Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ke Lokela ho ba Karolo ea Bolumeli bo Itseng?

Na ke Lokela ho ba Karolo ea Bolumeli bo Itseng?

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Na ke Lokela ho ba Karolo ea Bolumeli bo Itseng?

▪ Na u utloa u sa batle ho ba setho sa bolumeli hobane u tennoe ke boikaketsi le likhohlano tsa ba kenang kereke hammoho le baruti? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba maele ana a Sefora a hlalosa tsela eo u ikutloang ka eona, ha a re, “Ea pel’a kereke hangata o hōle le Molimo.”

Mohlomong u hlompha Bibele ebile u lumela hore mebuso le batho ka kakaretso ba lokela ho hlompha tokelo ea motho ea ho ba bolumeling bo itseng. Empa u ka ’na ua ipotsa, ‘Na ka sebele Molimo o re ba batlang ho mo rapela ka tsela eo a tla e amohela ba lokela ho ba karolo ea bolumeli bo itseng?’

Karabo e bonolo feela ke hore ho joalo. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore ho hlile ho joalo? Hona na bolumeli leha e le bofe boa amoheleha?

Hlokomela mohlala oa Jesu. Na e ne e le setho sa bolumeli bo itseng? Ha Jesu a sa le monyenyane o ile a kopanela le Bajuda ba habo le batho ba bang bolumeling boo ka tloaelo litho tsa bona li neng li e-ea tempeleng e Jerusalema ho ea rapela. (Luka 2:41-43) Ha Jesu a se a hōlile, o ile a ikopanya le Bajuda-’moho le eena ho rapela Molimo synagogeng ea moo a neng a lula teng. (Luka 4:14-16) Ha a ne a bua le mosali oa bolumeli bo fapaneng le ba hae, Jesu o ile a re: “Re rapela seo re se tsebang.” (Johanne 4:22) Mona Jesu o ile a itšenola ka ho hlaka hore ke setho sa bolumeli ba Sejuda.

Hamorao Jesu o ile a re kaha sechaba sa Bajuda ha sea mo amohela, Molimo le eena o ne a ke ke a amohela mofuta oa bona oa borapeli o sa hloekang. (Matheu 23:33–24:2) Leha ho le joalo, o ile a bontša hore ba batlang ho rapela Molimo ka tsela eo a tla e amohela e lokela ho ba litho tsa bolumeli bo itseng. O ile a re ho balateli ba hae: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Morutuoa oa Kreste o ne a lokela ho ikopanya le barutuoa-’moho le eena borapeling e le hore a bontše lerato. Ha e le hantle, Jesu o ile a bontša ka ho hlaka hore ho na le litsela tse peli feela tsa bolumeli. O ile a re tsela e ’ngoe “e pharaletse ebile e khōlō” ’me ke “e isang timetsong.” Empa a re: “Heke e isang bophelong e moqotetsane le tsela e isang teng e patisane, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.”—Matheu 7:13, 14.

Ka hona ho hlakile hore hase malumeli ’ohle a amohelehang. Bibele e re lemosa ka “ba tla bonahala eka ba na le bolumeli, athe ba lahlile matla a bolumeli.” Lentsoe la Molimo le tsoela pele ka ho re, “ba joalo u ba furalle.” (2 Timothea 3:5, Bibele—Phetolelo e Ncha) Ka lehlakoreng le leng re rua molemo o moholo ka ho khetholla ba leng tseleng e isang bophelong le ka ho ikopanya le bona. Hona joale rea khothatsoa ebile rea matlafatsoa, re bile re na le tšepo e tiileng ka bokamoso.—Baheberu 10:24, 25.

U ka hlokomela joang hore na ke sehlopha sefe sa bolumeli se tseleng eo e patisaneng? Ho ka ba molemo hore u hlahlobe likarabo tse thehiloeng Bibeleng tse khaolong ea 15 ea buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? * Likarabo tseo li tla u thusa hore u etse khetho ea hore na u ka ba setho sa bolumeli bofe u itšetlehile ka seo Bibele e se rutang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 E hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.