re boemong bo tšoanang le ba hae. Mohlomong re batla ho latela Melao e Leshome bophelong, kapa melao e meng ea boitšoaro, empa ebang rea rata kapa ha re rate, kaofela rea khoptjoa. Hase hore re khetha ho etsa sebe ka boomo, ke feela hore re na le mefokolo. Ebe ke hobane’ng? Pauluse ka boeena o ile a araba ka ho re: “Haeba seo ke sa se lakatseng ke sona seo ke se etsang, ea se hlahisang ha e sa le ’na, empa ke sebe se lutseng ho ’na.”—Baroma 7:20.

Joaloka Pauluse, batho kaofela ba na le bofokoli boo ba tsoaloang le bona, e leng bopaki ba hore motho o futsitse sebe le ho se phethahale. Moapostola o itse: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” See se bakiloe ke eng? Pauluse o ile a tsoela pele: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”—Baroma 3:23; 5:12.

Bibele e ruta hore phoso e entsoeng ke batsoali ba rōna ba pele e ile ea etsa hore re be hōle le Molimo, ea ba ea etsa hore re se ke ra hlola re e-ba ba phethahetseng, le hoja ba bangata ba hana taba ena. Jesu o ile a qotsa likhaolong tsa pele tsa Genese ha a tšehetsa taba eo a neng a bua ka eona, e leng se bontšang hore o ne a lumela tlaleho ea Adama le Eva.—Genese 1:27; 2:24; 5:2; Matheu 19:1-5.

O mong oa melaetsa e ka sehloohong ea Bibele ke oa hore Jesu o tlile lefatšeng ho tla lopolla batho ba lumelang ho eena sebeng. (Johanne 3:16) Tšepo eo re nang le eona ea ho phela nakong e tlang e itšetlehile ka hore re amohele tokisetso eo Jehova a e entseng hore ba nang le kananelo ba pholosoe mathateng ao ho seng seo ba ka se etsang ka ’ona. Empa haeba re sa utloisise hantle hore na Molimo o nka sebe joang, re ke ke ra ananela seo a se entseng e le ho re lokolla.

Sehlabelo sa Jesu le Lebaka Leo ka Lona se Neng se Hlokahala

Jehova o ne a file motho oa pele monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. O ne a tla lahleheloa ke monyetla oo o babatsehang haeba a ne a ka fetohela Molimo. Adama o ile a fela a fetohela Molimo, eaba ka tsela eo, e ba moetsalibe. (Genese 2:15-17; 3:6) Adama o ile a itšoara ka tsela e sa lumellaneng le thato ea Molimo, a sitoa ho lula a phethahetse ’me a senya kamano ea hae le Molimo. Ka ho etsa sebe sa ho tlōla molao oa Molimo, o ile a qala ho tsofala ’me qetellong a shoa. Ka bomalimabe, bana bohle ba Adama—ho akarelletsa le rōna—ba tsoaletsoe sebeng, ’me qetellong re tla shoa ka lebaka la sona. Hobane’ng?

Karabo e bonolo. Batsoali ba sa phethahalang ba ke ke ba ba le bana ba phethahetseng. Bana ba Adama kaofela ba tsoetsoe e le baetsalibe ’me joalokaha moapostola Pauluse a bontša, “moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Baroma 6:23) Leha ho le joalo, karolo ea bobeli ea temana eo e re fa tšepo ha e re: “Empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.” Ka mantsoe a mang, ka lebaka la lefu la sehlabelo la Jesu, batho ba mamelang Molimo le ba ananelang ba ka lokolloa liphellong tsa sebe sa Adama. * (Matheu 20:28; 1 Petrose 1:18, 19) Seo se lokela ho etsa hore u ikutloe joang?

Lerato la Kreste “Lea re Qobella”

Moapostola Pauluse ea neng a susumelitsoe ke moea oa Molimo o ile a fana ka karabo ea potso e ka holimo. O ile a ngola: “Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella, hobane sena ke seo re se ahlotseng, hore motho a le mong o ile a shoela bohle; . . . o ile a shoela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, empa ba phelele ea ileng a ba shoela ’me a tsosoa.” (2 Bakorinthe 5:14, 15) Haeba motho a lemoha hore sehlabelo sa Jesu se ka mo lokolla liphellong tsa sebe—a bile a batla ho bontša kananelo ea hae bakeng sa seo—o lokela ho leka ho phela ka tsela eo Molimo a batlang hore a phele ka eona. Sena se akarelletsa hore a utloisise seo Molimo a se batlang, a koetlise letsoalo la hae hore le latele melao ea Bibele, a be a phele ka tsela e lumellanang le eona.—Johanne 17:3, 17.

Libe li senya kamano eo re nang le eona le Jehova Molimo. Ha ho pelaelo hore Morena Davida o ile a soaba haholo ha a hlokomela hore na bofebe boo a bo entseng le Bathe-sheba le ho bolaea monna oa hae ke libe tse tebileng hakae. Empa ntho eo a neng a amehile ka eona ka ho fetisisa—le hona e le ka nepo—e ne e le ea hore o sitetsoe Molimo. Ka tšoabo eohle o ile a re ho Jehova: “Ke sitetsoe uena, uena u le mong, ke entse se sebe mahlong a hao.” (Pesaleme ea 51:4) Ka ho tšoanang, ha Josefa a tobana le teko ea hore a etse bofebe, letsoalo la hae le ile la etsa hore a botse potso ena: “Nka etsa bobe bona bo boholo joang ’me ka siteloa Molimo?”—Genese 39:9.

