Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Molimo o Hloka Hore re Ipolele Libe?

Na Molimo o Hloka Hore re Ipolele Libe?

Na Molimo o Hloka Hore re Ipolele Libe?

Likerekeng tse ngata ho ipolela libe ho moprista e sa ntse e le karolo ea tšebeletso ea bolumeli kapa ea borapeli. Leha ho le joalo, lefatšeng la kajeno le lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, na maipolelo a loketse kapa a sa hlokahala?

BATHO ba na le maikutlo a sa tšoaneng tabeng ena. Ka mohlala, National Post ea Canada e bua ka motho e mong ea reng le hoja e le ntho e boima ho bolella motho e mong phoso eo u e entseng, “ua imoloha ka mor’a hore u bolelle e mong, a rapele le uena a be a u bolelle hore na u lokela ho etsa’ng.” Ka lehlakoreng le leng, buka ea Bless Me, Father, for I Have Sinned, e qotsa mantsoe a monna e mong ha a re: “Maipolelo ke e ’ngoe ea litšebeletso tse kotsi ka ho fetisisa tsa Kereke. A etsa hore batho ba lule ba tšohile ho sa hlokahale.” Bibele e re’ng ka taba ee?

Seo Bibele e se Rutang

Molaong oo Molimo a ileng a o fa sechaba sa Iseraele, re fumana litaelo tse tobileng tsa hore na motho o ne a lokela ho etsa’ng haeba a ne a entse sebe. Ka mohlala, ha motho a siteloa e mong kapa a tlōla o mong oa melao ea Molimo, o ne a lokela ho ipolela ho moprista ea khethiloeng oa leloko la Levi, ebe moprista eo eena o etsetsa Molimo sehlabelo sa ho koahela libe e le hore motho eo a tšoareloe sebe sa hae.—Levitike 5:1-6.

Lilemo hamorao Morena Davida o ile a arabela joang ha moprofeta Nathane a mo khalemella libe tsa hae? Hang-hang o ile a re: “Ke sitetsoe Jehova.” (2 Samuele 12:13) O ile a ba a rapela Molimo, a mo kōpa hore a mo bontše mohau. Phello e bile efe? Hamorao Davida o ile a ngola, a re: “Qetellong ka bolela sebe sa ka ho uena, ’me phoso ea ka ha kea ka ka e koahela. Ke ile ka re: ‘Ke tla ipolela ho Jehova ka lebaka la litlōlo tsa ka.’ Ua tšoarela phoso ea libe tsa ka.”—Pesaleme ea 32:5; 51:1-4.

Phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo Mehleng ea rōna e Tloaelehileng, Molimo o ile a ’na a batla hore batho ba ipolele libe. Jakobo, ngoan’abo Jesu, eo e neng e le e mong oa banna ba etelletseng pele phuthehong e Jerusalema, o ile a khothalletsa Bakreste-’moho le eena: “Bolellanang libe tsa lōna pepenene ’me le rapellane, e le hore le ka fola.” (Jakobo 5:16) Joale ke eng eo Bakreste ba lokelang ho ipolela eona, hona ho mang?

Motho o Lokela ho Ipolela Eng?

Kaha re baetsalibe, letsatsi le leng le le leng re ka ’na ra etsa ntho e itseng re sa nahana kapa ra sebelisa leleme hampe eaba re siteloa ba bang. (Baroma 3:23) Na seo se bolela hore re lokela ho bolela phoso e ’ngoe le e ’ngoe ea mofuta oo ho motho ea itseng ea khethehileng?

