Batho ba Bangata ba Tšohile Eng?
Batho ba Bangata ba Tšohile Eng?
“Taba ea hore ho na le tlokotsi e khōlō e tjametseng lefatše hase ntho e hlokang hore motho e be molumeli hore a e lumele.”—STEPHEN O’LEARY, MOPROFESA EA BOEMONG BO BOHARENG, UNIVESITHING EA SOUTHERN CALIFORNIA. *
NA U lumellana le polelo ee e ka holimo? Lihlooho tsena li tla tšohla a mang a mabaka a etsang hore batho ba tšabe bokamoso. Empa li tla boela li u bontše hore na ke hobane’ng ha u lokela ho kholiseha hore ha ho na nako eo batho ba tla timela kaofela lefatšeng. Ho na le mabaka a utloahalang a ho ba le tšepo ho sa tsotellehe lintho tsena tse tšosang tseo u tla tloha u bala ka tsona.
Tšabo ea hore ho ka ’na ha e-ba le ntoa ea nyutlelie e ntse e le matla. Ka 2007, makasine ea Bulletin of the Atomic Scientists, e ile ea fana ka temoso ena: “Ho feta leha e le neng pele, hona joale lefatše le tobane le khetho e boima ka ho fetisisa haesale bomo ea pele ea athomo e liheloa Hiroshima le Nagasaki.” Ke hobane’ng ha batho ba ne ba tšoenyehile? Bulletin e ile ea tlaleha hore selemong sa 2007, ho ne ho ntse ho e-na le libetsa tsa nyutlelie tse ka bang 27 000 ’me tse 2 000 tsa tsona li “ne li ka qhomisoa leha e le neng.” Haeba ho ne ho ka qhomisoa le ha e se e le tse fokolang feela tsa libetsa tseo, phello e ne e tla ba koluoa feela!
Na ka mor’a moo, tšabo ea hore ho ka ’na ha e-ba le ntoa ea nyutlelie e fokotsehile? SIPRI Yearbook 2009, e re linaha tse hlano tse nang le libetsa tse ngata ka ho fetisisa tsa nyutlelie—e leng Chaena, Fora, Russia, United Kingdom le United States—kaofela ha tsona li “sebelisa mokhoa o mocha oa libetsa tsa nyutlelie kapa li se li phatlalalitse hore li batla ho etsa joalo.” * * Empa buka eo e re linaha tseo hase tsona feela tse nang le libetsa tsa nyutlelie. Bafuputsi ba hakanya hore naha ea India, Pakistan le Iseraele li na le libomo tsa nyutlelie tse ka bang 60 ho ea ho 80 naha ka ’ngoe. Ba boetse ba bolela hore lefatšeng lohle ho na le libetsa tsa nyutlelie tse 8 392 tse emetseng ho qhomisoa leha e le neng!
Ho fetoha ha tlelaemete ho ka baka tlokotsi. Makasine ea Bulletin of the Atomic Scientists e boletsoeng ka holimo, e re: “Likotsi tse ka bakoang ke ho fetoha ha tlelaemete li batla li tšoana le tse ka bakoang ke libetsa tsa nyutlelie.” Bo-rasaense ba rōleloang khaebana, ba kang Stephen Hawking, ea seng a behile meja fatše Univesithing ea Cambridge, le Sir Martin Rees, eo e leng Tichere K’holejeng ea Trinity hona Univesithing ea Cambridge, le bona ba fana ka temoso e joalo. Ba nka hore tsela e mpe eo theknoloji e sebelisoang ka eona hammoho le liphetoho tse bakoang ke batho tikolohong li ka ’na tsa fetola bophelo ka tsela e ke keng ea lokiseha kapa tsa hla tsa felisa batho ka ho feletseng.
Ho noha hore na timetso ea lefatše e neng ho tšoenya batho ba limilione. Ha u ka batla polelo “end of the world [bofelo ba lefatše]” le selemo sa “2012” Websaeteng e tloaelehileng haholo e batlang boitsebiso, u tla fumana maqephe a makholo a buang ka taba e nahaneloang ea hore lefatše le tl’o fela ka selemo seo. Ke hobane’ng ha batho ba nahana joalo? Hobane ho nkoa hore k’halendara ea boholo-holo ea Bamaya, e tsejoang e le “the Long Count,” e tla fela ka selemo sa 2012. Ba bangata ba tšohile hore e ka ’na eaba ena ke pontšo ea bofelo ba batho joalokaha re se re ntse re tseba hore bo tla ba teng.
Balumeli ba bangata ba lumela hore Bibele e ruta hore lefatše ka bolona le tlil’o timetsoa. Ba lumela hore balumeli bohle ba tšepahalang ba tla nkeloa leholimong, ebe ba bang kaofela ba sala lefatšeng le tletseng meferefere hore ba hlokofale ho lona kapa ba lahleloe liheleng.
Empa na Bibele e ruta hore lefatše ka bolona le tl’o timetsoa ka ho feletseng? Moapostola Johanne o ile a lemosa a re: “Le se ke la lumela polelo e ’ngoe le e ’ngoe e bululetsoeng, empa lekang lipolelo tse bululetsoeng ho bona hore na li simoloha ho Molimo.” (1 Johanne 4:1) Ho e-na le hore u amohele feela seo batho ba se buang, ke hobane’ng ha u sa ipalle Bibele ’me u ikutloele hore na e re’ng ka bofelo ba lefatše? U ka ’na ua makatsoa ke seo e se rutang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
^ ser. 2 Mantsoe ana a qotsitsoe sehloohong se neng se re “Likoluoa li Etsa Hore Batho ba Nohe Letsatsi la Timetso,” se neng se hlahile Websaeteng ea MSNBC, ea la 19 October, 2005.
^ ser. 5 SIPRI e emela Stockholm International Peace Research Institute.
^ ser. 5 Tlaleho eo e hlahileng ho SIPRI Yearbook 2009, e ngotsoe ke Shannon N. Kile, eo e leng mofuputsi ea ka sehloohong ebile e le hlooho ea projeke ea libetsa tsa nyutlelie ea SIPRI Arms Control and Non-proliferation Programme; Vitaly Fedchenko, mofuputsi oa SIPRI Arms Control and Non-proliferation Programme; le Hans M. Kristensen, eo e leng mookameli oa projeke ea boitsebiso ba nyutlelie lefapheng la Federation of American Scientists.
[[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 4]
Mushroom cloud: U.S. National Archives photo; hurricane photos: WHO/League of Red Cross and U.S. National Archives photo