Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lula U Ananela

Lula U Ananela

Tsela ea 3

Lula U Ananela

BIBELE E RUTA ENG? “Mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe le lebohe.”—1 Bathesalonika 5:18.

KE’NG E ETSANG HORE HO BE THATA? Re phela le batho ba ikhohomosang le ba se nang teboho, e leng mekhoa e ka re tšoaetsang habonolo feela. (2 Timothea 3:1, 2) Ho feta moo, re ka ’na ra ikutloa re tlameha ho eketsa lintho tseo re li etsang bophelong ba rōna bo seng bo ntse bo le maphathaphathe. Re ka ’na ra imeloa ke mathata kapa ra tšoareha linthong tseo re hahamallang ho li finyella hoo re ka qetellang re se na nako ea ho ananela seo re nang le sona kapa ho bontša kananelo ka seo ba bang ba re etsetsang sona.

U KA ETSA’NG? Iphe nako ea ho thuisa ka lintho tse molemo tseo u nang le tsona. Ke ’nete hore u ka ’na ua ikutloa u imetsoe ke mathata. Empa hopola mohlala oa Morena Davida. Ka linako tse ling u ne a ikutloa a imetsoe habohloko, litsietsi li mo hloele setha. Leha ho le joalo, o ile a rapela Molimo, a re: “Ke thuisitse ka mosebetsi oohle oa hao; ka ho rata ke ’nile ka nahanisisa ka mosebetsi oa matsoho a hao.” (Pesaleme ea 143:3-5) Ho sa tsotellehe liteko tsa hae, Davida o ile a lula a e-na le boikutlo ba kananelo a bile a khotsofetse.

Nahana ka seo ba bang ba se entseng hore ba u thuse ’me u bontše hore u ananela boiteko ba bona. Jesu o ile a beha mohlala o ikhethang tabeng ena. Ka mohlala, ha motsoalle oa hae Maria a ne a tšela hlooho ea hae le maoto ka oli e theko e boima, ba bang ba ile ba botsa: “Ke hobane’ng ha ho bile le tšenyo ee ea oli e nkhang hamonate?” * Batho bao ba neng ba le khahlanong le seo ba ne ba nahana hore ho ka be ho bile molemo ha oli eo e ne e ka rekisoa eaba chelete ea teng e fuoa ba futsanehileng. Jesu o ile a araba: “Mo tloheleng. Ke hobane’ng ha le leka ho mo khathatsa?” Eaba o phaella ka ho re: “O entse seo a neng a ka se khona.” (Mareka 14:3-8; Johanne 12:3) Ho e-na le hore Jesu a ele hloko seo Maria a sa se etsang, o ile a bontša kananelo ka seo a se entseng.

Ba bang ba ananela litho tsa malapa a bona, metsoalle, kapa lintho tse ling tseo ba hlohonolofalitsoeng ka tsona ha ba se ba se na tsona. U ka qoba ntho eo e bohloko ka hore u nahane ka botebo ka lintho tse molemo tseo u nang le tsona hona joale! Ruri ho ka ba molemo hore u nahane ka lintho tseo u li ananelang kapa u hle u li ngole fatše.

Kaha “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo” e tsoa ho Molimo, re etsa hantle ha re mo bolella kamoo re lebohang kateng ha re rapela. (Jakobo 1:17) Ho etsa joalo kamehla ho ka re thusa hore re lule re e-na le boikutlo ba kananelo re be re hlaolele ho ba ba khotsofetseng.—Bafilipi 4:6, 7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Lekholong la pele la lilemo, ho tšela moeti ka oli hloohong e ne e le pontšo ea hore o amohetsoe ka matsoho a mabeli; athe ho mo tšela maotong hona e ne e le pontšo ea ho ikokobetsa.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Na u bontša kananelo ka seo ba bang ba u etsetsang sona?