Le hoja Molimo a nka sebe se seng le se seng se fosahetse, ka mosa oa hopola hore re etsa liphoso ka lebaka la boetsalibe boo re bo futsitseng. Ka sebele mopesaleme o ile a re: “Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema? Etsoe ho na le tšoarelo ea ’nete ho uena, e le hore u ka tšajoa.” (Pesaleme ea 130:3, 4) Ka hona, re lokela ho etsa’ng haeba re siteloa ba bang, mohlomong e se ka morero? Hopola hore thapelo ea mohlala eo Jesu a e rutileng balateli ba hae e akarelletsa kōpo ena: “U re tšoarele libe tsa rōna, kaha le rōna re tšoarela e mong le e mong ea nang le molato ho rōna.” (Luka 11:4) Molimo o tla re tšoarela haeba re kōpa hore a re tšoarele ’me re etsa seo ka lebitso la Jesu.—Johanne 14:13, 14.

Hlokomela hore Jesu o akarelelitse taba ea hore le rōna re lokela ho tšoarela ba “nang le molato ho rōna.” Moapostola Pauluse o ile a hopotsa balumeli-’moho le eena taba ena: “Le bontšane mosa, le be le qenehelo e bonolo, le tšoarelane ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.” (Baefese 4:32) Haeba re tšoarela ba bang liphoso tsa bona, re tla ba le lebaka le utloahalang la ho lebella hore Molimo a re tšoarele liphoso tsa rōna.

Empa ho thoe’ng ka libe tse tebileng tse kang ho utsoa, ho bua leshano ka boomo, boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, botahoa le tse ling tse joalo? Mang le mang ea etsang libe tseo o tlōla melao ea Molimo ebile oa mo siteloa. Motho eo o lokela ho etsa’ng?

Libe li Lokela ho Boleloa ho Mang?

Molimo ha aa fa batho matla a hore ba tšoarele batho libe tseo ba mo sitetsoeng ka tsona; ke eena feela ea ka etsang joalo. Bibele e re bolella ka ho hlakileng: “Haeba re bolela libe tsa rōna, [Molimo] oa tšepahala ’me o lokile hore a re tšoarele libe tsa rōna le ho re hloekisa ho se lokeng hohle.” (1 Johanne 1:9) Leha ho le joalo, libe tse joalo li lokela ho boleloa ho mang?

Kaha Molimo ke eena feela ea ka tšoarelang libe, motho o lokela ho ipolela ho eena. Joalokaha re bone, ke seo Davida a ileng a se etsa. Empa Molimo o tšoarela libe motheong oa eng? Bibele ea re bolella: “Ka hona, bakang, ’me le sokolohe e le hore libe tsa lōna li hlakoloe, e le hore linako tse khathollang li ka tla ho tsoa ho Jehova.” (Liketso 3:19) Tšoarelo ha ea itšetleha feela ka hore motho a lemohe hore o entse sebe le ho se bolela, empa e boetse e itšetlehile ka hore a ikemisetse ho khaotsa ho se etsa. Hangata bohato bona ke bona bo thata. Empa ho na le se ka thusang.

Hopola mantsoe a morutuoa Jakobo ao ho builoeng ka ’ona pejana, a reng: “Bolellanang libe tsa lōna pepenene ’me le rapellane, e le hore le ka fola.” Jakobo o ile a phaella ka ho re: “Thapeli ea motho ea lokileng, ha e sebetsa, e na le matla a maholo.” (Jakobo 5:16) “Motho ea lokileng” e ka ba e mong oa “banna ba baholo ba phutheho,” bao Jakobo a buileng ka bona temaneng ea 14. Ho na le “banna ba baholo” moeeng ka phuthehong ea Bokreste, kapa baholo ba khethetsoeng hore ba thuse ba batlang ho tšoareloa ke Molimo. ‘Banna bao ba baholo’ ba ke ke ba lokolla motho leha e le ofe sebeng, etsoe motho ha aa fuoa matla a hore a tšoarele motho e mong ha a foselitse Molimo. * Leha ho le joalo, baa tšoaneleha moeeng hore ba khalemele le ho khutlisetsa tseleng motho ea entseng sebe se tebileng, ba mo thuse hore a lemohe ho teba ha sebe sa hae le hore o tlameha ho baka.—Bagalata 6:1.

Ke Hobane’ng ha Motho a Lokela ho Ipolela Libe?

