Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

O Ile “a Tsoela Pele ho Hōlela ho Jehova”

O Ile “a Tsoela Pele ho Hōlela ho Jehova”

Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona

O Ile “a Tsoela Pele ho Hōlela ho Jehova”

SAMUELE o ile a talima lifahleho tsa sechaba sa habo. Sechaba se ne se bokane motseng oa Gilgale, pitsong e neng e epiloe ke monna enoa ea tšepahalang ea sebelelitseng e le moprofeta le moahloli ka lilemo tse mashome. E ne e ka ba ka May kapa ka June ho latela likhoeli tsa mehleng ena ’me nako ea komello e ne e se e qalile. Masimo a ne a se a le masehla kaha koro e ne e se e loketse ho kotuloa. Sechaba se ile sa khutsa. Na ebe Samuele o ne a tla khona ho se finyella lipelo?

Sechaba se ne se sa utloisise hore na boemo boo se leng ho bona bo tebile hakae. Se ne se tsitlallela hore se batla ho busoa ke morena oa motho. Se ne se sa lemohe hore se bontša hore ha se hlomphe Molimo oa sona, Jehova, le moprofeta oa hae ka ho feletseng. Ha e le hantle, se ne se sa batle hore Jehova e be Morena oa sona! Samuele o ne a ka se thusa joang hore se bake?

Samuele o ile a qalella ho bua le sechaba, a re: “Ke tsofetse ebile ke hlooho e putsoa.” Moriri oa hae o thuntseng e ne e le bopaki ba mantsoe ana a hae. Eaba o tsoela pele ka ho re: “Ke tsamaile ka pel’a lōna ho tloha bocheng ba ka ho fihlela letsatsing lena.” (1 Samuele 11:14, 15; 12:2) Le hoja Samuele a ne a se a tsofetse, o ne a sa lebala linako tsa bocha ba hae. O ne a ntse a li hopola hantle. Liqeto tseo a ileng a li etsa ha a ntse a hōla, li ne li entse hore bophelong ba hae a be le tumelo ho Molimo oa hae, Jehova, a be a itelle eena.

Nako le nako, Samuele o ne a lokela ho haha tumelo ea hae le ho e hlokomela, le hoja a ne a phela le batho ba neng ba se na tumelo ba bile ba sa tšepahale. Ka ho tšoanang, le mehleng ena ho ikaha tumelong ha ho bonolo, kaha re phela lefatšeng le se nang tumelo le le se nang boitšoaro. A re ke re bone hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa Samuele, re qale nakong ea ha e sa le moshanyana.

“A Sebeletsa ka Pel’a Jehova, e le Moshanyana”

Samuele o hōtse ka tsela e sa tloaelehang. Nakoana feela ka mor’a hore a khoesoe, mohlomong ha a le lilemo tse ka bang ’nè, o ile a qala bophelo ba ho sebeletsa tabernakeleng e halalelang ea Jehova e Shilo, e leng sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse 30 ho tloha ha habo, Rama. Batsoali ba hae, e leng Elkana le Anna, ba ile ba nehelana ka mora eo oa bona ho Jehova hore a etse tšebeletso e khethehileng, ba mo etsa Monazari bophelo ba hae kaofela. * Na see se bolela hore batsoali ba Samuele ba ne ba mo lahlile ba bile ba sa mo rate?

Che! Ba ne ba tseba hore mora oa bona o tla hlokomeloa hantle Shilo. Ha ho pelaelo hore Moprista ea Phahameng Eli e ne e le eena ea neng a laola lintho moo ’me Samuele o ne a sebetsa haufi le eena. Hape ho ne ho e-na le basali ba neng ba etsa mesebetsi e itseng moo tabernakeleng, ’me ho hlakile hore e ne e le ka tsela e hlophisehileng.—Exoda 38:8.

Ho feta moo, ha ho mohla Elkana le Anna ba ileng ba lebala mora oa bona oa letsibolo eo ba mo ratang, eo ho hlaha ha hae e neng e le karabo ea thapelo. Anna o ne a ile a kōpa Molimo hore a mo fe mora, a mo tšepisa hore o tla nehelana ka mora eo hore a etsetse Molimo tšebeletso e halalelang bophelo bohle ba hae. Selemo se seng le se seng ha Anna a etela Samuele, o ne a mo tlisetsa seaparo se se nang matsoho se secha seo a mo etselitseng sona hore a sebeletse tabernakeleng ka sona. Ha ho pelaelo hore moshanyana eo o ne a thabela linako tseo tsa ho eteloa haholo. Ha ho potang hore o ne a bile a matlafatsoa ke ho khothatsoa le ho tataisoa ka lerato ke batsoali bao ba hae ha ba ntse ba mo thusa hore a hlokomele hore ke tlotla e khōlō ho sebeletsa Jehova sebakeng seo se khethehileng.