Ka hona, sebe hase feela taba ea ho ikoahlaela hore re tšoeroe re etsa ntho e fosahetseng. Hase feela taba ea ho fuoa kotlo ka pel’a sechaba ka lebaka la hore e ka ’na eaba re tlōtse molao o itseng. Ho tlōla molao oa Molimo litabeng tse amanang le ho kopanela liphate, botšepehi, tlhompho, borapeli le tse ling ho senya kamano ea rōna le eena. Haeba re etsa sebe ka boomo, re iketsa lira tsa Molimo. Ena ke ’nete e hlokang hore batho ba nahane ka ho teba ka eona.—1 Johanne 3:4, 8.

Ka hona, hantle-ntle ho etsahetse’ng ka sebe? ’Nete ke hore ha ho na letho le etsahetseng ka sona. Empa feela e le hore batho ba qalile ho se bitsa ka litsela tse ling moo ba tšepileng hore se ke ke sa bonahala se tebile hakaalo. Ba bangata ba chesitse matsoalo a bona, kapa ha ba a mamele. Bohle ba batlang ho amoheloa ke Molimo ba lokela ho hanela mokhoa oo. Joalokaha re bone, moputso oo sebe se o lefang hase feela ho hlajoa ke lihlong kapa ho tloha seriti, empa ke lefu. Ha e le hantle sebe ke taba ea lefu le bophelo.

Litaba tse molemo ke tsa hore haeba re bakela libe tsa rōna ’me re li tlohela, re ka tšoareloa ka lebaka la thekollo ea bohlokoa e bileng teng ka sehlabelo sa Jesu. Pauluse o ile a ngola a re: “Ho thaba bao liketso tsa bona tse sa eeng ka molao li tšoaretsoeng le bao libe tsa bona li koahetsoeng; ho thaba motho eo ho hang Jehova a ke keng a ela sebe sa hae hloko.”—Baroma 4:7, 8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 E le hore u fumane tlhaloso e feletseng ea kamoo lefu la sehlabelo la Jesu le nang le matla a ho pholosa batho ba mamelang kateng, sheba leqephe la 47 ho ea ho la 54 la buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]

Phetoho Thutong ea Kereke

Haesale Mak’hatholike a mangata a eang kerekeng a sa utloisise hantle taba ea Limbo. Ha e le hantle, lilemong tsa morao tjena e ile ea nyamela butle-butle, ho fihlela e se e sa hlahe likatekisimeng. Ka 2007, Kereke e K’hatholike e ile ea felisa thuto ea Limbo ka molao ha e ne e ngola tokomane e neng e bua ka “mabaka a amanang le bolumeli le litšebeletso tsa kereke, a etsang hore ho be le tšepo ea hore masea a shoang a sa kolobetsoa a ka ’na a bolokeha ’me a phela ka thabo ka ho sa feleng.”—International Theological Commission.

Ke hobane’ng ha ho bile le phetoho thutong ee? Bonneteng, phetoho ena e thusitse kereke hore e ikimolle ho seo mongoli oa likoranta oa Mofora, ea bitsoang Henri Tincq, a reng ke “lefa le boima leo ho tloha Mehleng e Bohareng ho fihlela lekholong la bo20 la lilemo, le neng le buelloa ke Kereke e busang, e neng e chesehela ho tšosa batsoali ka Limbo e le hore ba kolobetse masea a bona kapele ka potlako.” Empa ho felisoa ha thuto ea Limbo ho hlahisitse mathata a mang.

Na ke Thuto e Iqapetsoeng Kapa ke ea Mangolo? Ho ea ka histori, thuto ea Limbo e bile teng ka mor’a hore ba rutang thuto ea bolumeli ba phehisane khang haholo ka pelekatori lekholong la bo12 la lilemo. Kereke e K’hatholike e ne e ruta hore moea ha o shoe, ka hona e ne e lokela ho fana ka tlhaloso ea hore na ho etsahala’ng ka meea ea bana ba sitoang ho kena leholimong hobane ba sa kolobetsoa, empa le teng ba sa tšoaneloe ke ho ea liheleng. Ke ha thuto ea Limbo e tla ba teng.

Leha ho le joalo, hase thuto ea Bibele hore moea oa motho ha o shoe. Ho e-na le hoo, e bontša ka ho hlaka hore moea o etsang sebe o tla “timetsoa” le hore “o tla shoa.” (Liketso 3:23; Ezekiele 18:4) Kaha moea oa shoa, ha ho na lebaka la hore ho ka ba le sebaka seo ho thoeng ke Limbo. Ho feta moo, Bibele e bua ka lefu e le boemo boo ho bona motho a sa tsebeng letho, ho tšoana le ha motho a robetse boroko bo tebileng.—Moeklesia 9:5, 10; Johanne 11:11-14.

Bibele e bontša hore Molimo o nka bana ba banyenyane ba batsoali ba Bakreste e le ba halalelang. (1 Bakorinthe 7:14) Mantsoe ao a ka be a se na thuso haeba masea a ne a lokela ho kolobetsoa e le hore a tle a bolokehe.

Ka sebele, thuto ea Limbo e ne e nyefola Molimo, e mo hlahisa e le mohatelli ea khopo ea otlang batho ba se nang molato, ho e-na le hore e mo hlahise e le Ntate ea nang le toka le ea lerato, e leng seo a leng sona. (Deuteronoma 32:4; Matheu 5:45; 1 Johanne 4:8) Ha ho makatse hore ebe thuto ena eo e seng ea Mangolo esale e sa utloahale ho Bakreste ba inehetseng ka pelo eohle.

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Ho phela ka tsela e lumellanang le Lentsoe la Molimo ho etsa hore motho a be le kamano e ntle le Molimo le batho ba bang