Ebang sebe se tebile kapa ha sea teba, motho ea se entseng o sentse kamano ea hae le batho ba bang hammoho le Molimo. Ka lebaka leo, a ka ’na a ikutloa a tšoenyehile kapa a sa phutholoha. Letsoalo leo ’Mōpi oa rōna a re bōpelletseng le lona le etsa hore motho a ikutloe joalo. (Baroma 2:14, 15) Ho ka etsoa’ng?

Ha re khutlela bukeng ea Jakobo, re fumana mantsoe ana a khothatsang: “Na ho na le mang kapa mang ea kulang [moeeng] har’a lōna? A ke a bitsetse banna ba baholo ba phutheho ho eena, ’me ba mo rapelle, ba mo tlotse ka oli ka lebitso la Jehova. Thapelo ea tumelo e tla etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole, ’me Jehova o tla mo tsosa. Hape, haeba a entse libe, o tla tšoareloa.”—Jakobo 5:14, 15.

Le mona ho lebeletsoe hore banna ba baholo, kapa baholo, ba hlokomele se hlokoang ke mohlape. Joang? Eseng feela ka ho mamela ha ba ipolela. Ho e-na le hoo, kaha ho ameha bokuli ba moea, ho na le seo ba lokelang ho se etsa e le hore “ea sa ikutloeng hantle a fole.” Ho na le lintho tse peli tseo Jakobo a li boletseng tse ka etsoang.

Ea pele, ke ho ‘tlotsa ka oli.’ Sena se bolela matla a folisang a Lentsoe la Molimo. Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla . . . ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo,” le fihle botebong ba pelo ea motho. (Baheberu 4:12) Banna ba baholo ba ka sebelisa Bibele ka tsebo e le ho thusa motho ea kulang moeeng hore a hlokomele hore na bothata bo bakiloe ke eng le hore a nke mehato e loketseng ea hore a lokise litaba le Molimo.

Joale, ea bobeli ke “thapelo ea tumelo.” Le hoja lithapelo tsa banna ba baholo li sa fetole maikutlo a Molimo tabeng ea ho sebelisa toka, lithapelo tseo ke tsa bohlokoa haholo ho Molimo, ea labalabelang ho tšoarela batho libe motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Kreste. (1 Johanne 2:2) Molimo o ikemiselitse ho thusa moetsalibe e mong le e mong ea bakang ka pelo eohle a bile a bonahatsa “mesebetsi e tšoanelang pako.”—Liketso 26:20.

Lebaka le ka sehloohong leo motho a lokelang ho ipolela libe ka lona—ebang ke tseo a li etselitseng motho e mong kapa tseo a li etselitseng Molimo—ke hore Molimo a boele a mo amohele. Jesu Kreste o ile a bontša hore re lokela ho rarolla liqabang leha e le life le batho ba bang re be re bōpe khotso pele, e le hore re tle re rapele Molimo ka letsoalo le khutsitseng. (Matheu 5:23, 24) Liproverbia 28:13 e re: “Ea koahelang litlōlo tsa hae a ke ke a atleha, empa ea li bolelang ’me a li tlohela o tla bontšoa mohau.” Ha re ikokobelletsa Jehova Molimo ’me re kōpa hore a re tšoarele, o tla re amohela a be a re phahamise nakong e loketseng.—1 Petrose 5:6.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 16 Ba bang ba nka mantsoe a Jesu a ho Johanne 20:22, 23 a tšehetsa taba ea hore batho ba ipolele libe ho ba bang. Bala moo taba ena e tšohliloeng haholoanyane teng Molula-Qhooeng oa April 15, 1996, leqepheng la 28-29.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]

Molimo o tla hlokomoloha mefokolo ea rōna a be a re tšoarele haeba re mo kōpa hore a re tšoarele re sebelisa lebitso la Jesu

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Lebaka le ka sehloohong leo re ipolelang libe ka lona ke hore Molimo a tle a re amohele