Batsoali ba mehleng ena ba ka ithuta lintho tse ngata ho Elkana le Anna. Ke ntho e tloaelehileng hore batsoali ba amehe haholo ka lintho tsa nama ha ba hōlisa bana ba bona ho e-na le ho ameha ka lintho tseo ba li hlokang moeeng. Empa batsoali ba Samuele ba ne ba amehile haholo ka lintho tsa moea ’me seo ke sona se ileng sa etsa hore mora oa bona e qetelle e le motho oa mofuta oo ha a se a hōlile.—Liproverbia 22:6.

Re se re ka inahanela feela ha moshanyana eo a ntse a hōla ’me ka linako tse ling a ea lithabeng tsa Shilo. Ha a sheba tlaase mane ’me a bona motse hammoho le phula e sabaletseng ka tlas’a oona, e ka ’na eaba o ne a thaba haholo a bile a e-ba motlotlo haholo ha a talima tabernakele ea Jehova. Ka sebele tabernakele eo e ne e le sebaka se halalelang. * E ne e le sebaka se ka sehloohong sa borapeli ba Jehova lefatšeng ka bophara se ahiloeng lilemong tse ka bang 400 pele ho moo, tlas’a tsamaiso ea Moshe.

Moshanyana Samuele o ile a rata tabernakele haholo. Tlaleho eo a ileng a e ngola hamorao e baleha tjena: “Samuele o ne a sebeletsa ka pel’a Jehova, e le moshanyana, a itlamile ka efoda ea line.” (1 Samuele 2:18) Ha ho pelaelo hore seaparo seo se se nang matsoho e ne e le letšoao la hore Samuele o thusa baprista tabernakeleng. Le hoja Samuele e ne e se moprista, o ne a etsa mesebetsi e akarelletsang ho bula mamati a kenang lebaleng la tabernakele hoseng le ho hlokomela Eli ea neng a se a tsofetse. Le hoja a ne a thabela tlotla eo, ha nako e ntse e feta, ho na le lintho tse ileng tsa khathatsa moshanyana enoa ea se nang molato. Ho ne ho e-na le ho sa tsamaeeng hantle ntlong ea Jehova.

O Ile a Tšepahala le Har’a Bobolu

Samuele o ile a bona bokhopo ba sebele le bobolu bo boholo a sa le monyenyane haholo. Eli o ne a e-na le bara ba babeli, Hofni le Finease. Tlaleho ea Samuele e re: “Bara ba Eli e ne e le banna ba se nang molemo; ba ne ba sa ele Jehova hloko.” (1 Samuele 2:12) Lipolelo tse peli temaneng ena lia tsamaisana. Hofni le Finease e ne e le “banna ba se nang molemo”—ha e fetoleloa lentsoe ka lentsoe, ke “bara ba se nang thuso”—kaha ba ne ba sa hlomphe Jehova. Ba ne ba sa tsotelle melao ea hae e lokileng ea boitšoaro le litaelo tsa hae. Ke eona ntho e ileng ea e-ba sesosa sa libe tsohle tsa bona.

Molao oa Molimo o ne o hlakile mabapi le mosebetsi oa baprista le tsela eo ka eona ba neng ba lokela ho nyehela mahlabelo ka tabernakeleng. Ho ne ho e-na le lebaka le utloahalang la seo! Mahlabelo ao a ne a emela tokisetso ea Molimo ea ho tšoarela batho libe e le hore e ka ba ba hloekileng, bao a ka ba hlohonolofatsang le ho ba tataisa. Empa Hofni le Finease ba ile ba etsa hore baprista-’moho le bona ba tšoare mahlabelo ka tsela e sa hlompheheng. *

Nahana feela hore na Samuele e monyenyane o ile a hlolloa hakaakang ha a bona liketso tse mpe hakaalo li tsoela pele ho se ea li lokisang! E tlameha ebe ke batho ba bangata hakaakang bao a ileng a ba bona—ho akarelletsa mafutsana, batho ba boemong bo tlaase le ba hateletsoeng—ba tla sebakeng seo se halalelang ka tšepo ea hore ba tlil’o khothala moeeng ba be ba matlafale, ebe ho e-na le hoo ba khutla ba soetsehile, ba utloile bohloko ba bile ba tlotlolotsoe! Ebe o ile a ikutloa joang ha a hlokomela hore Hofni le Finease ba ne ba boetse ba sa hlomphe melao ea Jehova tabeng ea ho kopanela liphate, kaha ba ne ba kopanela liphate le basali ba bang ba neng ba sebeletsa moo tabernakeleng? (1 Samuele 2:22) Mohlomong o ne a tšepile hore Eli o tla etsa ntho e itseng ho lokisa maemo ao.

Eli e ne e le eena ea boemong bo botle ba hore a lokise bothata boo bo neng bo ntse bo eketseha. Kaha e ne e le moprista ea phahameng, ke eena ea neng a ikarabella ka sohle se etsahalang tabernakeleng. Hape, kaha e ne e le ntate, ke eena ea neng a lokela ho khalemela bara ba hae. Etsoe ba ne ba ikutloisa bohloko ba bile ba utloisa le batho ba bangata-ngata sebakeng seo bohloko. Leha ho le joalo, Eli o ile a hlōleha ho lokisa mathata ao ka bobeli, joaloka ntate le joaloka moprista ea phahameng. O ile a khalemela bara ba hae ka monyebe, a sa tiisa ka hanong. (1 Samuele 2:23-25) Empa bara bao ba hae ba ne ba hloka ho khalemeloa ka matla. Ba ne ba etsa libe tse lokeloang ke lefu!

Boemo bo ile ba e-ba bobe hoo Jehova a ileng a romela “monna oa Molimo,” eo ho sa boleloang lebitso la hae, hore a e’o fa Eli molaetsa o matla oa kahlolo. Jehova o ile a re ho Eli: ‘U ntse u hlompha bara ba hao ho mpheta.’ Kahoo, Jehova o ile a re bara ba Eli ba tla shoa ka letsatsi le le leng le hore lelapa la Eli le tla hlaheloa ke litsietsi tse ngata le be le lahleheloe ke tokelo ea ho ba boemong ba boprista. Na temoso ee e matla e ile ea etsa hore lelapa leo le fetohe? Tlaleho e bontša hore ha lea ka la fetoha.—1 Samuele 2:27–3:1.

Liketso tsee tsa bobolu li ile tsa ama Samuele e monyenyane joang? Hona tlalehong ena e mpe, nako le nako ho hlahella litaba tse monate tsa ha Samuele a ntse a hōla a bile a etsa tsoelo-pele e ntle moeeng. Hopola hore lengolo la 1 Samuele 2:18, le itse Samuele “o ne a sebeletsa ka pel’a Jehova, e le moshanyana” ka botšepehi. Leha Samuele a ne a le lilemong tseo, o ne a tsepamisitse bophelo ba hae tšebeletsong ea Molimo. Temaneng ea 21 khaolong eona eo, re bala ntho e ’ngoe e thabisang le ho feta: “Moshanyana Samuele a tsoela pele ho hōlela ho Jehova.” Ha a ntse a hōla, kamano eo a neng a e-na le eona le Ntate oa hae ea leholimong e ile ea e-ba matla le ho feta. Kamano eo e haufi-ufi le Jehova ke eona eo ka sebele e ka sireletsang motho hore a se ke a etsa liketso tsa bobolu.

Habonolo feela Samuele o ne a ka ’na a ipehela lebaka la hore ha e le mona moprista ea phahameng le bara ba hae ba etsa sebe, le eena a ka iketsetsa borata. Leha ho le joalo, liketso tse mpe tse etsoang ke batho ba bang, ho akarelletsa le ba etellang pele, hase lona lebaka la hore motho a etse sebe. Mehleng ena bacha ba bangata ba Bakreste ba latela mohlala oa Samuele ’me ba “tsoela pele ho hōlela ho Jehova”—esita le haeba ba bang bao ba phelang le bona ba sa behe mohlala o motle.

Seo se ile sa thusa Samuele joang? Tlaleho e baleha tjena: “Ka nako eo eohle moshanyana Samuele o ne a ntse a hōla ’me a rateha ka ho eketsehileng ponong ea Jehova le ea batho.” (1 Samuele 2:26) Kahoo Samuele o ne a ratoa haholo ke batho ba nang le pono e nepahetseng. Jehova ka boeena o ne a rata moshanyana enoa ka lebaka la hore o ne a tšepahala bophelong. Hape Samuele o ne a tseba hore Molimo oa hae o tla nka khato ka lintho tse mpe tse neng li etsoa Shilo, empa mohlomong o ne a ipotsa hore na ebe o tla e nka neng.

“Bua, Etsoe Mohlanka oa Hao o Mametse”

Bosiung bo bong lipotso tseo tsa hae li ile tsa arajoa. E ne e le ka malungoalungoana, lebone le leholo le paitsang ka tenteng le ne le ntse le bonesitse. Ho ntse ho khutsitse joalo, Samuele o ile a utloa lentsoe le mo bitsang. O ile a nahana hore ke Eli, eo nakong ena a neng a se a tsofetse haholo a bile a se a batla a foufala. Eaba Samuele oa tsoha ’me o “mathela” ho ntate-moholo eo. Na ka kelellong ea hao u bona ha moshanyana eo a matha a sa roala le lieta a il’o utloa hore na Eli o hloka’ng? Ke ntho e amang maikutlo ho tseba hore Samuele o ne a hlompha Eli a bile a le mosa ho eena. Ho sa tsotellehe libe tsohle tsa Eli, e ne e ntse e le moprista ea phahameng oa Jehova.—1 Samuele 3:2-5.

Samuele o ile a tsosa Eli a re: “Ke ’na enoa, kaha u mpitsitse.” Empa Eli o ile a mo bolella hore ha a e-s’o mo bitse eaba o re moshanyana eo a khutle a e’o robala. O ile a etsa joalo ka makhetlo a mang a mabeli. Qetellong Eli o ile a hlokomela hore na ho ne ho etsahala’ng. E ne e se e le seoelo Jehova a neng a tlisetsa batho ba hae lipono kapa melaetsa ea boprofeta ’me ho bonolo ho hlokomela lebaka la seo. Empa Eli o ile a hlokomela hore Jehova o ne a boetse a bua—lekhetlong lena a bua le moshanyana enoa! Eli o ile a bolella Samuele hore a khutle a e’o robala eaba oa mo bolella hore na a arabe joang ka tsela e loketseng. Samuele o ile a mamela. Ka mor’a nakoana o ile a utloa lentsoe le mo bitsa le re: “Samuele, Samuele!” Eaba moshanyana eo o araba ka ho re: “Bua, etsoe mohlanka oa hao o mametse.”—1 Samuele 3:1, 5-10.

Qetellong Jehova o ne a fumane mohlanka ea mo mamelang Shilo. Eo e ile ea e-ba tsela eo Samuele a ileng a phela ka eona. Na le uena u phela joalo? Ha re hloke ho emela lentsoe le sa tloaelehang hore le bue le rōna bosiu. Mehleng ena re ka re lentsoe la Molimo le lula le le teng hore re le mamele. Le fumaneha Lentsoeng la hae le feletseng, Bibele. Haeba re tsoela pele ho mamela Molimo ’me re etsa seo a se hlokang, tumelo ea rōna le eona e tla tsoela pele ho hōla. Le ho Samuele ho bile joalo.

Se etsahetseng bosiung boo Shilo e bile sa bohlokoa bophelong ba Samuele, kaha o ile a qala ho ba le kamano e khethehileng le Jehova, ea e-ba moprofeta oa Molimo le ’muelli oa hae. Qalong, moshanyana eo o ne a tšaba ho bolella Eli molaetsa oa Jehova, kaha e ne e le phatlalatso eo Jehova a phethileng ka eona hore boprofeta bo mabapi le lelapa leo bo tla phethahala haufinyane. Empa Samuele o ile a iteta sefuba eaba o bua le Eli ’me Eli a amohela kahlolo eo ka boikokobetso. Ho e-s’o ee kae, lintho tsohle tseo Jehova a neng a li buile li ile tsa phethahala. Baiseraele ba ile ba ea loana le Bafilista, eaba Hofni le Finease ba bolaoa ka letsatsi le le leng. Eli eena o ile a shoa ha a utloa hore Areka e halalelang ea Jehova e hapiloe.—1 Samuele 3:10-18; 4:1-18.

Leha ho le joalo, botumo ba Samuele ba ho ba moprofeta ea tšepahalang bo ile ba hōla. Tlaleho e re: “Jehova a ba le eena,” ’me e tsoela pele ho bolela hore Jehova ha aa ka a etsa hore boprofeta leha e le bofe ba Samuele bo hlōlehe.—1 Samuele 3:19.

“Samuele a Hoeletsa ho Jehova”

Leha ho le joalo, na seo se bolela hore Baiseraele ba ile ba latela boeta-pele ba Samuele ’me ea e-ba batho ba ratang lintho tsa moea le ba tšepahalang? Che. Ka mor’a nako ba ile ba etsa qeto ea hore ha ba sa batla moprofeta feela tjena hore e be eena moahloli oa bona. Ba ne ba batla hore ba tšoane le lichaba tse ling ba be le morena oa motho ea tla ba busa. Samuele o ile a latela kōpo ea bona a tataisoa ke Jehova. Empa o ne a lokela ho bontša Baiseraele hore na sebe sa bona se ne se tebile hakae. Ba ne ba sa latole motho feela tjee, empa ba ne ba hlile ba latola Jehova ka boeena! Ke kahoo a ileng a epa pitso Gilgale.

A re khutleleng motsotsong oo oa tsitsipano oa ha Samuele a buisana le Baiseraele Gilgale. Nakong eo, Samuele ea seng a tsofetse o ile a hopotsa Baiseraele ka botumo boo a neng a e-na le bona ba ho ba le botšepehi. Joale re bala ho re: “Samuele a hoeletsa ho Jehova.” O ile a kōpa Jehova hore a fane ka lialuma.—1 Samuele 12:17, 18.

Ka sebele o ne a lebeletse mohlolo o mokaakang oa hore ho be le lialuma nakong eo ea komello! Haeba ho ne ho e-na le batho ba neng ba ntse ba belaela kapa ba soma kōpo eo, ha ea ka ea e-ba ka nako e telele. Hang-hang feela maru a ile a teteana. Moea o matla o ile oa qala ho foka, oa senya koro e masimong. Lialuma li ile tsa thoathoaretsa ka lerata le thibang litsebe. Eaba pula ea tšoloha. Batho ba ile ba etsa’ng? ‘Sechaba sohle se ile sa tšaba Jehova le Samuele haholo.’ Qetellong ba ile ba lemoha hore na ba ne ba entse sebe se tebileng hakaakang!—1 Samuele 12:18, 19.

Motho ea neng a finyeletse lipelo tsa bona e ne e se Samuele, empa e ne e le Molimo oa hae, Jehova. Ho tloha ha a sa le mocha ho fihlela ha a se a tsofetse, Samuele o ile a ba le tumelo ho Molimo oa hae. Ka lebaka leo, Jehova o ile a mo putsa. Le kajeno lena Jehova ha aa fetoha. O ntse a tšehetsa ba etsisang tumelo eo Samuele a neng a e-na le eona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 Boitlamo ba Banazari bo ne bo akarelletsa ho se noe lino tse tahang le ho se kute moriri. Ba bangata ba ne ba etsa boitlamo boo ka nakoana feela, empa ba seng bakae ba kang Samsone, Samuele le Johanne Mokolobetsi, e ile ea e-ba Banazari bophelo ba bona kaofela.

^ ser. 12 Ha e le hantle sehalalelo e ne e le tente e khōlō e koahetseng foreimi ea lehong e likhutlo li ’nè. Leha ho le joalo, se ne se entsoe ka thepa ea boemo bo phahameng—matlalo a liqibi, masela a matle a khabisitsoeng le lehong le theko e boima le koahetsoeng ka silevera le khauta. Sehalalelo se ne se le ka har’a lebala le likhutlo li ’nè le neng le e-na le aletare e khōlō eo ho etsetsoang mahlabelo ho eona. Ha nako e ntse e e-ea, ho bonahala ho ile ha etsoa le liphaposi tse ling ka mahlakoreng a tabernakele tse tla sebelisoa ke baprista. Ho bonahala Samuele a ne a robala ho e ’ngoe ea liphaposi tseo.

^ ser. 16 Tlaleho ena e fana ka mehlala e ’meli e bontšang ho se hlomphe. Taba ea pele, Molao o ne o boletse hore na ke likarolo life tsa nama ea sehlabelo tse lokelang ho jeoa ke baprista. (Deuteronoma 18:3) Empa baprista bao ba khopo bona ba ne ba etsa se fapaneng tabernakeleng. Ba ne ba re bahlanka ba bona ba kenye fereko e khōlō ka har’a pitsa e phehileng nama, ba nke nama leha e le efe e ntle e tlang e e hlabile! Taba ea bobeli, ha batho ba ne ba tlisa mahlabelo hore a tl’o chesetsoa aletareng, baprista bao ba khopo ba ne etsa hore bahlanka ba bona ba khahlapetse motho ea tlisitseng nyehelo, ba nke nama e tala le pele mafura a sehlabelo a ka nyeheloa ho Jehova.—Levitike 3:3-5; 1 Samuele 2:13-17.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Samuele o ile a tšepahala ’me a bolella Eli molaetsa oa kahlolo o tsoang ho Jehova, le hoja a ne a tšaba

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ka tumelo Samuele o ile a rapela Jehova ’me eena a arabela ka lialuma